Ho ipiletswa dinaheng tsa Iseraele le Palestina ho nka mohlala ho Afrika Borwa ka ho tsitlallela kgotso

vukuzenzele unnamed

Boiphihlelo ba rona ka ho kena mmu song wa demokra si bo re rutile ka matla a kutlwelano, ditherisano le tshebedisano.
Maemo a ntseng a tota na heng tsa Iseraele le Palestina ke bopaki ba tseo rona Ma afrika Borwa re di tsebang ha ntle, e leng hore dikgohlano tse sa feleng di ka rarollwa ka ditherisano tsa kgotso feela.
Maemo ana a boetse a bo ntsha hore ebang ho sa toba nwe le sesosa sa dikgohlano tsena e leng ho nkuwa ha naha ya Palestina ke Iseraele ka tsela e seng molaong, le ho amohuwa ha Mapalestina boikemelo ba bona, kgotso e ke ke ya ba teng.
Dintwa tsa morao tjena di bakilwe ke qeto ya lekgotla la dinyewe la Iseraele e itseng ho ntshuwe malapa moo a dulang teng motseng wa Sheikh Jarrah, Botjhabela ba Jerusalema, hothwe a suthele Maiseraele.
Ho bona banna, basadi le bana ba ntshuwa mahaeng ao meloko ya malapa a bona e phetseng ho ona ho hopotsa bongata ba Maafrika Borwa tse bohloko tsa kgale tsa ho lelekwa dibakeng tsa ona le ho nkelwa naha.
Ke bohloko le tlontlollo eo lelapa leso le ileng la tobana le tsona, le malapa a mang a mangata a Afrika Borwa.
Baheso ba ile ba qobellwa ho fallela dibakeng tse fa paneng naheng ena makgetlo a mabedi.
Ho lelekwa haeno o su pilwe ka sethunya ke ketso e bohloko e sa lebaleheng mme e dula e le menahanong ya meloko e latelang.
Re naha e ntseng e ikoka maqeba a diphetho tsa diketso tse mahlonoko tse neng di amana le ho beha baahi dibakeng tse itseng ho ya kamoo mmuso wa kge thollo o neng o batla kateng.
Jwalo ka batho ba dume lang tekanong, tokeng le ditokelong tsa botho, re a kgathatseha le ho halefa ha re bona bohloko le tlontlollo ya Mapalestina hoba ke dintho tse re hopotsang nalane ya rona.
Diketso tsa Iseraele ke tlolo ya molao wa Matjhaba. Di bontsha ho se hlomphe ka hohlehohle dipehelo tsa Lekgotla la Tshireletseho la Matjhaba a Kopaneng, tse reng Palestina e se ke ya amo huwa naha mme le baahi ba naha eo ba nkuwe e le batho ba nang le ditokelo.
Ditlhaselo di se di aparetse Motjhophoro wa Gaza, diba ka tse kgolo tsa West Bank le metse e meholo ya Iseraele esale mabotho a tshireletseho a Iseraele a hlasela badumedi sebakeng sa borapedi sa Al Aqsa,Jerusalema bekeng e fetileng. Batho ba bangata ba hlokahetse ho kenyeletsa le bana.
Ho bile bohloko ho bona masole a Iseraele a heletsa moaho wa mekato e mengata oo ho ona ho neng ho dula mekgatlo ya ditaba, mme sena se rometse molaetsa o tshosang ho ba ditaba ba tlalehang ka dikgoka tsena.
Tlhaselo e sa hlokeheng le e ntseng e tswela pele ya Ise raele baahing ba Gaza e tla ba le diphetho tse mpe bakeng sa batho ba fetang dimili yone tse pedi bao esaleng ba sotleha ka dilemo tse 14 tsa dithibelo tsa Iseraele.
Re ipiletsa ho bohle ba amehang ho itshwara, ho hlompha maphelo a ba bang, leho beha marumo fatshe.
Rona re le Afrika Borwa re ikemiseditse ho ba karolo ya maiteko ohle a dinaha tsa matjhaba ao sepheo sa ona e leng ho tsoseletsa motjha wa sepolotiki o tla lebisa ho thehweng ha Palestina e phethahetseng e ikemetseng, eo baahi ba yona ba tlang ho phela ka kgotso le naha ya Iseraele, meeding e tsejwang tlasa melao ya matjhaba.
Tharollo ya dinaha tse pedi ke yona e tla tswela baahi ba Iseraele le ba Palestina mo lemo mme e lokela ho nna e tshehetswa.
Nakong eo mabotho a Ise raele a neng a hlasela badu medi sebakeng sa borapedi sa Al Aqsa, Afrika Borwa mona re ne re itokisetsa ho hopola Polao ya batho ya Bulhoek ya dilemong tse lekgolo tse fetileng sebakeng sa borapedi sa Ntabelanga provenseng ya Kapa Botjhabela.
Ka la 24 Motsheanong 1921, masole a mmuso wa mehleng a neng a hlometse ka dithu nya a ile a hlasela badumedi a bolaya batho ba fetang 160 ka palo ha tswa dikotsi ba batlang ba ba 130.
Ketsahalo ena e sehloho e ile ya hlakisa bokgopo ba mapolesa a Union of South Africa , le kgethollo eo mmuso wa nakong eo o neng o kge thetswe ho e netefatsa.
Jwalo ka qhwebeshano ya motseng wa Sheik Jarrah, sehloho sa Bulhoek e ne e se  feela hobane batho ba motse ba ne ba hulela nxane ka me hopolo; se ne se amana le ho amohuwa naha, ho nkelwa lefatshe ka leano la bokolo neale, kgethollo ya mmala le dikgoka kgahlano le ba sa dumellaneng le mmuso.
Nakong eo re tsepamisang maikutlo bothateng ba Dinaha tsa Botjhabela bo Bohareng, haholoholo tsho tlehong ya Mapalestina, re ka ikgopotsa mantswe a Selby Msimang, e mong wa bathehi ba African National Congress.
Kamora polao e sehloho ya batho Bulhoeko ile a ngola mantswe ana: “Nalane e bontshitse horebatho ba qe tella ba lwantsha kgethollo.” Boipelaetso ba batho ba neng ba hatelletswe ba Afrika Borwa kgahlano le bokolo neale le mmuso wa kgethollo bo bontshitse matla a sena seileng sa porofetwa.
Re le baboulelli ba tokoloho le toka, re ema nokeng Ma palestina leetong la ona la ho batla boipuso, le ntweng ya bona kgahlano le ba ba amohang ditokelo tsa bona tsa botho le ho hatikellwa ha seriti sa bona.
Re le baahi ba naha ena e bileng le bokgoni ba ho furalla lehloyo la ba mmala o itseng le ho emisa tshollo ya madi, ra qetella re ahile naha ya bohle e tsepameng ditokelong tsa botho tsa bohle, re na le tshepo ya hore Maiseraele le Mapalestina a tla nka mohlala ho rona, a sebetse mmoho a phele ka kgotso.