Mehato ya ho tsosolosa moruo

Vukuzenzele unnamed

E se e tla ba selemo jwale re bile le ke tsahalo ya pele ya kokwanahloko ya khorona e ileng ya tlalehwa naheng ya rona. Sewa sena se bakile ditshenyehelo tse kgolo bophelong ba setjhaba esita le maphelong a dimilione tsa batho ba habo rona.
Basebetsi ba bangata ba lahlehetswe ke karolo ya meputso ya bona ha dihora tsa bona tsa tshebetso di fo-kotswa, mme ba bangata ba fokotswa mesebetsing. Dikgwebo tse ngata di bile le tahlehelo e boima ka lebaka la ditshebetso tse fokoditsweng. Tse ding di ile tsa tlameha ho kwalwa. Batho ba se-betsang karolong ya moruo e sa hlophiswang le bona ba amehile habohloko.Ntlheng e boima ka ho fetisisa, sewa sena se nkile maphelo a bafepi malapeng a mangata, mme ba malapa ba sala ba itlhophere, hape ba tsielehille bakeng sa bo-kamoso.Ke ka lebaka lena mehato e pharaletseng ya diphallelo eo re e nkileng e neng e hlokeha e bile e le e potlakileng. Hape, jwalo ka ha ho batla ho fetile selemo, re ka re mehato ena e atlehile.Kakaretsong ya yona meha-to ena ya diphallelo tseo re di entseng mohlomong e mmedi e bileng le tshusumetso e matla haholo ke phallelo ya setjhaba e ikgethileng ya COVID-19 le ya UIF, ya Leano la Diphallelo tsa Basebetsi la Nakwana, le tsejwang feela e le COVID TERS.Re ne re ke ke ra atleha ho qala mehato ena ka nako e kgutshwane hakana haeba re ne re se na dibopeho tsa motheo tsa tshireletseho ya setjhaba tse pharaletseng tse neng di se di sebetsa.Re ile ra kgona ho arabela tlhoko ena e kgolo e bileng e le e potlakileng setjhabeng sa rona, re leboha dibopeho tsa motheo tse kgolo naheng ka bophara le ditsamaiso tsa Setsi sa Afrika Borwa sa Tshireletso ya Botjhaba (SASSA) le Letlole la Insho-rense ya Batho ba Feletsweng ke Mosebetsi (UIF).Kantle ho qeaqeo, a bile teng mathatanyana a setekgeniki le a mang boleleng ba nako, empa tsena tsohle di ile tsa rarolleha kapele. Diagente tsena tsa mmuso di entse mosebetsi o babatsehang wa ho ngodisa dimilione tsa baamohedi ba batjha le ho netefatsa ho lefuwa ha bona.Tshehetso e fanweng ke UIF e inotse dikgwebo tse theke-selang esita le basebetsi. E entse phapang pakeng tsa dikhampani tse setseng di sebetsa le tse ileng tsa tla-meha ho kwalwa, pakeng tsa mesebetsi e ileng ya bolokeha le e ileng ya lahleha.Sena se ile sa tswela mo-lemo dikgwebo tse jwalo ka Sihle’s Brew, kgwebo ya dijo Gauteng, e ileng ya kgona ho boloka basebetsi ba yona ba 18 ka lebaka la morero wa TERS. Re leboha tshehetso ya mmuso, Mamoshalagae Tra-ding and Pojects, kgwebo ya motlakase wa dipalangwang Mokopane, e ile ya kgona ho lefa basebetsi ba yona esita le ho lefella rente, le ditefiso tsa thepa nakong ya ho kginwa ha tshebetso le maeto.Basebetsi ba maqakabetsing ba ile ba kgona ho amohela karolo ya meputso ya bona.Lindiwe Ntuli, molaodi wa molao, Centurion, o boletse kamoo ho fumana ha hae meropotso ho ileng ha mo thusa hore a tsebe ho sebe-letsa hae mme a kgonane le rente ya hae.Di ngata dipale tsa dikhampani tse ileng tsa qoba ho teba nakong ya selemo sena se fetileng ka lebaka la tshehetso eo di e fumaneng ho UIF. Ho ka phetwa tse  tshwanang le dikgwebong tse nyenyane tse thusitsweng ke diphallelo tse fapafapaneng esita le dikadimo tse fanweng ke mafapha a mangata.Mehato ena e thusitse batho ba habo rona haholo nakong ya bona ya tlhoko.Jwalo ka ha re fetoha ho tloha ho diphallelo ho ya ho tsosoloso, re tlameha ho fetola mokgwa wa rona wa tshebetso.Le hoja mehato ena ya koko-betso e ne e raletswe ho ba ya nakwana, moruo o tla tswela pele ho utlwa maoma a sewa sena nako e itseng.Le ha e le mona dipehelo tsa ho kginwa ha tshebetso le maeto di nyenyisitswe, dikhampani tse ngata di fu-mana ho le thata ho emelana le ditlamorao tsa dikgwedi tse ngata tsa ditshebetso tse fokotsehileng esita le kuno e lahlehileng.Ke ka lebaka lena, kamorao ho dipuisano tse pharaletseng le balekane ba rona ba tswang setjhabeng ho Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Basebetsi (NEDLAC), meropotso ya COVID TERS e atolotswe ho ya ho  15 Tlhakubele 2021 bakeng sa dikarolo tse sa kang tsa kgona tshebetso ka botlalo.Tshehetso e ikgethileng ya COVID e atolotswe ka dikgwedi tse ding tse tharo.Ena e ntse e le mehato ya nako e kgutshwane.Re tlameha ho tsepamisa maikutlo a rona ho bopeng tikoloho e fang dikgwebo bokgoni ba tsosoloso, hape le kgolo ya moruo e tla kenya ho thewa ha mesebetsi merebele, hape e hohele matsete.Tsosoloso e tla ba boima mme e tla nka nako, hakaakang re sa ntse re le ka hara sewa.Le ha e le ya bohlokwa jwalo, mehato ena ya diphallelo, re ke ke ra kgona ho di ntshetsa pele molebe.Re tshwanela ho etsa bonnete ba hore mehato ena ya diphallelo e fana ka motheo o tiileng bakeng sa tsosoloso e batsi kantle ho ho kgannela naha tebetebeng ya dikoloto. Kantle ho ha re ka theolela mokitlane wa naha ya rona methathing e laolehang, ha ho tsoloso e bonahalang e ka kgonehang.Phadimehelo ya rona re le setjhaba e tlameha ho sutha mothathing wa diphallelo e habele ho wa tsosoloso, mme bohle re tshwanela ho ba ka-rolo ya boiteko bona.Re le mmuso, diqeto tse boima malebana le tshebe-diso ya ditjhelete tsa setjhaba di tla tshwanela ho nkuwa le ho sebediswa selemong sena.Dikhampani di tla tshwa-nela ho hlahisa dintjhafatso ho ntshetseng pele mekgwa le ditshebetso tse netefatsang mokoka le bokgoni ba ho etsa phaello, poloko ya me-sebetsi e le monahanong o ka sehloohong.Re tlameha ho busetsa tjhelete ya rona moruong wa rona ka ho reka dihlahiswa tsa ka hara naha, re tshehetse dikgwebo tsa ka hara naha le bahlahisi ba ka hara naha, re reke ho bafepi ba ka hara naha.Mokudi ya lemetseng mme a bonahala a na le menyetla e meholo ya ho kgutlela boe-mong ba hae ba pele o fu-mantshwa phekolo ya mmele e sa thiseng e le ho mo thusa ho matlafala ho fihlela a ka ikemela a sa thuswe.Ka mokgwa o jwalo mehato ena ya diphallelo ya nakwana e tlameha ho bonwa e le mokgwa wa ho etsa hore moruo wa rona o boele o ikemele ka maoto. Sepheo sa rona sa qetello ke sa hore re boele re tsamaye.Re le setjhaba, kaofela ha rona ha re thuseng. Ha re beng karolo ya ntshetsopele le tswelopele ya rona.Ha re sebedisetseng dithuso tsena tse atolotsweng ho ntshetsa pele tsosoloso e matla ho feta.  

