Se o hlokang ho se tseba ka ente ya COVID-19

Allison Cooper

Jwalo ka ha Afrika Bo rwa e tlo etsa lenane la ho enta matshwele tshwele a basebetsi ba bo phelo bakeng sa COVID-19 ka Hlakola, Vuk’uzenzele e hlalosa hore ente ya COVID-19 ke eng, mme hobaneng e le bohlokwa bakeng sa ho thibela ho nama ha kokwanahloko.
Ente e etsang?Ente e etsa hore masole a hao a mmele (a lwantshang tshwaetso) a hlahise dithi bela mahloko (diporotheine tse lwantshang mahloko) – ka tsela e tshwanang hantle le ha o na le tshwaetso ya kokwanahloko.
Hobaneng ha ente e le bohlokwa tje?Ho entela COVID-19 ke mo kgwa o motle wa ho itshire letsa kgahlano le kokwana hloko, hobane kotsi ya hore o tswaetsehe e a fokotseha. Ka hoo, ha ho bobebe hore o ka tshwaetsa batho ba bang ka kokwanahloko. Sepheo sa ho enta ke ho fihlella palo e hodimo ya setjhaba se sa tshwaetseheng – ha palo e lekaneng ya batho e tshireletsehile ho kokwanahloko, batho ba sa entang le bona ba a tshireletseha, mme ho nama ha kokwa nahloko ho a laoleha.
Na ebe ente e bohlokwa bakeng sa ho thibela ho nama ha COVID-19?Ho na le bopaki bo bongata ba saense bo pakang hore ho enta ke mokgwa o motle wa ho thibela ditshwaetso tse kotsi thata.Na ebe ente e tla ntshireletsa hore ke se fumane tshwaetso ya COVID-19?Ha ho ente e fanang ka tshire letso e 100%. Palo e hodimo ya setjhaba se entileng ha e tshireletse ba sa entang ka botlalo. Le ha ho le jwalo, ka palo e hodimo ya setjhaba se entileng, batho bana ba sa entang, bongata ba bona bo ka tshireletseha.
Na ebe ente e boloke hile?Diente tsa COVID-19 di feta mekgahlelong e thata, e me ngata ya diteko tse kgolo, tse akgang diteko tse etswang ho mashomeshome a dikete tsa batho.Ente enngwe le enngwe e tlo sebediswa ho matshweletshwele a Afrika Borwa e tlameha ho dumellwa ke Lekgotla la Afrika Borwa la Taolo ya Dihlahiswa tsa Bophelo (SAHPRA). Ente e bitswang Oxford University-AstraZeneca e se e dumelletswe ke balaodi ba fapaneng lefatshe ka bophara mme e se e sebediswa dinaheng tse ding.
Ebe Afrika Borwa e fumana ente ya yona ya pele hotswa kae?Dihlopha tse pedi tsa diente tse tlo fihla Afrika Borwa (tse miliyone ka Phere kgong le halofo ya miliyone ka Hlakola) ke tsa Oxford University-AstraZeneca e tswang setheong se bitswang Serum Institute of India.
Ebe ke mang a tla entwa pele?Basebetsi ba bophelo ba naha ba ballwang ho miliyone le kotara ba tla entwa pele. Mokgahlelong wa bobedi ho tla entwa basebetsi ba ditshebeletso tse ka sehlohlolong pele, jwalo ka baruta bana, maponesa, basebetsi ba masepala, bakganni ba ditekesi le basebetsi ba bang ba ka sehlohlolong; batho ba ditheong tse jwalo ka mahae a maqheku, dithekolohelong le ditjhankaneng; le batho ba dilemo tse ka hodimo ho 60 le batho ba baholo ba phelang le mahloko a sa phekoleheng.  Mokgahlelong wa boraro ho tlo entwa batho ba baholo ba setseng ba ka bang dimiliyone tse 22.5. Sepheo ke ho enta batho ba 67% ha selemo sa 2021 se fela. Re tshwanetse re be re se re fihlelletse palo e hodimo ya setjhaba se entuweng ka nako eo.
Ebe ke mang a rekang ente?Mmuso ke ona o le mong fela o dumelletsweng ho reka ente mme o tla e isa mmusong wa porofense le mafapheng a poraefete.Bohle ba entilweng ba tla ngodiswa lenaneng la naha la batho ba entilweng mme ba fuwe karete e bontshang hore ba entilwe.BOPHELO BO BOTLELesedi lena le tswa ho Lefapha la Bophelo.

