Badudi ba ditumelo tse fapaneng ba bohlokwa ntweng e kgahlanong le COVID-19

vukuzenzele unnamed

Moraorao tjena maAfrika Bo rwa a mangata a ipapisitse le ba bang ho phatlalla le lefatshe dike tsahalong tsa bohlokwa tsa bodumedi. Ditho tsa bodu medi ba Sejuda haufinyane tjena di sa tswa keteka Pa seka, Bakreste ba ketekile Labohlano le Halalelang ha Mamoselemo haufinyane a tla keteka kgwedi e halale lang ya Ramadan.
Jwale re se re le selemong sa bobedi bobedi, diketsahalo tsena di ketekwa  hara sewa sena se thefutseng lefatshe se qositseng maphelo a batho ba fetang dimilione tse pedi le halofo ho phatlalla le lefatshe.
Mekgatlo ya ditumelo tse fapaneng esale e le bohlokwa ho karabelo ya rona lefung lena, e ne e sa fane feela ka matshediso a semoya le ta taiso, empa e ne e boetse e hlokomela ba neng ba ame hile haholo ke ditlamorao tsa sewa, ho kenyeletswa phano ya dijo, bodulo le ditshebe letso tse ding tsa kahisano.
Bodumedi bo bapala karolo ya bohlokwa maphelong a di milione tsa maAfrika Borwa, le ho kenela tshebeletso e le phutheho ke ka karolo ya bohlokwa ya ditlwaelo tsa bona tsa bodumedi.
Ho kgona ho bokana ba keng sa ditshebeletso tsa bodumedi kamora ho tswa nakong ya mathata a maholo, e boetse e ba kgefu  bakeng sa batho ka bo mong, malapa le badudi.
Ho a utlwahala hore ka mora nako e fetang selemo ya ho sotleha tlasa dithibelo tsa dipokano tsa bodumedi, badumedi ba tjhesehela ho kgutlela maemong a setlwa eding.
Ka kananelo ya bohlokwa ba ho kena tshebeletsong e le phutheho maphelong a batho ba bo rona, mmuso esale o buisana le badumedi.
Baetapele ba badumedi ba utlwisisa le ho ananela kotsi ya sebele ya ditshwaetso tsa leqhubu le le letjha la COVID-19 . Esale sewa sena se ropoha, mekgatlo ya bo dumedi e nkile mehato ya phadimeho le e hlwahlwa ya ho fokotsa ho nama ha lefu lena hara barapedi.
Ntlha e nngwe ya bohlokwa ke hore nakong ya mehato ya tlhokomediso e fapafapa neng, mekgatlo ya bodumedi e bile le ditahlehelo tse kgolo tsa ditjhelete tse tshosetsang boemo ba yona ba ho ite kanela. Jwaloka mmuso re dula re itlamme ho sebetsa le badumedi bakeng sa ho thola ditharollo tse tla ba tswelang molemo.
Re sa le hona moo, boiteka nelo le polokeho ya setjhaba di lokela ho ba ka sehlohlo long.
Badumedi ba bontshitse ntjhafatso le boikitlaetso mabapi le ho tshwara di tshebeletso ha ho ne ho na le qeaqeo e kgolo mabapi le boemo ba sewa sena.
Ditshebeletso tsa diphu theho di ne di tshwarwa ka marangrang a inthanete mme barapedi ba ne ba kgothale tswa ho rapella malapeng ho e na le ho ya ditshebeletsong.
Sena se thusitse haholo me kutung ya naha ya ho ngotla ho nama ha lefu lena.
Baetapele ba bodumedi ba bapetse karolo ya bohlokwa mabapi le ho kgothaletsa setjhaba ho ikobela mehato ya bophelo bo botle mabapi le ditlwaelo tsa meetlo le tsa botjhaba tse akgang mapato.
Ka tsela e tshwanang, batho ba bo rona ba bontshitse boi tlamo ba ho ikobela melawa na ya boitekanelo ba setjhaba le ho sielana sebaka.
Mme ruri ba ananela hore ba lokela ho tswella ho phema dipokano tse kgolo.
Hajwale re nakong moo re hlokang ho itlhokomela.
Kokwanahloko ya sewa sa Corona  ha e so fediswe, naheng ya bo rona kapa le fatsheng ho pota. Ketsahalo ya hore re be le leqhubu la boraro e teng  mme  e tla dula e le teng.
Boiphihlelo ba matjhabeng bo re rutile hore re seke ra leka Modimo tumelo. Dinaha tse ngata di nyehlisitse dithibelo, kanthe ke feela moo ho bileng le ho ropoha botjha, ho ileng ha baka dithibelo tse matla le ho feta.
Dipokano tse nang le batho ba bangata, e ka ba e le tsa bodumedi kapa tse ding, di na le bokgoni ba ho atisa kokwanahloko ena, ho sa natswe tshebediso ya ditsela tse amanang le ho sielana se baka le ho hlapa matsoho ka sebolaya-dikokwanahloko.
Dimilione tsa maAfrika Borwa esale di kenela di ketsahalo tsa bohlokwa tsa tumelo ya bona. Naheng ena e amohelang tokelo ya bolokolohi ba bodumedi, ho lokelwa ho etswa mekutu yohle ya ho tshehetsa batho ba bo rona ha ba sebedisa to kelo ena. Mme ha re sebedisa tokelo ena, re lokela ho etsa bonnete ba hore ha re behe ditokelo le maphelo a ba bang kotsing.
Ena ke pehelo eo baetapele ba bodumedi bao ke kopa neng le bona ba e tshehetsang le ho e ananela. Ba utlwisisa boikarabelo ba batho bohle ba ditumelo – hantlentle ba maAfrika Borwa kaofela – ho ikobela ditsela tse kgonehang tse behilweng bakeng sa ho sireletsa boitekanelo ba batho le ho boloka maphelo.
Bakeng sa nako e fetang selemo, re sebeditse mmoho re le setjhaba ho ngotla sewa sena. Jwaloka ha re sebeletsa ho se hlola, re lokela ho tii setsa boikemisetso ba rona ba ho sebetsa ka boikarabelo le ka hloko.
Ka ho etsa jwalo, re tla be re fana ka kgahlamelo e  tshwarehang ho melaetsa ya lefatshe ya tshepo, topollo, tokoloho le bonngwe e tla bueha dikerekeng, masina kgokgeng, dimoskeng tsa naha ya bo rona matsatsing le dibekeng tse tlang. 

