
Ke tlotla hore  re ile ra fuwa monyetla wa ho etella pele Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika (AU)

Vukuzenzele unnamed

Sehla sa Afrika Bo rwa sa ho ba moe tapele wa AU se fi hlile pheletsong. Ha re hetla morao moo selemo sa rona se qadileng teng re le maemong ana, ke hopola mantswe a kgale a reng ‘ka hara bobe bo bong le bo bong ho na le botle’.
Rona re bile le kolobetso ya mollo, jwalo ka ha re bile badulasetulo ka kgwedi e ho bileng le tlaleho ya pele ya motho a nang le kokwanahloko ya corona ka hara kontinente. Maano ao re neng re a beile ka pele sehleng sa rona, a a kgang ntshetsopele ya kgotso le tshireletso, matlafatso ya basadi moruong le ho tebisa ho kopana ha moruo, a ile a tlameha ho phephethwa hanghang ho sa lebellwa, hore fela ho tsebe ho mekamekanwa le sewa sena.Mosebetsi o neng o re peteditse haholo e bile wa ho tsepamisa maikutlo a AU ho phumano ya tharollo ya koduwa ena e mpehadi ka ho fetisisa lefatshe ka bophara dilemong tse fetang tse le kgolo tse fetileng. COVID-19 e amme dinaha tsohle kontinenteng. Ho fihlela hajwale, ho na le batho ba dimiliyone tse tharo le halofo ba ho tsejwang hore ba na le COVID-19 ka hara Afrika, mme ba fetang 88 000 ba hlokahetse.E bile bothata bo boholo ditheong tsa bophelo, botho, phedisano le moruo bakeng sa dinaha tsa Afrika, tseo bongata ba tsona di hae llwang ke disebediswa tsa ho laola koduwa ya bophelo e kgolo ha kana.Le ha e le mona sewa sena se bile seholo ha kana, ho bile jwalo fela le ka mokgwa oo dinaha tsa Afrika di ileng tsa ipopa ngatana nngwe twantshong ya sona ka teng.Ka ho etsa seo, haholoholo re tshepetse tsebong, bokgo ning le ditheong tsa konti nente tse jwalo ka Ditheo tsa Afrika tsa Taolo le Thibelo ya Mahloko (Africa CDC).Afrika ha e a ka ya iketla ya phutha matsoho ya shebella ha sewa sena se kotsi se ntse se nama. Ho tloha qalong ya sewa sena re ntse re etelletswe pele ke AU, re ile ra etsa leano la ho se phallela ka potlako ka thuso ya Africa CDC mmoho le dihlopha tsa tshebetso tsa mabatowa a kontinente.Re ile ra elellwa hore naha enngwe le enngwe kontinenteng e tlo angwa hampe ke sewa sena. Bongata ba tsona di ne di ke ke tsa ba le disebediswa tse hlokahalang bakeng sa ho rarolla mathata a bophelo a setjhaba kapa ho tshireletsa meruo ya tsona. Ka hoo, jwalo ka dinaha tsa Afrika re dumellane ho kgetha Maaforika a hlaheletseng ka mahetla jwalo ka baemedi ba kgethehileng, ba tla bua le batshehetsi ba tjhelete ba matjhabatjhaba le ditheo tsa dipuso tse fapaneng bakeng sa ho tshehetsa ka tjhelete le kimollo ya mekitlane ya Afrika. Ka mokgwa ona wa ho sebetsa mmoho jwalo ka kontinente, re kgonne ho fihlella kimollo ya mekitlane bakeng sa dinaha tse ngata le ho fumana thuso ya tjhelete bakeng sa ho lwantsha COVID-19 le ho thusa ho tsosa moruo.Empa le ha e le mona dinaha tsa Afrika di kopile thuso ho matjhabatjhaba, re ithusitse ka borona pele – ra aha Latlole la ho lwantsha COVID-19 a kontinente.Ka lebaka la tshebedisano mmoho enngwe le enngwe e etswang le dinaha tse nang le disebediswa tse betere mmoho le batshehetsi ba dinaha tsa matjhabatjhaba, re sibollotse Motjha wa Afrika wa Phepelo ya Disebediswa le Meriana o tswetseng pele, bakeng sa ho thusa dinaha tsohle tsa Afrika ho fumana disebediswa tsa tshireletso le phepelo ya meriana ka ho tshwana le ka ditjeho tse tlase.Mme jwalo ka ha ente e thibelang COVID-19 e se e le teng, re sebeditse mmoho ho netefatsa hore kontinente e fumana karolo ya yona e e tshwanetseng, ka tshebedisano mmoho le setheo sa COVAX le ketello pele ya Sehlopha sa Afrika sa Tshebetso ya Phumano ya Ente. Ente e se e qadile ho fihla ka hara kontinente mme re labalabela ho bona boholo ba batho ba kontinente ba entile mafelong a 2021, hore re fihlelle setjhaba se sengata se entileng se seng se sa tshwaetsehe.Re sebeditse mmoho bake ng sa ho tshireletsa bophelo, batho le tshehetso ya bophe lo kontinenteng. Ka ho etsa jwalo, re bontshitse bokgoni ba ho ikemela le ho intshetsa pele.Le ha e le mona COVID-19 e re hlwele setha, re ntse re kgonne ho ntshetsa pele maano a rona a mmalwa a ka sehlohong.Sehleng sa rona ho ile ha sibollwa Letsholo la Kgwebisano ya Dinaha tsa Konti nente ya Afrika ntle le Dite fello (AFCFTA), e bontshang nako e ntjha kgwebisanong ya dinaha tsa Afrika le kopanelong ya moruo.Le maemong a thata a tlisitsweng ke sewa sena, kontinente e ntse e kgonne ho tswela pele ka leano la ho ‘kgutsisa dithunya’ ka hara kontinente. AU e ile ya nka karolo dipuisanong tsa Grand Ethiopian Renai ssance Dam mme ya fihlella ho kgutsisa dithunya Libya le ho tlisa kgotso naheng ya South Sudan. Nqa enngwe eo re neng re tsepamisitse maikutlo ho yona sehleng sa rona ke ho matlafatso ya basadi moruong, eo re tla tswela pele ho e kenya tshebetsong le ka mora sehla sa rona le nakong ya Dilemo tse Leshome tsa Kenyeletso ya Basadi ba  Afrika Ditjheleteng le Moruong ho leba ho 2030.Jwalo ka ha re fetisetsa boetapele ho naha ya Democratic Republic of Congo (DRC), re tlohela ketapele ena e kgabane ya kontinente e le maemong a matle ho feta pele.Afrika Borwa e tla tswela pele ho nka karolo ho tlisa kopano ka hara kontinente, le ho tshehetsa ketapele e ntjha le matsapa a AU a ho phethahatsa ditabatabelo tsa ona tsa Agenda 2063.Ha Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika o ne o thewa ka 1963, Dinaha tseo e leng Ditho mokgatlong ona di ile tsa jala peo ya tshebedisano mmoho le bonngwe ntshetsopeleng ya bophelo bo botle bakeng sa batho bohle ba Afrika.Di ile tsa bolela hore kopano ya Afrika e bohlokwa haholo bakeng sa ho netefatsa the kolohelo le bophelo bo botle ba Maafrika.Nalane e paka hore ha se ka mehla moo peo ena e ileng ya wela mobung o nonneng, mme dilemong tse ngata tse fetileng, porojeke ya kopano ya kontinente e bone ditshita tse ngata le qalo tse fosahe tseng.Empa kotsi e tlisitsweng ke sewa sena e qobelletse dinaha tsa Afrika ho sebetsa mmoho.Thuto eo re ithutileng yona bothateng ba COVID-19 e entse hore peo ya kopano le ya tshebedisano mmoho tse jetsweng ke baholoholo ba rona e mele mme e behe tholwana tse molemo.Nako ena ya teko ya tonanahadi le mathata e bile enngwe ya dinako tse babatsehang tsa AU. Ke tlotla hore re ile ra fuwa monyetla wa ho etella mokgatlo pele ka nako ena e bontshitseng hantle hore lentswe ‘Kopano ya Afrika’ le bolelang.Ena ke phihlello eo baahi bohle ba kontinente ya rona ya Afrika ba tlamehang ho ikotla sefuba ka yona ebile e tlamehang le ho ba kgotha tsa.