Ho keteka Letsatsi la Naha la Lefu la Down Syndrome  

Kgaogelo Letsebe

Mokgatlo wa  Matjhaba wa  Mafu a Down Syndrome  o hlwahile 21 Tlhakubele e le Letsatsi la Lefatshe la Lefu la Down Syndrome  la ho keteka ba lwanelang kenyelletso ya baratuwa ba bona ba phe lang ka lefu lena.
Lefu la Down Syndrome  (DS) ke lefu la ho se tsepame ha khromosome le ba teng nakong ya ha motho a ba mmeleng. Ngaka Midah Maluleka, e leng ngaka e dulang Mpumalanga o re: "Ho na le dikhromosome tse 21 ( Trisomi  21) tse fetang tse bakang tiehiso kgolong ya mmele le kelello. Ha ho a hlaka hore na keng se bakang khromosome ena ya tlatsetso.
Feela ho totobetse hore ha e amane le dilemo, maemo a moruo, morabe le tumelo.
Mme le boela le sa amane le lefutso."Maluleka o boela a tlatsa letsa hore DS ke lefu la khro mosome e sa tsepamang le tlwaelehileng haholoholo ho masea a qetang ho hlaha. “Ho lesea le leng ho a 1 000 a hla hetseng dinaheng tsa lefatshe tse ka pelepele le ho le leng ho masea a 650 a hlahela dina heng tse thuthuhang tse jwalo ka ya rona, a ya ameha.
Bonyane 80% ya bana ba angwang ke DS ba tswalwa ke bomme ba dilemo tse ka tlase ho 35, le ha feela basadi ba dilemo tse ka hodimo ho 35 ba nkwa e le bona ba kotsing e kgolokgolo ya ho tswala ngwana ya hlahang ka DS." O re ka ha lefu lena le ka iponahatsa ho tloha nakong ya ho ba mmeleng, ho na le matshwaho a bona halang a itseng a ka elwang hloko."Mekgahlelong ya pe lepele ya boimana, ho kgotha letswa hore baimana ba nang le dibeke tse 12 yo ha ho tse 13 ba ye sekheneng. Sena se lekanyetsa ka ho nepahala botenya ba mokedikedi o thi shung e ka morao molaleng wa lesea o bitswang nuchal translu cency . Ha ngata mokedikedi ona o ba moholoholo ho ma sea a nang le DS.
Teko e nngwe hape ya pele ho peleho ke e bitswang amniocentesis . Sena ke haho  ntshwa ha mokedikedinyana wa senamane popelong ebe o romellwa ho ya hlahloba khromosome. Teko e batla e nepahetse ka 98% sephethong sa ditlhahlobo.”Maluleka o re bana ba nang le DS ba kgona ho phela ma phelo a felletseng, a nang le bophelo bo botle le maphelo a malele.
Le ha feela ho sena pheko, batho ba nang le DS ba una molemo ho tswa malapeng a nang le lerato, tlhokomelo ya bongaka e nepahetseng, bokenadipakeng nako esale teng, ditshebeletso tsa thuto le mosebetsi wa matsoho.
Ka lebaka la tlhokomelo ya bongaka e tswetseng pele, bo holo ba batho ba hlahang ba ena le DS matsatsing ana ba baphela nako e telele e kabang dilemo tse 55. Batho ba nang le DS ba na le maikutlo le ditlhoko tse tshwanang le tsa motho ofe kapa ofe mme ba tshwanetswe ke menyetla le tlhokomelo e tshwanang,”ho rialo Maluleka.
Titjhere ya Leboya Bophiri ma, Tshepo Kekana o re, "Ha se baithuti bohle ba nang le ditlhoko tse ikgethileng ba hlokang ho kena dikolo tsa phodiso kapa tsa ditlhoko tse ikgethileng. Ho na le ba mmalwa ba kgona ho ithutela dikolong tse tlwaelehileng.
Ka ho tswella ho ithuta, ho fumantshwa tshehetso le mamello, baithuti bana ba ka atleha.”  

