

Monyetla o mong hape wa ho phethela materiki wa hao  

Cathy Grosvenor

Nako ya hore o ka phethela materiki wa hao kapa wa fumana sephetho seo o se labalabelang e ntse e le teng, ke molaetsa o tswang ho Lenaneo la Tshehetso la Monyetla wa Bobedi wa Materiki wa Lefapha la Thuto ya Motheo (DBE).
  Molaodi wa lenaneo, Ngaka Sandy Malapile, o re lengolo la materiki le bohlokwa-hlokwa hobane ntle le lona, boholo ba menyetla e tla dula a kwetswe. “Bolaodi ba Lekala la Thupello le Thuto (SETA), bo rongweng ka ho ntlafatsa setjhaba ka mananeo a bo-tsebi le borupelli, bo hloka hore barupellwi ba be le materiki,” ho rialo Ngaka Malapile.  Le thakgotswe ka Phere-kgong 2016, lenaneo la Monyetla wa Bobedi le tshehetsa bohle – ba dilemo di fe kapa di fe – ba batlang ho fihlella kapa ho ntlafatsa lengolo la bona la materiki, thutong kang mme le ka thuto ya nakwana. Ha ho ditjeho di fe kapa di fe.
Ke mang ya tshwanelwang ke monyetla ona? 
• Batho ba batlang ho ntla fatsa sephetho sa bona sa materiki, ho sa kgathaletsehe hore na ba ngotse materiki ya bona haufinyana tjena kapa dilemo tse leshome tse fetileng.

 Ngaka Malapile o hlalosa hore motho ya batlang ho ba le lengolo la boenjineri, ho etsa mohlala, o tla hloka ho ntlafatsa matshwao a hae a mmetse hore a kgone ho kena thutong ena. 
• Batho ba ileng ba se kgone ho pasa materiki mme ba batla monyetla wa bobedi wa ho pasa.
• Batho ba tloheletseng sekolo ka mora ho pasa Ke reite 9 (Sehlopha sa bo7), ba dilemo tse 21 kapa tse fetang, mme ba labalabela ho fumana lengolo la bona la materiki.  O ka qala jwangIngodisa ho e nngwe ya dikantoro tse 75 tsa dise-tereke tsa thuto naheng ka bophara kapa marangrang a inthanete ho websaete ena: www.eservices.gov.za.
Ho ingodisa ho butsi ka la1 Mphalane mme ho tla kwa-la ka Hlakola 2021. Baithuti ba ka ipalla ka bo bona kapa ba ithutela ho e nngwe ya ditsi tse 133 tsa Lenaneo la Tshehetso la Monyetla wa Bobedi wa Materiki moo ba tla rutwang ke matitjhere ka kotloloho ka mora dihora tsa tshebetso kapa ka mafelo a beke. Ngaka Malapile o re ho hiruwe matitjhere a hlwa-hlwa feela ho tswa seterekeng kang ho ruta ditsing tsena.
Ditsi tsena ha di fumanane-he ditoropong kapa metseng yohle, empa di fumaneha dibakeng tseo e leng hore ho bile le palo e hodimodimo ya batho ba ingodisitseng, ho bolelang sebaka sa boithutelo se ka fetoha selemo le selemo.Baithuti ba rutwang ke matitjhere ka kotloloho le ba ithutelang lapeng ba fumantshwa ditshebeletso tsa tshehetso ya dithuto tse phethahetseng ka ho tshwana, ho tloha ho kgaso ya dithuto seyalemoyeng le telebesheneng ka dinako tse itseng; ho ya ho disebediswa tse fumanwang inthaneteng; mme, le ho ba senang di-khompiyutha, dihatisi leinthanete – mme ba romellwa dibukana tsa ho ithuta tse ha-tisitsweng ke DBE. Batho ba nang le khompiyutha empa ba hloka inthanete kapa data, ba ka kopa CD e nang le di-bukana tsa ho ithuta tsohle, mme ba tle e romellwa.“Boholo ba baithuti ba ba-tho ba baholo bo hloka nako ya ho shebana le dithuto tsa bona feela. Ka lehlohonolo, ba ka kgona ho nka qeto ya hore na ke dithuto tse kae tseo ba batlang ho di etsa ka selemo hobane ha ba behelwa nako eo ba tlamehang ho phethela materiki ya bona ka yona.” Ha ba se ba ingodisitse, DBE e tla thusa mothuti e moholo kang ho kgetha dithuto tseo a batlang ho di etsa le ho mo hlalosetsa hore na ke di fe tsa setlamo. Ha ba se ba atlehile di-thutong tsa bona, batho ba tlohetseng sekolo ka mora 2008 ba fumantshwa Seti-fikeiti se Phahameng sa Naha, mme ba tlohetseng sekolo pele ho moo, ba fumantshwa Setifikeiti se Fetotsweng se Phahameng. Empa, Ngaka Malapile o re mangolo ka bobedi, a na le boleng bo phahameng ka ho tshwana, ho ya ka dithuto tse kgethuweng le matshwao a fihleletsweng, a ka sebediswa ho kenya dikopa tsa diyuni-vesithi le dikholetjhi.
Ho nehelana ka menyetla ya bobediDBE e tshwara mananeo a dipontsho a mabileng a se-tjhaba ho kgothaletsa batho ho ingodisetsa Lenaneo la Tshehetso la Monyetla wa Bobedi wa Materiki. Ditsha tsa thuto e phahameng le di-SETA di mengwelwa ho tla nehelana ka lesedi le nga-ta ka mokgwa o kgonehang ho batho ba nang lekgahleho.  Ho boholo ba mananeo ana a dipontsho a mebileng, Letona Angie Motshekga o ile a koptjwa ke batjha ho phatlalatsa mananeo a ka thusang batjha ho kgona ho fumana menyetla e mengata ya mesebetsi, ho rialo Ngaka Malapile.
  Ho arabela sena, DBE e tha-kgola lenaneo la ntshetsopele ya botsebi selemong sena le ikemiseditseng ho fihlella batjha ba dimillione tse3.4 ba hlokang mesebetsi, thuto le thupello. Dithuto di tla kenyeletsa mekgwa ya ho iphedisa – ho kenyeletsa dihlooho tse jwalo ka ho ngola CV le seo o tlamehang ho se etsa inthaviung ya mosebetsi; ho ya ho dithuto tsa botsebi ba motheo, jwalo ka ho lokisa dieta, tsebo ya ho sebedisa khomphiutha (ICT), le le tsebo ya ho bala le ho ngola.
  vNa o ne o tseba?
• Ho sa kgathaletsehe hore na o tloheletse sekolo dilemong tsa bo 1960 kapa haufinyananyana, o tlameha ho ithuta ho latela khurikhulamu ya ha jwale.
• Lekala la thuto la Afrika Borwa le boela le kenyeletsa batho ba tloheletseng sekolo pele ba phethela Kereite ya 9, ka Lenaneo la Thuto ya Motheo le Thupello ya Batho ba Baholo (ABET) la Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello.
 