
Thusa ho pholosa maphelo

Allison Cooper

Ba Letlole la Sunflo wer, ba etsa kgoe letso ho Maafrika Borwa ohle ho tshehetsa leano la bona la ho ne hela ka masole a madi ho ya ka merabe e le ho pholosa maphelo a bana.
Ka ho ya ka Palesa Mokome le, hlooho ya tsa dipapatso le dikgokahanyo Letloleng lena la Sunflower, ke bakudi ba balwang ka dikete ba fu manwang ba na le tshwaetso mading selemo le selemo.
Nakong e fetileng, bakudi bana ba ne ba e shwa. Kajeno seo ha se sa etsahala hobane mokudi o kenyetswa masole a phetseng bakeng sa a hae a sa sebetseng.
Se bohloko ke hore ha ho bobebe ho fumana motho ya nang le masole a tshwanang le a hao, e leng se etsang ho be boima hore bakudi ba fumane kalafo.
“Bakudi ba morabe wa ba mmala, ba kotsing ka lebaka la palo e tlase ya batho ba merabeng ya ba mmala, ba batsho le ma-India ba ingodiseditseng ho nehela ka masole a madi,” ho rialo Mokomele.
Monyetla wa bobedi bophelongBophelo ba Zyaan Makda ya dilemo di 19 bo ne bo fetohe ha a ne a fumanwa a na le heterozygote haemoglobinopathy , tshwaetso e sa alafeheng ya madi ka selemo sa 2007.
O ne a ka pholoswa feela ke ho fumana motho ya ka fanang ka masole a madi a tshwanang le a hae, empa a se fumanehe. Ka lebaka lena, jwale o ile a tlameha ho kengwa madi jwalo bekeng tse ding le tse ding tse pedi.
“Methapo ya ka ya matsoho e ne e emise ho sebetsa mme ba nkenya sesebediswa se tsamaisang madi mona sefubeng. Ke ne ke dula ke kgathetse mme ka ntshuwa le nyoko athe le ditlhala tsa kgolo tsa se sebetse hantle. Ke ne ke thisa kgafetsa sekolong ka lebaka la ho kula, ke sa nke karolo le dipapading. Ke ntho e boima haholo ho qeta nako e ngata sepetlele,” ke yena eo. Maemo a Makda a ne a etsa hore a be le bolebadi le sethwa thwa mme a qeta dilemo tse tharo a sa ye sekolong. Leha ho le jwalo, a se nyahame. Qe tellong, Makda o ne a fumane motho ya nang le masole a tshwanang le a hae, empa seo e ne e se ho fela ha mathata a hae a bophelo. O ne a tlameha ho etswa ophareishene ya ho tlosa lebadi bokong.
“Ke selemo sa boraro jwale ke kenyeditswe masole ana mme ke phela bophelo boo ke neng ke sa bo lebella, ke leboha motho enwa wa Mo jeremane ya bontshitseng botho ka ho nehela ka masole ana.” Tlisa tshepo mo thong e mongNaledi Senamela ya dilemo di 14, o ne a fumanwe a na le leukaemia (mofetshe wa madi) ka Motsheanong 2020. O ne a kene palong ya ba emetseng motho ya nang le madi a tshwanang le a hae.
“Ha e sa le ke kula, ha ke sebetse hantle sekolong. Ha ke sa nka karolo dipapading, le ho etsa dintho tseo ke di ratang,” ho rialo Senamela, ya nang le toro ya ho ba ngaka.
Mang kapa mang ya di lemo di 18 ho ya ho tse 55 a ka ingodisetsa ho fana ka ditho tsena ho websaete ya Letlole la Sunflower.
Se hlokahalang feela ke dithutswana tsa boya ba tshwele le nakonyana ya hao. Kopa feela dithutswana tsena ho ba Letlole la Su nflower ka ho kena ho  www.sunflowefund.org  kapa  o letsetse ho 0800 12 10 82. 

