Ho hodisa ngwana ya nang le bohloko ba sethwathwa

Allison Cooper

Leha ba lelapa ba ka tshoswa ke taba ya hore ho na le ngwa-na ya nang le bohloko ba sethwathwa ka lapeng, o le motswadi o ka etsa hore ngwana wa hao a holele lapeng le ikamohetseng, le nang le lerato e bile le na le kutlwisiso ho etsa hore  ngwana hao a hole a du-mela hore o na le bokgo-ning ba ho atleha.
Ho ya ka ba Epilepsy South Africa, batswadi ba ka iphumana ba ngongoreha ka bokamoso ba ngwana mme ba fumana ho le boima ho amohela kapa hona ho bua ka sethwathwa. O ka ikgale-fela, wa tetebela maikutlo, wa ikgalala mme wa ba wa ipona molato, leha ho le jwalo, o ka kgona ho hlola maikutlo ana kaofela esitana le lona  letswalo ka ho ithuta ka maemo ana.Sethwathwa ke ho akgeha, e leng ntho e etsahalang ha ho ba le maemo a sa tlwaelehang a hlabang jwalo ka mahlasedi a motlakase bokong.Hobaneng ngwana ka?Ho utlwisisa sethwathwa, le hore hobaneng se etsahala, ho ke ke ha hlalosa hobaneng sena se etsahala ngwaneng wa haoDiketsahalong tse ka bang tse 66 ho tse lekgolo, sesosa sa sethwathwa ha se tsejwe. Sena he se bitswa idiopathic epilepsy. Diketsahalong tsena tse 34 tse setseng ho tse lekgolo, sesosa se ka tsebisahala mme sena he sona se bitswa symptomatic epilepsy.Ho na le disosa tse fapa-fapaneng tse kang ho lemala hloohong tse ka etsahalang dilemong leha e le dife tsa bophelo ba motho, ho lemala ha o belehwa, jwalo ka ho haellwa ke ho hema ha o be-lehwa; ho hatellwa ke feberu, ho ruruha bokong, ho ruruha ha lera le kwahetseng boko, mmokonyane esitana le ho phatsamiseha ha ho sebetsa ka nepo ha masole a mmele.Ngaka e tla o ngolla me-riana o ka e sebedisang ho latela dilemo tsa ngwana hao, maemo a hae a mmele le mofuta wa sethwathwa se mo tshwereng. Hopola, meriana ena e kokobetsang ha e alafe sethwathwa, empa hangata, e fokotsa sekgahla le makgetlo ao sethwathwa se hlaselang ka ona.Dikeletso mabapi le ho hodisa ngwana ya nang le bohloko ba sethwathwa:
• Elellwisa ngwana hao ka maemo a hae. Ho tloha ba le dilemo di tharo feela, bana ba ka utlwisisa hore boko bo laola mmele. Ba seng ba holahodile bona ba ka fumantshwa tlhalosetso e phethahetseng.• Tsebisa ba leloko le metswalle ya ngwana, ma-titjhere le ba ikarabellang ka yena sekolong ka mae-mo a hae.• Netefatsa hore ngwana hao o fumana tlhahlobo e phethahetseng ya bongaka ho tswa mothong ya rupelletsweng, ho ka ba mo-lemo ha e ka ba ngaka ya boko le methapokutlo.• Kgothaletsa taba ya hore ngwana hao o sebedisa bokgoni ba hae le ho etsa dintho tse tla ntlafatsa boitshepo ba hae, ho ika-mohela le hona ho amo-hela maemo a hae.• Netefatsa hore ho ba le motho e moholo ya mo le-beletseng ha a etsa dintho tse kang ho sesa.• Netefatsa hore o nwa meri-ana ya hae ho latela ditaelo tsa ngaka.• Mo ralle lenaneo-tshebetso le kenyeletsang, ho robala ka ho lekaneng, ho ja ka nepo hararo ka letsatsi esitana le ho ikwetlisa kga-fetsa.• Ha o hlalosetsa ngwana hao ka sethwathwa, sebe-disa mantswe a tla a utlwi-sisa.• O se dumelle ngwana hao ho etsa sethwathwa thebe ya ho qoba ho etsa mese-betsi ya ka lapeng le ho nka boikarabelo.
