Bokgoba ba ho tsuba: O ka ipitsetsa malwetse a mangata bophelong ba hao

Kgaogelo Letsebe 


HO KETEKELA  Letsatsi la Lefatshe la ho se Tsube mohla la 31 Motsheanong, Vuk’uzenzele  e qoqa le lekgoba la ho tsuba le hlaphohelwang malebana le ho hlola bokgoba ba lona.
Katlego Makhanda ya tswang motse ng wa Moiletswa ne provinseng ya Bokone Bophirima o tseba hantle hore na ho thata jwang ho tlohela ho tsuba.
Ho fihlela a tlohela di lemong tse nne tse fetileng, Makhanda, ya dilemo di 28, o ne a tsuba disikarete tse fetang 30 ka letsatsi.
O ne a qale ho tsuba ha a ne a ena le dilemo tse 18 ka lebaka la kgatello ya thaka tsa hae.
“Ke ne ke sa ho rate ho tsuba – ho ne ho sa nkgahle ho fihlela ke le sehlopheng sa materiki, mme sehlopha sa bashemane bao ke neng ke utlwana le bona se qalang ho nnyatsa ka ho re ha ke a hla lefa ka hobane ke sa tsube.
Sethathong, Makhanda o ne a tsuba sikarete e le nngwe kapa tse pedi ka letsatsi, empa hona ho ile ha eketseha ho tsamayeng ha nako.Ka morao ho materiki, ke ile ka ya univesithi, mme hobane ke sa dule le ba tswadi ba ka, ka nwa jwala kgafetsa ka moo ke ratang kateng. Hona ho ile ha eketsa sekgahla sa ka sa ho tsuba.
Ka selemo sa 2017, Makha nda o ile a kula, mme a amohelwa sepetlele. O ile a fumanwa a ena le lefu la tswekere, mme ka dibeke tse ngata o ne a fokola hoo a neng a sa tsohe diphateng.
“Ngaka e ile ya totobatsa hore ho hlaphohelwa ha ka lefung lena ho ne ho ke ke ha etsahala haeba ke ne ke tswela pele ho tsuba. Ke nakong ena moo ke ileng ka etsa qeto ya ho tlohella ruri.”Ngaka Midah Maluleke ya tswang Mpumalanga o re ho tsuba ho batla ho le kotsi dithong tsohle tsa mmele.
“Mafu a kang kankere, lefu la pelo, ho shwa lehlakore, mafu a matshwafo, lefu la tswekere le lefu le sa phe koleheng la kgoreletso ya matshwafo a ka bakwa ke ho tsuba.
“Diphuputso di supa hore batho ba tsubang ba na le di peresente tse 30 ho ya ho 40  tsa kgonahalo ya ho tshwa rwa ke lefu la tswekere ho feta ba sa tsubeng. Ho tsuba ho boetse ho tlisa bothata phekolong ya lefu lena.Malebela a ho tlohela ho tsubaMokgatlo wa Kankere wa Afrika Borwa (CANSA) o fana ka dikeletso tse latelang haeba o leka ho tlohela ho tsuba:  Etsa qeto malebana le letsatsi leo o tla tlohela ho tsuba ka lona, mme o etse jwalo.
  Lahlela hole ntho e nngwe le e nngwe e ka o hopotsang ho tsuba.
0Tsena di kenyeletsa dipakethe tsa disika rete, dijananyana tsa ho tlhotlhorela molora, dihotetsi.
  Enwa metsi a mangata – hona ho tla o thusa ho phallisetsa bokwadi kantle ho mmele wa hao.
  Tsebisa ba lelapa le metswalle ya hao hore o leka ho tlohela, e le hore ba tle ba o tshehetse.
  O ka ikutlwa o eba le modikwadikwane,  hlooho e bohloko kapa ho ohlola hang feela ha o se o tlohetse ho tsuba.
0Hona ho tlwaelehile, mme ho ka fokotseha ka morao ho letsatsi, kapa a mabedi, mme ho ka nyamela nakong ya matsatsi a 14.
Makhanda o re leeto la hae ha le ka la eba bobebe, empa o itlamme ho tlohela ho tsuba.
“Tliniki ya moo ke dulang teng le basebetsi ba yona ba ile ba mphumantsha tshe hetso le tlhahisoleseding malebana le bohlokwa ba ho phela bophelo ba ho se tsube.
Sethatong, monkgo wa mosi wa sikarete o ne o mphephe tsa, empa jwale ke se ke o tlwaetse,” o a eketsa. 


