Ho tobana le ho lahlehelwa ke motho eo o mo ratang

Vukuzenzele unnamed

Batho ba bangata ba lahlehetswe ke batho bao ba ba ratang ka lebaka la sewa sa kokwanahloko ya khorona, mme ka nako tse ding lefu lena e ka toro.
“Ha se wena feela,” ho rialo setsebi sa saekholoji sa setjhaba Zanele Ludziya ho tswa Sepetleleng sa Stikland, Kapa Bophirima.Ho lahlehelwa ke motho eo o mo ratang ha se ntho e bobebe, hape e ka qholotsa maemo a fapafapaneng a boikutlo.“Ho na le matshwao a mangata ao o ka a shebang ha motho eo o mo ratang a le mahlomoleng, empa bosio ba matshwao ha bo bolele hore motho eo ha a mahlomoleng.“Batho ba ka bontsha mat-shwao a mosito, ho teneha, maswabi kapa monyebe. Kelello ya motho e ka ame-ha, jwalo ka ha a ka nna a ikimetsa ka menahano le mehopolo ya ya hloka-hetseng. Hape, a ka ba le bothata ba ho se tsitsise maikutlo kapa a bonahale a ferekane,” o rialo Ludziya.O eletsa batho ho hlokome-la diphetoho tsa boitshwaro, tse kang ho ba menyepetsana kapa ho eketseha ha tshebediso ya tahi kapa dithethefatsi. “Ba ka tsuba ho feta tlwaelo, ba ka ikgula setjhabeng kapa ba itshehla thajana kapa ba qobe batho le dibaka. Ba ka rata kgutso kapa lerata le leholo. Hape ba ka ba bohale kapa ba omana ha bua,” o rialo.Ha o tshehetsa motho eo o mo ratang, Ludziya o re ho a thusa ho utlwisisa tshe-betso ya mahlomola, le hore e tla ka ditsela tse fapaneng bathong. O hlalosa hore boemo ba mahlomola ha se bojwalo, empa ke leeto, mme batho ba ye ba fete methathing e itseng ya mahlomola.Methathi e tlwaele hileng ya mahlomolaMethathi e tlwaelehileng ya mahlomola ke tatolo kapa ho ikgetha ho ba bang (boitemohelo ba ditho tse shohlo kapa ho shwa bohatsu; mosito ( ho kgenela ba bang empa ba sa o fosetsa); phehisano (boitemohelo ba maikutlo a ho ipona molato male-bana le dintho tse entsweng kapa tse buuweng); kga-tello ya maikutlo (ho kwata ho tliswang ke ho elellwa hore bophelo bo tla tswela pele kantle ho motho eo ya ratwang); le kamohelo (ho fumana mokgwa wa ho phela bophelo bo atlehileng kantle ho motho eo).O mong mokgwa wa ho emelana le bothata kapa ho bontsha tshehetso ke ho utlwisisa mothathi wa mahlomola oo o leng ho wona kapa oo motho eo o mo ratang a leng ho wona. Hona ho ka boela ho nete-faletsa motho ya mahlomo-leng hore seo a se utlwang se a tshwanela. Mo tshware, kapa itshware, ka mosa, mamello le kutlwisiso, o ntse o hopola hore sena seo o se utlwang se tla qetella se fetile,” o rialo Ludziya.


