Afrika Borwa e ikemiseditse ho phethahatsa pono ya Molaotheo

Vukuzenzele unnamed

Dilemong tse 60 tse fetileng, ka la 31 Motsheanong 1961, Afrika Borwa e ile ya fetoha rephaboliki ya kgethollo, ya kgaola dikamano tsa yona le Mmuso wa Brithani.
Empa le ha ‘rephaboliki’ e hlaloswa e le naha eo e lao-lwang ke batho ba yona le bakgethwa ba bona, hone ho se jwalo Afrika Borwa.Molaotheo wa rephaboliki ya kgethollo o ne o ena setlamo le Modimo, “ya ileng a jara baholoholo ba bona mmoho ho tswa mafatsheng a mangatangata a ba fa lena lefatshe ho ba la bona”.E ne e le Molaotheo o ngotsweng le ho ngollwa ba morabe o monyane, mme o ne o sebedisa tumelo ho buella bohanyapetsi. O ne o totobatsa tsamaiso ya mmu-so, o dumellang batho ba basweu feela ho kgona ho kgetha le ho eba baemedi ba setjhaba.O ne o sa kenyeletsa Bili ya Ditokelo.Boholo ba batho ba naha bo ne bo wela tlasa mongolong o tlase leqepheng phele-tsong ya diphumantsho tsa ona tse 121, mokgahlelong wa sehlooho sa ‘Tsamaiso ya Ditaba tsa Batho-Batsho, jwalojwalo.’Molaetseng o neng o haswa telebesheneng, Tonakgolo HF Verwoerd o ile a re: “Re hloka ntshetsopele ya merabe ya rona ka tsela e itseng. Morerong ona ho totobetse hore re tlameha ho tswella ka ho buswa ke motho ya mosweu.”“Re thabetse haholo ho ba batho ba kopaneng,” o ile a tsebisa lefatshe.Empa nnete ke hore re ne re se batho ba kopaneng.Re ne re le baahi ba naha eo ditokelo tsa motho, katleho ya hae le bophelo ba hae bo leng matsohong a motho wa morabe o mong.Ka dilemo tse mashome a mabedi, Molao wa Molaotheo wa Rephaboliki ya  Afrika Borwa wa 1961 e ne e le tshusumetso ya semo-lao ya mola wa kgatello ya batho ba kabang 90% wa setjhaba sa Afrika Borwa.Sehopotso sena se sa tha-biseng se nkile sebaka hona kgweding eo re ketekang sehopotso sa dilemo di 25 tsa phatlalatso ya Seboka sa Molaotheo sa Molaotheo wa rona o motjha wa demokra-si, o ileng wa ba bopaki ba tswalo e ntjha ya nnete ya naha e kopaneng.Ha jwale re na le molao o le mong o laolang setjhaba se le seng.Mmoho, re ikgethetse tsa-maiso ya mmuso e fanang ka tlhaloso ya nnete ya mohopolo wa rephaboliki.Re ile ra re ka hara repha-boliki ya rona ya demokrasi, bohle ba ya lekana ka pela molao mme ba na le tokelo ya tshireletso le ho una mo-lemo molaong ka ho lekana.Kajeno Afrika Borwa ke naha eo tsamaiso ya toka e tsetetsweng makgotleng a ikemetseng le tsa toka tse ikamahantshang le Molaotheo feela. Re phela naheng eo bohle ba nang le tokelo ya ho ya makgotleng ho ya phethahatsa ditokelo tsa bona.Re phela naheng eo ditjha-ba di ka kenyang kopo ya molao ho tseka mobu oo ba ileng ba tloswa ho ona ka dikgoka, mme moo batho kapa malapa ba tshirele-ditsweng kgahlano le ho lelekwa malapeng a bona.Re phela nahaneg eo bohle ba dumeletsweng ho phethahatsa setso le meetlo ya bona ka bolokolohi. Ke naha eo mang kapa mang a ka ipiletsang ka bolokolohi ho tshehetsa matsholo a setjhaba, a dipolotiki kapa a mang kae kapa kae.Motheo wa Molaotheo wa rona o thehilwe hodima mmuso o ikarabella, moo Komiti ya Phethahatso e ikarabellang komiting ya Palamente e leng kemedi ya batho.Ke naha eo molao o aka-retsang moahi ofe kapa ofe ka ho lekana. Ha jwale re se re ena le mmuso wa batho, o busang batho, o buswang ke batho. Ha mmuso wa kgethollo o ne o bapatsa Molaotheo wa ona o nang le kgethollo ka sebete lefatsheng dilemong tse 60 tse fetileng, o ne o ena le tshepo e fosahetseng ya hore o tlo kgona ho  tshwarella.Lengolong le ileng la se arabelwe ke Verwoerd kgwedi pele rephaboliki e phatlalatswa, Nelson Mandela o ile a tiisa tatolo ya mokgatlo wa tokoloho ya rephaboliki ya ba basweu e kentsweng pusong ka qobello.O itse ha hona Molaotheo kapa karolo ya mmuso e phethahaditsweng ntle le ho nka karolo ha batho ba Maafrika o ka netefallwang ke boitshwaro ba nnete.Ka nnete, ha ho mmuso o thehilweng ka tsamaiso e iphapanyetsang ditokelo tsa batho o ka bang wa mokoka.Le ha feela ho nkile dilemo tse fetang mashome a mara-ro pele dikopo tsa mokgatlo wa tokoloho di phethahatswa, re ile ra qetella re hlotse tokoloho ya rona.Ho theoleng Molaotheo wa kgethollo ho ya moqo-mong wa nalane, re itlamme ka Molaotheo o motjha le ditekanyetso tse nang le boleng tse ntjha.Ha ke ne ke fana ka puo ya Seboka sa Molaotheo dilemong tse 25 tse fetileng, ke ile ka re Molaotheo wa rona o tlameha ho ba hofeta mantsweng a leqhepeng; o tlameha ho fetolwa nnete maphelong a batho ba rona.Ntle le ha re ka etsa jwalo, tokomane ena ya kgatelope-le le phetoho e keke ya re tswela molemo mme e tlabe e sena le moelelo.Re ile ra nka qeto ya hore re batla ho ba setjhaba se jwang kgale kwana. Re batla ho ba setjhaba se tsepameng hodima seriti sa botho, se nang le tekatekano, se nang le tokoloho le ho hloka kgethollo.Re na le kotara ya dilemo tse lekgolo re sebetsa ka tha-ta ho aha setjhaba se jwalo.Re fihleletse kgatelope-le e ngata, empa re ntse re ena le diphepetso tse mmalwa mme ho ntse ho setse mosebetsi o mongata o hlokang ho phethahatswa.Ha re tshwaya keteko ya kamohelo ya Molaotheo wa demokrasi, ha re hopoleng hore re tswa hole jwang mmusong o neng o tsamaiswa ka kgethollo, bohanya-petsi, kamoho ya mobu le kgatello tsa nako e fetileng.Ha re boeleng re hopole hore ho rona re tlameile ho phethahatsa pono e leng ka hara Molaotheo wa rona.Ke feela ka ho netefatsa hore Maafrika Borwa ohle a kgona ho phethahatsa ditokelo tsa bona tsa Mo-laotheo ka bolokolohi le ho di sebedisa ka kotloloho, ho tla etsang hore re kgone ho ba ngatana e le nngwe ka nnete.