Boraditaba ba hlwahlwa ba bohlokwa le ho feta pele

vukuzenzele unnamed

Re phela naheng eo  ho yona e seng ba qolotsi ba ditaba feela empa setho le ha e le sefe sa setjhaba se kgo nang hore, ka bolokolohi, se hlahise mehopolo ya sona, maikutlo a sona, ho se kgotsofale ha sona ka ntle le ho tshaba ho nkelwa bohato ba kgalemo.
Re tsamaile leeto le letelele ho tloha matsatsing ao ho ona boipelaetso ba setjhaba ba ba nono bo neng bo kgahlame tswa ke ditaelo tsa thibelo, ditlaleho tse mahlonoko tsa baqolotsi di neng di ba beha kotsing ya ho hlahlelwa te ronkong kapa ho kwalwa ha diphatlalatso/dikgatiso.
Haufinyane, mokgatlo wa Batlalehi ba hlokang Moedi o phatlaladitse Tlaleho ya Bolokolohi ba Dikgatiso Lefatsheng ya selemo sa 2021, eo e leng semethakgatello sa boemo ba bolokolohi ba mo kgwaphatlalatso lefatsheng ka bophara.
Ka kakaretso, ho ile ha fu maneha hore ho bile teng ho fokotseha ha phumantsho ya tlhahisoleseding ho setjhaba, hape le ho eketseha ha dithi bello kanetsong ya ditaba dinaheng tse ngata.
Tlaleho ena e itse boqolotsi bo “thibetswe ka botlalo kapa bo sitisitswe haholo” dinaheng tse 73, mme ba “kginwa” ho tse 59.
Ho ngongorehisang ke hore bolokolohi ba mokgwaphatla latso bo theohile tlasa maemo a sewa sa COVID-19 , moo dithibelo tse fapafapaneng tse kentsweng tshebetsong ho bonahalang e ka di ile tsa sebedisetswa ho kgina tshe betso ya mekgwaphatlalatso dibakeng tse ngata.
Tlalehong ena ya moraorao tjena Afrika Borwa e bo emong ba 30 palong ya dinaha tse 108. Tlaleho ena e hlalosa boemo ba bolokolohi ba mokgwaphatlalatso Afrika Borwa e le “bo netefaleditswe ng empa bo tetemang”.
E supa hore le ha Molao wa Motheo wa Afrika Borwa o tshireletsa bolokolohi, hape re ena le tlwaelo e tsitsitseng ya boqolotsi ba bofuputsi, ditshitiso tse ngata di sa ntse di thibela baqolotsi ho phetha mosebetsi wa bona.
Hona ho kenyeletsa ditaelo tsa makgotla tse molaong tse thibelang batho ho nka ditshwantsho tsa Dibaka tsa Tshireletso tsa Naha, kapa ho fana ka tlaleho tabeng tse amanang le polokeho ya mmuso.
Tlaleho ena e boetse e supa keketseho selemong sa 2021 ya diketsahalo tsa ditshoso tsa baqolotsi, haholoholo baqolotsi ba batshehadi mekgwaphatlalatsong ya setjhaba.
Ditshoso tsena ha di a amoheleha ho hang, empa di kotsi ka ho kgethehileng ha di lebisitswe ho baqolotsi ba ba tshehadi, hape, ka dinako tse ding di tsamaya le ditshoso tsa dikgoka tsa tsa motabo.
Taba ena e tlisa ngongoreho e kgolo, mme e ke ke ya amo heleha.
Ka nqa e nngwe, re kgotha tswa haholo ke ho tseba hore re na le mokgwaphatlalatso o lokolohileng, o hlwahlwa o kgonang ho tlaleha kantle ho leeme ka bao ba matleng a puso, ka ditaba tse hlokolosi tsa setjhaba tsa nakong ena ya rona, le ho fana ka tlhahi soleseding e nepahetseng, e hlokang leeme ho setjhaba.
Nakong ena eo re sebetsang mmoho ho aha botjha moruo, esita le setjhaba sa rona, tlasa maemo a sewa sa kokwana hloko ya khorona, mokgwa phatlalatso o hlwahlwa ke wa bohlokwa le ho feta pele.
Boraditaba ba Afrika Borwa ba bile le tema ya bohlokwa hlokwa karolong e kgolo ya seo kajeno re se tsebang ka bonnete ba ho phatlalla ha kgapo ya mmuso ke batho ba itshebeletsang bo bona, ba diketso tsa bobodu, esita le dikhamphani tseo ba di sebeletsang.
Ba tswetse pele ka botlalehi ba bona le tlasa maemo a ditshoso, ho newa kantle ho letsoho le ho hlaselwa.
Bobodu ha se yona feela phephetso eo re tobaneng le yona re le naha. Maphelo a mehla le mehla a Maafrika Borwa a mangata a ntse a angwa ke bofutsana, ho hloka tekatekano le kgaello ya ntshe tsopele, phano e hlokang boleng ya ditshebeletso le kgaello ya ho fumana me nyetla.
Haeba mokgwaphatlalatso wa rona o tla tshepahalla boikarabelo ba ho tshehetsa demokrasi, baqolotsi ba rona ba tlameha ho tswela pele ba tlaleha kantle ho leeme ditabeng tse ding hape tsa letsatsi.
Kanetso ya bona e nang le mokoka e tlameha ho kenye letsa tshebediso ya dikgoka tseo motheo wa tsona e leng bong, botlokotsebe metseng ya rona le boitshwaro bo sa lokang ba baahi bo kang tshebediso e mpe ya dithe thefatsi.Boraditaba ba rona ba tshwanela ho fana ka tlha hisoleseding e nepahetseng, hape e hlokang leeme, e thu sang setjhaba ho etsa diqeto tse nang le tsebo, molemong wa ho nanabetsa menyetla le ho ntlafatsa maphelo a bona.
Ba tshwanela ho tswela pele ho hlahisa boqolotsi bo phunyeletsang ka nqane ho dihlooho tsa ditaba le maqephe a ka pele a ditaba, hape bo nang le seabo ntla fatsong ya setjhaba.
Ba tshwanela ho tlaleha bobedi ditaba tse molemo le tse mpe, tswelopele eo re e etsang le diphephetso tseo re tadimaneng le tsona.
Ho tshepahala ke ntho ya bohlokwa ntlheng ya ho boloka ho tshepana pakeng tsa baqolotsi le setjhaba.
Ha baqolotsi ba itumella kapa ba dumella dipolate fomo tsa bona hore di sebedi setswe ho lwana dintwa tsa sepolotiki kapa di etse boi phetetso lebitsong la ba nang le kgahleho, botshepehi ba bona bo a lemala.
Ha boraditaba ba hasanya ditaba tse sa nepahalang kapa tseo ba tsebang hore ke tsa leshano, setjhaba se fellwa ke tshepo ho bona.
Ho molemong wa bohle ba ratang naha ena, hape ba lakatsa hore e atlehe, hore boraditaba ba rona ba tshehetswe, mme ba se ke ba sitiswa mosebetsing wa bona.
Re le setjhaba, ha re tswe leng pele ho sebetsa mmoho re boulele ho tshireletsa bolokolohi ba mokgwapha tlalatso naheng ya rona. Bo ile ba unwa ka boima, mme kantle ho bona, re ke ke ra tshepa hore re tla atleha.  v