2021 e betere ho Maafrika Borwa ohleDibeke tsa pele tsa selemo e bile tse boima ho Maafri-ka Borwa ohle.

Vukuzenzele Unnamed

 Koduwa ya kokwanahloko ya co-rona e ile ya mpefala ha-holo, mme le tshwaetso tse ntjha tsa eketseha ka sekgahla se seholo se fe-tang sa pele. Dipetlele di ile tsa ba tlasa kga-tello e kgolo jwalo ka ha bongata ba batho bo ile ba hloka tlhokomelo ya bongaka.
 Leha dikarolo tse ngata tsa moruo di kgonne ho sebetsa hape dikgwedi tse mmalwa, ho sa tla nka nako hore moruo o boele o setlele esitana le yona mesebetsi e lahlehileng hore e boele e fumanehe. Jwalo ka ha selemo se setjha se qala, malapa a mangata a ntse a utlwela ditlamorao tsa koduwa ena maphelong a ona le moo a phelang teng. Lefatshe ka bophara jwale le kena selemong sa bobedi sa koduwa ena ya kokwa-nahloko ya corona. Afrika Borwa jwalo ka dinaha tse ding tse ngata tsa lefatshe, selemo sa 2021 e tla ba se nang le phephetso e kgolo haholo. Leqhubu la bobedi la tshwaetso ya COVID-19 le ka latelwa ke a mang a ka kgahlapetsang maphelo a ba-tho ba rona le yona tsoseletso ya moruo wa rona. Selemo sena se le boima se le jwalo, empa ke na le tshepo ya hore re tla e hlola koduwa ena mme re thehe tsela e yang tsoseletsong. Tshepo ya ka e tswa ho Maafrika Borwa. Ha ke sheba tsela eo Maafrika Borwa a ileng a arabela ka yona bothateng bona ho tloha ha kokwanahloko ena e ne e fihla naheng ya habo rona, ha ke qeaqee hore re na le mamello, tiisetso esitana le bona bokgoni ba ho hlola bohloko bona. Teng  ho bile le phapang moo le moo, empa bongata ba Maafrika Borwa bo utlwi-sisitse tlhokeho ya ho kginwa ha metsamao le mesebetsi ya ona, mme a ikobela le me-lao e behilweng. Se bileng bohlokwa haholo le ho feta ho ikobela melao, ke hore Maafrika Borwa a mangata a ile a nka boikarabelo bakeng sa ona le ba bang, a latela dikeletso mabapi le dintlha tse kang ho se atamellane le batho ba bang, ho apara sefonyo esitana le ho hlapa matsoho. Moo re ileng ra haellwa teng, ka bomadimabe, re bone ditlamorao tse bosula. Re a tseba jwale kotsi ya tshubuhlellano le ho ba mokguping, ho se apare sefonyo le ho se ipehe thoko le ba bang. Sena ke tlhokomediso ba-keng sa selemo sena seo re leng ho sona. Jwale se re tseba haholwanyane ka bohloko bona le hore re ka thibela ho ata ha bona jwang. Le ho siya taba ya hore re se re 'kgathetse ke koduwa' ena, jwalo ka Maafrika Borwa, re na le tshepo ya ho etsa se tlamehang ho etswa. Jwalo ka ha re ntse re iko-bela ka thata dipehelo tsa ho thibela bohloko bona, re boetse hape re kena letsholong le leholo la ho hlaba setjhaba ka ente e thibelang bohloko bona. Ho entwa ha batho ka bongata, ho tla pho-losa maphelo a mangata, ho boele hape ho theole kotsi ya tshwaetso setjhabeng. Ho fumana ente e lekaneng ka potlako – le ho netefatsa hore e finyella bathong ba e hlokang – e tla ba o mong wa mesebetsi e meholo selemong sena. Sena e tla ba bothatanyana jwalo ka ha dinaha tsohle tsa lefatshe di leka ho fumana ente ena e so kang e fumaneha ka bongata. Leha ho le jwalo, re sebetsa mmoho le mahla-hana a rona ho tsa kgwebo, mekgatlo ya basebetsi le ya setjhaba ho fihlela sena. Re leka ho fumana ente ena di-bakeng tse fapafapaneng tse kenyeletsang mokgatlo wa matjhaba wa COVAX, Mokgatlong wa Dinaha tsa Afrika re boetse hape re buisana ka kotloloho le bahlahisi ba diente tsena. Jwalo ka ha re sebetsa mmoho ho lwantsha koduwa ena, re tlameha ho boela re sebetsa mmoho ho tsoseletsa le ho fetola moruo wa rona. Re na le bokgoni le taba-tabelo tsa ho tsosolosa le ho nyolla moruo esitana le hona ho theha mesebetsi. Re tlameha ho etsa sena re ntse re tjamelane le koduwa ena. Ditjhelete tsa setjhaba di tlasa kgatello e kgolo, haho-loholo ka lebaka la ditjeho tsa bophelo bo botle twantshanong le COVID-19 esitana le tshehetso eo re fanang ka yona dikgwebong le mala-peng a futsanehileng. Ho putlama hona ha moruo ho boetse ho bolela le ho theoha haholo ha lekgetho le kenang. Ho na le dikarolo tse ding tsa moruo tse tla nka nako ho tsoseletseha ka lebaka la sekgahla se tlase sa tlhokeho ya ditshebeletso tsa tsona lefatsheng ka bophara, le ka lebaka la ho kginwa ha maeto a matjhaba. Ke ka hona re tlamehang ho shebana le ntjhafatso esitana le ona maano a rona a ho aha moruo botjha. Hantlentle, Leano la Tsoseletso ya Moruo leo re le phatlaladitseng ka Mphalane ngwahola, le thehilwe tumellanong le mahlahana a rona ka me-hato e hlokahalang kahong botjha ya moruo. Sena ke motheo o matla wa tshebe-disano mmoho e radilweng ka disebediswa, bokgoni le matla dikarolong tsohle tsa setjhaba. Re bona sena se etsahala ka ditsela tse fapafapaneng. Mohlala, haesale re sebedi-sana mmoho le batshehetsi ba ikemetseng ba ditjhelete le mekgatlo e fapafapaneng ya ntshetsopele ho rala di-projeke tsa dibopeho tsa mo-theo dikarolong tse kang tsa dipalangwang, ho dudiswa ha batho, metsi le tsa kgoka-hano. Ka ho sebedisa Letlole la Dibopeho tsa Motheo jwalo ka o mong wa mekgwa ya tshebetso, re theha mekga ya diprojeke mehloding e fapa-fapaneng ho tswa ka bobedi, mmusong le makaleng a ike-metseng. Sena se bohlokwa haholo nakong eo ditjhelete tsa setjhaba di fokolang. O mong wa mehlala ya tshebedisano mmoho ena ke Leano la Kgiro la Mopresi-dente. Jwalo ka ha re utlwi-sisa hore ho tla nka nako e telele hore kgolo ya moruo e thehe menyetla ya mesebetsi lekaleng le ikemetseng, re thehile leano la kgiro ho qala ho theha menyetla ya mese-betsi hona jwale. Leano lena le laolwa ke kantoro ya Mo-presidente, empa le kengwa tshebetsong ke mafapha a fapafapaneng maemong a fapafapaneng a mmuso. Ka lona leano lena, dikete tse balwang ka mashome tsa batho ba sa sebetseng di kgona ho fumana manyane le hona ho ithuta jwalo ka ha ba fana ka ditshebeletso tsa bohlokwa setjhabeng. Ha nako e ntse e tsamaya, leano lena le tla kenyeletsa karolo ya 'kgiro ya setjhaba' moo re tlang ho sebedisana mmoho le basebeletsi setjhabeng ho hira batho ho etsa mesebetsi e fapafapa-neng – ho tloha ntlafatsong ya pokeletso ya dijo ho ya twantshong ya tlhekefetso ya bonng ho isa ntlafatsong ya bodulo dibakeng tsa baipehi – tseo kaofela e leng ketso tse molemo haholo. Mosebetsi ona kaofela o matlafaditswe ke ho she-bana ka matla le dintlafatso tsa moruo tse tla shebana le kgolo ya ona. Tsona di kenyeletsa kgudiso ya ho fehlwa ha motlakase, ho etsa boe-makepe bo sebetsang ka nepo le bo maemong, ho ntlafatsa kgokahano e ditjeho di fihlellehang ya inthanethe, mmo-ho le kgutsufatso ya nako ya ho fumana dilayesense tsa phepelo ya metsi, merafo le tse ding. Maano ana a laolwa le hona ho behwa leihlo ka kopanelo ke kantoro ya ka esitana le kantoro ya Naha ya Matlotlo. Mosebetsi o tlamehang ho etswa o sa le moholo ha se-lemo se ntse se tsamaya. Ka hodimo ho moo, re tlameha ho tseba hore ha ho qeaqeo, re tla teana le diphephetso tse ngata. Leha ho le jwalo, jwalo ka setjhaba re a kgona ho fihlela maikemisetso a rona ha feela re sebedisana mmoho. Ha re ka hopola seo, mme ra sebedisana mmoho, re ka netefatsa hore 2021 e tlisetsa batho bohle maemo a betere a tsa bophelo bo botle esitana le a moo ba phelang teng. Ke le lakaletsa tsohle tse mo-lemo selemong se setjha.
