Marena a bohlokwa mehatong ya tsoseletso ya moruo

Vukuzenzele Unnamed

Dikgweding tse mma lwa tse fetileng, marena a mabedi a neng a hlomphuwa haholo naheng ena a iketse badi mong.
Setjhaba sa Mazulu se sa tswa boloka morena wa sona Morena Goodwill Zwelithini ka Bhekuzulu ya busitseng dilemo tse 50 kaofela. Ka Phe rekgong, setjhaba sa Bapedi le sona se bolokile morena wa sona Kgoshikgolo Thulare Thulare wa boraro, ya ileng badimong ho so fele le selemo a kotsometse sa borena.
Re lahlehetswe haholo ke dikakapa tsena paballong ya setso le nalane ya ditjhaba tsa tsona ka ho fapana.
Marena ana a ne a boetse a bapala karolo ya bohlokwa ntshetsong pele ya dibaka tsa mahaeng mme a le ka pele mananeong a ntlafatso ya maemo a ditjhaba tsa ona.
Ha demokrasi e qala ka sele mo sa 1994, mmuso o motjha o ile wa beha pele taba ya ho kgutlisa seriti le tlhompho ya marena le ho netefatsa hore melao e laolang ditaba tsa setso le meetlo e ikamahanya le Molaotheo wa naha ena.
Marena a bapala karolo e kgolo maphelong a dimilione tsa batho naheng ena, haholo holo dibakeng tsa mahaeng.
Marena a tshehetsa le hona ho ntshetsa pele ntlafatso ditjhabeng tsa ona.
Haufinyane ke sa tswa fumana monyetla wa ho kopana le ona marena ha ho ne ho bulwa Palamente ya Marena moo ho neng ho  tshohlwa ditaba tsa bohlokwa tsa naha ena.
Se ileng sa nkgahla haholo puisanong ya rona ke ho hlokomela hore le marena a ngongorehile ka maemo a boima a moruo naheng ena mme le ona a batla ho ba ka rolo ya tharollo ya mathata le bofuma dibakeng tsa ona.
Ke dutse ke bolela hore tso seletso ya moruo ka lebaka la sewa sa khorona, e tlameha ho kenyeletsa motho ohle, ho se be le ya siuwang kantle.
Katleho ya Leano la Tsose letso le Kahobotjha ya Moruo ha e a tlameha ho ba letsema la mmuso, borakgwebo le basebetsi feela, empa marena le mekgatlo e meng ya setjha ba e tlameha ho kenyeletswa.
Maikutlo a hlahelletseng hangata a ho emisa ho llela mmusong a bontsha hore ma rena a ne a sa rate ho phutha matsoho mme a thabele taba ya ho kgaketswa ke mmuso kapa hona hore setjhaba sa ona se nne se shebe mmuso mahlong bakeng la thuso ya ditjhelete.
A batla hore a fuwe tshe hetso le thupello a e hlokang mmoho le tikoloho e tla dumella setjhaba sa ona ho ikemela.
A batla ho qeta phapang e teng pakeng tsa dibaka tsa mahaeng le tsa ditoropong ha ho tluwa tabeng ya ho fumana ditshebeletso tsa mmuso le dithuso lekaleng le ikemetseng.
A batla ho bona dibaka tsa mahaeng e ba dibaka tsa kgiro, ditsi tsa tlhahiso le ntshetso pele ya moruo. Sena se tshwantshwa hantle le Le ano la Ntlafatso ya Ditereke (DDM), le neng le thehwe ka 2019.
Marena a maemong a nepahetseng a ho netefatsa hore maano ana a ntlafatso ya ditereke a sebetsa hantle le hore a atlehisa ditlhoko tsa setjhaba sa ona dibakeng tsa mahaeng.
Jwalo ka ha leano la DDM le tshehetsa maano a ntlafatsang ditlhoko le menyetla diba keng tse itseng, marena le ona a na le tsela ya ona e pele ya ho ntlafatsa moruo dibakeng tsa ona.
A thehile leano la  Ntlafatso ya Dibaka tsa Mahaeng, le hlomamisitsweng Leboya Bophirima kgweding e feti leng. Ke ntho e kgothatsang ho bona hore marena kaofela a tshehetsa leano lena mme a batla ho sebetsa mmoho le makgotla a metsaneng ho netefatsa katleho ya lona.
Puisanong ya rona Pala menteng ya Marena, ho ile ha hlahella hore leano lena la Ntlafatso ya Dibaka tsa Mahaeng le ka atleha ha feela dikomiti tsa marena di fumana tshehetso le thupello.
Bankakaroloba mmalwa ba ile ba hlahisa maano a kgo diso ya moruo a seng a hatetse pele haholo. Hara ona re ka bala a tsa temo, tshebediso ya dimela le diphoofolo ho etsa meriana esitana le tsoseletso ya matla a motlakase.
Se ileng sa hlokomeleha ke hore marena a elellwa taba ya hore ho tle dikgwebo tsa mahaeng di atlehe mme e be karolo ya moruo wa naha ena, di tlameha ho sebetsa ka tsela ya profeshenale ho sa natsehe hore ke tse thuthuhang, tse mahareng, tse hodileng kapa tsa matsema.
Marena ohle a buileng mona, a bontshitse taba ya hore ona ha se marena a she bileng paballo ya setso feela, empa a ntshetsa pele le taba ya moruo dibakeng tseo a busang ho tsona. A hlwahile diprojeke tse ngatanyana le menyetla ya moruo e tla theha menyetla ya mesebetsi le ho ntlafatsa maphelo a batho ba mahaeng.
Marena a boetse a ikemise ditse ho nka karolo kabong botjha ya mobu. Ho tloha ka selemo sa 2018, marena a se a nehelane ka mobu o ka bang dihektara tse 1 500 000 bakeng sa ntshetsopele, mme re tshepa hore a tla fana ka o mong nakong e tlang.
Hore re tle re be le leano le tiileng ka taba ena, re du mellane ka ho ba le Pitso ya Mopresidente ya Ditaba tsa Mobu isao. Pitsong ena, ho tla tshohlwa ditaba tsa kabo ya mobu le kgahlamelo ya sena mobung wa marena o dibakeng tsa mahaeng.
Se bonahetseng haholo puisanong ya Palamente ena ya Marena, ke hore tsoseletso botjha ya moruo e ne e le yona ntlhakgolo. Ka ho le leng, sena e ne e le sesupo sa hore marena a thabela ho ba karolo ya tsoseletso ya moruo ka mahlale le maano a ona.
Sa bohlokwa haholo ke hore seo marena a se etsang hona jwale se tla tswela setjhaba sa ona molemo le melokong e tlang.
Jwalo ka ha re sebetsa mmoho jwalo ka setjhaba ho tsoseletsa moruo, re thabela tshehetso ya marena, ona ao e bileng karolo ya naha ena nakong e fetileng, hona jwale esitana le bokamosong ba yona. 

