Tshebeletso ya setjhaba e profeshenale

Vukuzenzele Unnamed

Ha ke ne ke kgethwa ho ba Mopresi dente wa Afrika Borwa, ke itse ho aha naha e sebetsang hantle, e nang le bokgoni le boitshwaro, le ho hloka bobudu, ke ya tse ding tsa dintlha tsa ka tse bohlokwahlokwa tse ka sehlohlolong.
 Ke naha feela e nang le bokgoni, e sebetsang hantle, e maitshwaro a matle mme e tsepameng ntshetsopeleng e tla kgona ho phethahatsa boitlamo ba yona ba ho ntla fatsa maphelo a batho ba naha ena.
Hona ho bolela hore tshe beletso ya setjhaba e tlameha ho hirelwa banna le basadi ba profeshenale, ba nang le tsebo, ba sa inahaneleng ba le bang mme ba nang le botshepehi.
Ba tlameha ho itlama ka ho phahamisa ditekanyetso tsa Molaotheo, mme ba tlame hile, jwalo ka ha ke ile ka hla losa puong ya ka ya pele ya bopresidente, “ho sebeletsa setjhaba sa naha ena feela ka botshepehi”.
Dibekeng tse pedi tse feti leng, dipuisano le setjhaba di ile tsa nka sebaka ma bapi le tokomane ya leano le bohlokwa le tla fana ka matla boitekong ba rona ba ho nolofatsa, ho matlafatsa le ho fana ka bokgoni ho tshebeletso ya setjhaba. Moralo wa Naha wa Tshe betso wa Nakwana o Mabapi le ho Phahamisa Botsebi ba Tshebeletso ya Setjhaba o ike miseditse ho aha naha e tla fa batho ba rona ditshebeletso tse betere, tse tshireletsehi leng kgahlano le kgahlamelo ya dipolotiki mme le moo batho ba hirwang ho ya ka makgabane a bona.
Moralo ona o ananetswe ke Kabinete ka Pudungwana selomong se fetileng mme le dipuisano tse hlophisitsweng le makala a mmalwa a setjha ba, se dintse di tswelapele.
Dilemo tse 27 ho kenwe demokrasing, ho ka tjho ka tshebeletso tsa setjhaba hore le ha feela ho ena le tse mmalwa tse hlwahlwa, re na le diphepetso tse ngatangata ho a mang mafapha mabapi le botsebi, tshebetso e nang le boiphihlelo le profeshenale.
Boholo ba nako, batho ba hirwa le ho phahamisetswa maemong a hodimo ao a sa ba tshwaneleng kapa ao ba senang mangolo a ona.
Sena se hahlamela tshebetso ya mmuso hampe, empa se boela se eba le seabo ho bolesafo, boitshunyakgare ba dipolotiki mesebetsing ya mafapha, ho hloka boika rabelo, tsamaiso e bohlaswa le bobodu.
Ho boela ho ena le bothata bo amanang le boitshunya kgare ba sepolotiki le bolaodi ba phethahatso tsamaisong ya tshebeletso ya setjhaba.
Motho o hloka feela ho she ba tlhokeho ya botsitso e ba teng mafapheng a mmuso ha balaodi ba ka sehloohong ba fapantshwa kapa ho kengwa ba batjha ha ho hirwa Letona le letjha.
Balaodi ba Baholo (di-DG) le dihlooho tsa mafapha (diHoD) a diprofense ke tsona tseya amehang haholo.
Mafapheng a mang, di-DG, di-HoD le batsamaisi ba phethahatso ba bile le bo tsitso ka nako ya tshebetso e telele, sena se ile sa dumella mafapha ho sebetsa hantle ntle le tshitiso e ngata. Boho long ba mafapha ana ho ne ho ena le ketapele e tsitsitseng, diphetho tsa bohlakisi tse hlwekileng mme le matlole a setjhaba a ne a sebediswa ka maikarabelo. Moo ho nang le tahlehelo e hodimo ya dihlooho tsa mafapha, ha ngata ho ba le pherekano e ngata tsamaisong.
E nngwe ya ditshisinyo tse ka sehlohong e entsweng ho moralo ona ke hore tshebe letso ya setjhaba ha ya tla meha ho amana le dipolotiki mme mafapha a mmuso a tlameha ho ntshwa dipolo tiking.
Boprofeshenale bo bohlo kwa hore ho tle ho be le botsitso tshebeletsong ya setjhaba, haholoholo ho ba maemong a hodimo tshebetsong. Basebetsi ba setjhaba ba tlameha ho tswe lapele ho etsa mosebetsi wa bona “ho sa kgathalatsehe hore na ho na le phetholo ya Matona, Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso kapa Balekgotla mokgatlong o busang o ika rabellang tsamaisong, kapa ha mekgatlo ya dipolotiki e fetoha ka mora dikgetho”.
Re sisinya palo ya diphe toho tse tla finyellang hole, tse jwalo ka ho atolosa nako ya tshebetso ya Dihlooho tsa Lefapha ho ya ka makgabane le tshebetso ya bona, ho etsa dihlahlobo tsa bokgoni ba ho phethahatsa tshebetso le ho mema Komishini ya Tshe beletso ya Setjhaba ho ba le seabo diinthaviung tsa mese betsi ya di-DG le Batlatsi ba Balaodi ba Moholo (di-DDG).
Ho kenya tshebetsong di teko tsa seriti ho batho bohle ba hlwahilweng ho lenane la diinthaviu ho tla thusa hore re kgone ho fumana basebetsi ba mmuso ba tla sebetsa ka botshepehi. Re boela re hloka ho atolosa ditlhahlobo tsa di kamohelo tse tlamang bohle tseo re ileng ra di tsebahatsa ka Mmesa 2020 tseo ha jwale di tobaneng le bahlanka ba mmuso ba baholo hore jwale di etswe le ke basebetsi ba mmuso kaofela. Dinaha tse tswelang pele tse atlehileng di ile tsa kenya mekgwa e jwalo ho di thusa ho ntshetsa pele boprofeshenale lekaleng la ditshebeletso tsa setjhaba.
Jwalo ka ha re hlalositse ho moralo wa nakwana, “tsamaiso ya naha e tlameha ho tsamaiswa ka botshepehi le ho phethahatsa thomo ya sepolotiki ka mahlahahlaha ho ya ka taelo ya bakgethi le mokgatlo, mme ho hlokahala hore ho ikgulwe dipoloti keng ha ho tla ntlheng ya ditshebeletso.”Re sisinya mokgwa o mong o hlwahlwa wa ho hira le ho kgetha basebetsi ba setjhaba, tsamaiso ya kamohelo ya basebetsi ba batjha le tshe betso. Sena se kenyeletsa ho ithuta ho tswelapele le tsela e hlakileng ya ntshetsopele ya boprofeshenale ba mosebetsi e mong le mong wa setjhaba.
Moralo wa nakwana o ha tella tlhokeho ya ho netefatsa hore basebetsi ba mmuso ba ikarabella tshebedisong e bohlaswa ya ditjhelete tsa setjhaba, ho fedisa tlwaelo ya ho se fumantshwe kotlo tsamaisong e bohlaswa ya ditjhelete le e sa tshwanelang ya mehlodi ya mmuso.
Boprofeshenale tshebe letsong ya mmuso bo kenye etsa kwetliso ya basebetsi ba diakhaonto makaleng a mmuso ka bophara ho ya ka ditekanyetso tse ikamaha ntsha le ketsamolao.
Sekolothupello sa Naha sa Mmuso (NSG) se bapala ka rolo e bohlokwa ntlheng ena.
Boprofeshenale ha bo bolele ho ba le mangolo a tshwanetseng le botsebi ba matsoho feela, empa le ho ba le maemo a tshwane tseng a maitshwaro a nang le hlompho, boitlhompho, le seriti ha o sebetsa le ditho tsa setjhaba.
Tshebeletso ya setjhaba e fapane, e na le mekgahlelo e mengata e kenyeletsang bo tsebi, mangolo a boiphihlelo le  bokgoni. Boholo ba basebetsi ba setjhaba bona le botsebi bo ikgethileng bo hlokehang phanong ya kabelo ya ditshe beletso e tshwanetseng. Ka hoo, ha se hore re hloka tshe beletso ya setjhaba e nyenya ne: seo re feela re se hloka ke tshebeletso ya setjhaba e nang le mehlodi yohle e tshe betso e nang le boitsebi bo tshwanetseng, maitshwaro a boprofeshenale le boitlamo ba ho sebeletsa setjhaba.
Banna le basadi ba tshebe letso ya setjhaba ba hloka ho fumantshwa bokgoni hore ba kgone ho bapala dikarolo tsa bona ho kganneng ntshe tsopele le ho matlafatsa de mokrasi ya rona. Hona ke netefaletso ya rona e kgolo ya naha e nang le bokgoni e sebeletsang ditlhoko tsa baahi ba yona.
Ke ipiletsa ho lona hore le nke karolo ho tsamaiso ya dipuisano le setjhaba tse ma bapi le moralo wa nakwana, o fumanehang websaeteng ya NSG, ho etsa hore lentswe la hao le utlwahale.
Tshebeletso ya setjhaba ha se ya mokgatlo ofe kapa ofe o le mong feela, kapa ha ya tlameha ho laolwa ke mokgatlo o nang le ditabatabelo tse itseng. Ha ya tlameha ho iketsa molao ka bo yona.
Tshebeletso ya setjhaba ke ya batho bohle ba Afrika Borwa. E tlameha ho ba se beletsa mme e sebeletse bona feela. 