Re leboha baoki ba rona

Allison Cooper

Baoki ba naha ya rona, mmoho le basebeletsi ba bang ba bophelo, ba beile bophelo ba bona tsi etsing bakeng sa ho thusa batho ba bang nakong e thata ya sewa sa Kokwanahloko ya Corona  (COVID-19) .
Letsatsi la Matjhaba la Booki, le tla ba ka la 12 Motshea nong, ke letsatsi la ho keteka baoki bakeng sa tshebeletso ya bona setjhabeng.
Mooki wa porofeshenale e leng Luyanda Ganuganu (a dilemo tse 25), a sebe tsang Sepetleleng sa Groote Schuur ho la Kapa Bophirima, o re letsatsi lena le boetse ke monyetla wa ho tswela pele ka ho ikgantsha ka mosebetsi wa bona.
O re, “Ke monyetla wa hore baoki ba ananelwe, empa re tlameha ho tswelapele ho fana ka tlhokomelo ya boleng, ha holoholo nakong ena ya sewa.
Ganuganu o ne a le mo leng o ka pele nakong ya le qhubu la pele le la bobedi la sewa sena, a sebetsa phapo sing ya tlhokomelo e hodimo ya  COVID-19  sepetlele.
“Karolo e bohlokwahadi ho nna ke boiphihlelo bo ke bo fumaneng ha ke ntse ke thusa bakudi, empa karolo e mpe ka ho fetisisa ke mafu ohle a hla hileng phaposing ena bookelo.
Ona a ne a thefula maikutlo.”Ganuganu, eo e bileng mooki wa porofeshenale bakeng sa dilemo tse pedi tse fetileng, o kgethile mosebetsi ona hobane o rata ho thusa batho.
“Ke holetse mahaeng ho la Kapa Botjhabela mme ke ne ke bona ka moo batho ba sokolang ka teng ka lebaka la tlhoke ho ya ditleliniki tse nang le  tlhokomelo ya booki. Hona ho ile ha sibolla tjantjello ya ka ya ho batla ho etsa phapang,” o rialo.
Nakona ya sewa sena Ganuga nu o ile a tlameha ho ithuta ho sebetsa ka tlasa kgatello.
“Diqeto di tlameha ho etswa kapele mme o tlameha ho na hana le ho nka diqeto hangha ng o ntse o sebetsa”. O eketsa ka hore, “ke boetse ka ithuta le ho bua le bakudi.”Ganuganu o ile a thatafallwa haholo ho ya mosebetsing na kong ya leqhubu la bobedi. Le ha a ne a ntse a batla ho thusa setjhaba, o ne a boetse a tsho hela ba lelapa la hae.
“Ke nyetse ka kgwedi ya Tshi twe 2020 mme mofumahadi wa ka o imme. Ke bone basadi ba bangata ba baimana ba hloka hala phaposing ya bookelo ya COVID-19 . Ke ile ka tlame ha ho ba hlokolosi le ho feta  hobane ke ne ke sa batle ho beha bophelo ba mofumahadi wa ka kotsing,” o rialo.
Ganuganu o ananela batsa maisi ba hae le basebetsi  mmoho le ena.
“Ke batla ho ba leboha ka tshehetso ya bona le ho mpha monyetla wa ho hola jwalo ka mooki. Ke boiphihlelo bo botle ho sebetsa le basebetsi mmoho ba tshehetsang basebetsi ba batjha mosebetsing.”Molaetsa wa hae ho setjhaba ke hore se thuse baoki ka ho ba le maikarabelo.
“Re thuse ho o thusa. Motho e mong le emong o a tseba hore ho lebelletswe eng ho ena na kong ena ya COVID-19 .
Ka kopo tswela pele ho latela tataiso le ho ikobela melawana yohle,” ho rialo Ganuganu. 
Mooki wa porofeshenale e leng Luyanda Ganuganu o bile moleng o ka pele wa twantsho ya COVID-19 Sepetleleng sa Groote Schuur.



