Sireletsa bana tlhorisong ya metjheng ya kgokahano 

Kgaogelo Letsebe 

DITSEBI TSA CSIR di sebedisa thekenoloji ho leka ho lwantsha tlhoriso ya bana metjheng ya kgokahano.
Sehloho le ditlamo rao tse tshosang tsa tlhoriso ya bana metjheng ya kgokahano di bile pepeneneng dikgwedi ng tse sa tswa feta.
Tabeng ya moraorao e amanang le tlhoriso metjheng ya kgokahano , morutwana wa Kereiti ya 10 Lufuno Mavhunga, wa Sekolo sa Se kondari sa Mbilwi, Limpopo, o ipolaile kamora ho tetekwa ke morutwana e mong. Ma vhunga o ile a nwa dipidisi tse ngata ho feta tse lekanyedi tsweng kamora hore kgatiso ya vidiyo ya ho otlwa ha hae e phatlalatswe metjheng ya kgokahano.  Ditsebi tsa tshireletso tlhori song ya metjheng ya kgoka hano tsa Lekgotla la Dipatli siso tsa Mahlale le Tshibollo ya Tsebo (CSIR) di re tlhoriso ya metjheng ya kgokahano e kotsi haholo baneng mme e ka baka ho tetebela maikutlo, ho hlora, kgalefo, ho teneha, ngongereho le tshabo.
“E ka baka le ho se itshepe, diketso tsa tlolo ya molao, dikgoka sekolong, mathata lapeng le menahano ya ho ipolaya,” ho hlalosa Sipho Ngobeni eo e leng mofuputsi ya ka sehloohong CSIR.  Tlhoriso ya metjheng ya kgokahano e etsahala ha motho a sebedisa dipuisano tsa elektroniki ka sepheo sa ho hlekefetsa, ho tshosa, ho tlontlolla, ho latella le ho soma motho e mong.
Ngobeni o re dipatlisiso di bontsha hore 41% ya bana e ba le bothata ba ho phedisana le batho ba bang kamora ho hloriswa metjheng ya dikgo kahano, 37% ya bana e ba le kgatello maikutlong, 26% e ba le menahano ya ho ipolaya ha 25% e intsha dikotsi.
“Diphetho tsena di bontsha  hore tlhoriso ya bana metjheng ya kgokahano e tebile. Ho bohlokwa hore bohle ba sebetse mmoho ho e lwantsha – batjha, ba tswadi, matitjhere, ba molao le dikhampani tsa metjha ya kgokahano,” o tswela pele.  Bongata ba diketsahalo tse amanang le tlhoriso metjheng ya kgokahano, e leng 42%, di ho Instagram , 31% ho Facebook , 31% ho Snapchat , 12% ho WhatsApp , 10% ho YouTube  le 9% ho Twitter .
Setsebi sa CSIR Rofhiwa Netshiya se re setjhaba se lokela ho rutwa ka mefuta yohle ya tlhoriso ya metjheng ya kgokahano.
“Re lokela ho ruta bana hore tlhoriso ya metjheng ya kgo kahano e ka ba le diphetho tse mpe,” ho boletse yena.
Ho lwantsha bothata bona , sehlopha sa CSIR se leka ho theha mokgwa wa ho elellwa tlhoriso ya metjheng ya kgokahanodiphaposing tsa ho qoqa tse inthaneteng.
“Mokgwa ona o tla fofonela diketso tsa ho hloriswa ha ba bang dihlopheng tsa meqoqo, o thibele ba romelang me laetsa e sa lokang. Ba etsang jwalo ba tla kgalengwa ka ho hlokomediswa makgetlo a mararo ka melaetsa ya bona mme ebang ba tswela pele ba tla thibelwa ho romela mela etsa,” ho bolela Netshiya.
O eletsa batswadi ho kenya software  e behang dike tsahalo tsa inthanete leihlo diselfounung le ho tse ding tsa bana ba bona ho bona tse etsahalang.  “Ho na le disebediswa tseo e seng tsa ditjeho tse hodimo tse ka shebang tse etswang ke bana ba lona mme tsa le romella diimeili tsa sephiri ka makgetlo ao le a behang.
Sena se bohlokwa haholo ha o batla ho lekola diwe bsaete tseo ngwana a kenang ho tsona, ho bona seo ba se monyollang inthaneteng le meqoqo ya diphaposing tsa ho qoqa tsa inthanete.”CSIR e eletsa batswadi ho etsa tse latelang ebang ba belaela hore bana ba bona ke mahlatsipa a tlhoriso ya metjheng ya kgokahano:
• Etsa bonnete ba hore ngwa na o ikutlwa a bolokehile, o mo tshehetse ka dinako tsohle.
• Thusa ngwanahao le nke mohato o loketseng oo le dumellanang ka ona wa ho rarolla bothata bona.
• Bua le sekolo sa ngwana ka tlhoriso ya metjheng ya kgokahano.
• Ikopanye le batswadi ba ya hlekefetsang o batlisise taba ena mme o tlose tse phatlaladitsweng ho intha nete tse sa lokang.
• Tlaleha taba ena mapo leseng ebang e amana le ditshoso tsa ho otla kapa ho qhekella, ho latella le tlatlapo ya motabo ya bana.
• Ruta ngwanahao ka boitshwaro bo loketseng ha a sebedisa inthanete.
• Kgothaletsa boitshwaro bo ahang le makgabane.