Boemakepe ba Durban bo thehela Aforika Borwa menyetla e thibang letsatsi

vukuzenzele unnamed

Haufinyane tjena, ke sa tswa etela Boe makepe ba Durban ho ilo bona mosebetsi o  etswang bakeng sa ho ntla fatsa tshebetso ya bona le ho bo etsa hore bo be le  tlhodisano.
Kamora ho buisana le balaodi ba phahameng ba Transnet, ke ile ka hahlaula boemakepe ka seketswana se tsamaisang ba kganni ba dikepe, se atisang ho sebediswa ho tataisa dikepe tse kgolo ho kena moo di emang teng.
Ho bona mosebetsi wa boema kepe o le ka metsing, o hopola ka moo o leng moholo le ho ra rahana ka teng.
Ebang boemakepe bo sa sebe tse ka nepo, moruo ohle o hula ka thata, ho tloha ho barekisi ba thepa e hlahang dinaheng tse ka ntle le ba rekisang thepa dina heng tse ka ntle ho ya ho bareki.
Ka lehlakoreng le leng, ha eba boemakepe bo sebetsa hantle bo ka hodisa moruo le ho etsa hore naha ya rona e be monyako wa lebatowa le kontinente ya rona.
Ha ke ne ke etetse Durban ka kgwedi ya Mphalane 2019, dikgwebo tse ngata tsa lehae le basebedisi ba boemakepe ba ile ba hlahisa dingongoreho tsa bona tse amanang le tshebetso ya boemakepe ba Durban ho nna.
Ka ho kgetheha, dikhampha ni tse tsamaisang thepa di bontshitse ho tshwenyeha ka tshubuhlellano ya diteraka le nako eo di e emang, tiehiso ya ho emiswa le ho faswa ha dikepe,  tlhokomelo e mpe ya disebe diswa le tlhahiso e tlase ka kakaretso boemakepeng.
Ketelo ya ka e sa tswa feta boe -makepeng e ne e le ho ilo lekola hore na boitlamo bo entsweng bakeng sa ho rarolla matshwe nyeho ana bo phethahaditswe.
Ka nnete ho bile le kgatelo-pele e kgolo ya ho ntlafatsa tshebetso ya boemakepe selemong se fetileng, ho sa natse karolo e bapetsweng ke COVID-19 .
Matsapa ana a se a ntse a bo ntsha sephetho sa tlhokomelo ya disebediswa, ho fokotseha ha tshubuhlellano, tshebetso e potlakileng le tshebediso e eke tsehileng ya diterene ho fapana le dipalangwang tsa mmileng.
Le ha hona e le kgatelo-pele ya bohlokwa, ho sa na le mosebetsi o moholo o tlamehang ho etswa bakeng sa ho etsa hore Durban e be boemakepe ba maemo a hodimo lefatsheng le hore e be boemakepe ba mantlha ba Karolo e ka Borwa ya Lefatshe.
Dilemong tsa morao tjena, boemakepe bona bo theohile ho tloha maemong a bona a pele ho ya ho a boraro Aforika, bo ka morao ho Tangier ya Morocco le Port Said ya Egypt.
Nako eo diteraka di e emang pele di thuswa e ntlafetse ha -holo. Ka mokgwa o tshwanang, tshepahalo ya disebediswa tsa ho tsamaisa thepa e ntlafetse ho fihla ho 80% mme e ya e lebile bonyane ho 95% hore e fihlele boemong ba matjhaba. Nako eo dikepe di e emang e fokotsehile ho fihlela maemong a kgahlang.
Dipalopalo tsena di ka nna tsa bonahala di le thata ebile di sa tsejwe, empa di na le  tshusumetso e kgolo kgolong ya moruo wa rona le ho ditheko tseo re di lefang jwalo ka bareki.
Re behile ho ntlafatsa bohlwa hlwa ba ditsha tsa rona tsa boe makepe ka hodimo ho Letsho lo la Vulindlela mme ra tsepa misa maikutlo kahong botjha ya Transnet, e leng enngwe ya dikgwebo tsa mmuso tse anane lwang haholo.
Botsamaisi bo botjha ba Tran snet le dikarolo tsa yona tsa  tshebetso di tsepamisitse mai kutlo ho fetolweng ha tshebetso ya boemakepe.
Botsamaisi bo na le tjantjello le merero e kgahlisang ya ho eketsa dibaka tsohle tse hlano tsa  boemakepe bona.
Morero ona o kenyeletsa ho tebisa lekgalo la Maydon Wharf hore e tsebe ho amohela dikepe tse kgolo tsa sejwale-jwale ho kena boemakepe, ho tshela Sekgutlo sa pele le sa bobedi sa moo dikepe di emang le ho faswa teng bakeng sa ho eketsa sebaka se behang dikhontheina le ho sibolla sebaka se setjha se behang dikhontheina ho Point Precinct.
Ka kakaretso, katoloso ya mo ralo wa motheo ya boemakepe e hloka matsete a matjha a dibili yone tse 100 tsa diranta dile mong tse leshome le ho feta tse tlang.
Hona ho tla fetola boemakepe ka botlalo, ho tla hodisa sebaka sa polokelo ya dikhontheina ho tloha ho tse dimiliyone tse 2.9 ho isa ho tse dimiliyone tse 11.
Merero ena e tla hloka matsete le tshehetso e kgolo ya makala a poraefete. Transnet, ho kenye letsa le boemakepe ba Durban, ke letlotlo la bohlokwa la naha la setjhaba sa Aforika Borwa.
Tshebetso mmoho le makala a poraefete e bohlokwa bakeng sa ho tlisa matsete a matjha, the knoloji le botsebi tshebetsong ya boemakepe le ho ntjhafatsa di sebediswa le meralo ya motheo.
Mohlala, Transnet e rera ho bapatsa leano la ho aha le ho sebedisa Kou e ntjha ha nako e ntse e tsamaya selemong sena.
Hona ho tla tlisa matsete ho tswa makaleng a poraefete le ho ntlafatsa tshebetso le polokelo ya dikhontheina.
Ka tshebetso ya rona ya ntjhafatso re ntse re ntlafatsa bohlwa hlwa ba ditsha tsa rona tsa boemakepe, diporo tsa diterene le ho bulela matsete a maholo a meralo ya motheo. Hona ho ke ke ha theola ditheko fela le ho ntlafatsa bokgoni ba tlhodisano ya diyantle tsa rona, empa ho tla theha  hape le mesebetsi e me tjha.
Ka ho ntlafatsa tshebetso le ho fetola sebopeho, boemakepe ba Durban bo tla kgutlela mae mong a bona a ho ba boemakepe bo sebetsang ka boqetseke bo fetisisang mona Aforika.
Jwalo ka karolo ya Morero wa rona wa Kaho le Tsosoloso ya Moruo, re tla tswela pele ho sebetsa re sa kgathale ho hodisa meralo ya motheo ya matsete le ho ntlafatsa diindasteri tsa rona tsa marangrang.
Ha eba ketelo ya ka ya Durban e sihile ntho e le nngwe ka kele llong ya ka, ke hore Maaforika Borwa a kgona ho atleha mere rong e meholo ya bohlokwa.
Ditabatabelo tsa rona di tla meha ho lekana le boholo ba diphephetso tsa rona.
Ka kgatelopele eo re e etsang boemakepeng ba Durban, ka boiphihlelo le tsebo e matla bo re nang le bona Transnet, re tshwere morethetho. Mme re tsamaya re tatile ho fihla moo re yang teng. 

