Afrika Borwa e hlola HIV le AIDS

Vukuzenzele Unnamed

Ha re ntse retswella ka ma-iteko a rona a ho laola sewa sena se re thefutseng sa kokwana-hloko ya corona , ha hona hore re ka iphapanyetsa diphephetso tse ding tsa bophelo bo botle tseo naha ya rona e kopanang le tsona.
Ka dilemo tse fetang mashome a mararo, esale naha ya rona e ntse e lwantshana le bothata ba phamokate (HIV) le lefu la phamokate (AIDS), bo ileng ba baka tahlahelo ya maphelo a mangata le ho baka ditsietsi le tshotleho e kgolohadi.Ho tloha maqalong a sewa sa COVID-19  naheng, le ho kwalwa ha naha ka kakare-tso le kgatello ho ditsha tsa bophelo bo botle, boholo ba ditshebeletso tsa HIV , AIDS le lefuba (TB) di ile tsa kgahla-melwa hampe. Sena se bakile phephetso ho batho ba etsang diteko le ho qala ka pheko ya meriana ya ARV . Boholo ba batho ba fumane ho le boima ho phaka meriana ya bona mme ke batho ba mmalwa feela ba ileng ba kgona ho fumantshwa ditshebeletso tse itseng, tse jwalo ka ho bolo-tswa ha banna ka bongaka ka boithaupi.Ka mokgwa o tshwanang, re boetse re ithutile dintho tse ngata ho tswa ho karabelo ya rona ya ditshebeletso tsa bophelo bo botle ka sewa sa kokwanahloko ya corona tse ka matlafatsang ntwa ya rona kgahlano le HIV le TB.Afrika Borwa e tswella ho ba le palo e kgolo ya batho ba phelang ka HIV lefa-tsheng. Feela, ho a kgothatsa hore dilemong tse leshome tse fetileng re ﬁ  hletse kgate-lopele ho fokotseng palo e ntjha ya ditshwaetso tsa HIV setjhabeng sa rona ka boholo bo batlileng bo lekana le 60%.Ho boela ho kgothatsa hore tshwaetso ya HIV barwe-tsaneng le dikgarebe e the-ohile haholo dilemong tse leshome tse fetileng. Sena ke sehlopha sa baahi se bohlo-kwa haholo hobane ke bona ba ka bang kotsing e kgolo-kgolo ya ho tshwaetswa ke HIV .Lenaneo la rona la pheko le bile le seabo ho fokotseng palo ya mafu a bakwang ke AIDS ka 60%. Ho bile le phokotseho e kgolo mafung a amanang le HIV batjheng.Re ile ra kgonahala ho foko-tsa dipalo tsa mafu hobane, ha mmoho le balekane ba rona, re ile ra kenya lenaneo le leholo la meriana ya ARV le ileng la ﬁ  hlella dimilione tsa batho ba phelang ka lefu lena.Maqalong a dilemo tse leshome, lenaneo la rona la ho thibela tshwaetso ya mme leseeng (PMTCT) ka HIV le ne le sa phatlalatswa haholo. Ha jwale re se re ena le palo e hodimodimo ka ho fetisisa di-naheng tsa Borwa ba Afrika, e leng se fokoditseng haholo dipalo tsa tshwaetso baneng.  Le ha feela re fokoditse mafu le ditshwaetso tse ntjha, re ntse re le hole le ho ﬁ  hlella maikemisetso a rona ao re ikanneng ka ona ka 2016 a ho ﬁ  hlella 75% ya phokotso ya ditshwaetso tsa HIV ka 2020. Ha re ka atleha ho etsa sena, re ka kgona ho fedisa AIDS jwalo ka kotsi e kgahlano le bophelo bo botle ka 2030.Ka maswabi, ha re so ﬁ  hle moo. Re tlameha ho etsa dintho tse ding tse ngata ho netefatsa hore batjha ba rona ba matlafaditswe ka ho thibe-la ditshwaetso, ho kenyeletsa ho fetola maitshwaro a bona, ho fumantshwa dikgohlopo le ho etsa diteko kgafetsa. Re hloka ho netefatsa hore bohle ba nang le tshwaetso ba fu-mantshwa pheko le tlhoko-melo. Re hloka ho sebetsa ka thatathata ho thibela tshwaetso ya HIV haholoholo ho ditho tsa setjhaba tse nang le kgonahalo e hodimo ya ho tshwaetseha, tse kenyeletsang basebetsi ba rekisang mmele, banna ba etsang thobalano le banna ba bang, le batho ba itlhabang ka dithethefatsi. Re tlameha ho fedisa sekgobo le kgethollo e kgahlano le batho bana. Re ka se tshepe feela hore re tla fedisa HIV haeba re iphapanyetsa ditlhoko, dingongoreho le ditokelo tsa karolo e fe kapa e fe ya setjha-ba sa rona.
Afrika Borwa e hloka ho eketsa maiteko a ho bolotsa bahlankana ka bongaka ho fokotsa kotsi ya bona ya ho tshwaetswa ke HIV . Ho bolo-tswa ho sa bolokehang ha ho a tlameha ho siya bahlankana ba rona ba ena le mathata a bophelo bo botle ka ho sa feleng, mme ha ho motho ya tlameha ho hlokahala ka leba-ka la ho bolotswa. Re tlameha ho netefatsa hore bahlankana ba rona ba bolotswa ka tsela e bolokehileng. Re kgothaditswe ke sephetho sa diphuputsu tsa hauﬁ  nyana tjena tse buang ka meriana ya ho thibela tshwaetseha (PrEP).
E fapane ho ARV ka ha pheko ya ARV e fuwa batho ba nang le tshwaetso ya HIV , PrEP yona e le pheko e sebediswang kgafetsa ke batho ba senang HIV ho thibela tshwaetso.
 Diphuputsu tsena, tse entsweng ke ditsebi tsa saene tsa Marangrang a Diteko tsa Thi-belo ya HIV , di fumane hore ho hlajwa ha nngwe ka mora dibeke tse robedi ha diente tse sebetsang ka nako e telele ho betere ho feta ho nwa pidisi e thibelang HIV e nwewang le-tsatsi le letsatsi. Diphetho tse-na di na le bokgoni bo boholo ba ho ka matlafatsa karabelo ya sewa sena. Haeba re ikemiseditse ho atleha ho fedisa AIDS jwalo ka kotsi e kgahlano le bophelo bo botle dilemong tsena tse leshome, re hloka ho kopa-ntsha ditshibollo tsa bongaka le ho fetola maitshwaro ka botebo. Re boela re hloka ho lwantshana le maemo a moru le a bophelo a bakang dipalo tse hodimo tsa tshwaetso. E nngwe ya dithomo tsa rona e ka sehlohlong ke ho matla-fatsa barwetsana le dikgarebe, ka thuto, moruo le maemo a bophelo setjhabeng. Ba hloka ho kgona ho inkela diqeto ka karolo e nngwe le e nngwe ya maphelo a bona, ho kenyele-tsa maikutlo le maitshwaro a bona ka thobalano.Qetellong, re tla ﬁ  hlella phe-diso ya AIDS ka ho matlafatsa batjha, basadi le batho ba bang ba kotsing. Sena se kenyeletsa matlafatso ka phumantsho ya lesedi, dikeletso le tshehetso. Se kenyeletsa phumantsho ya thuto le menyetla ya moruo, haholoholo ho barwetsana. Matlafatso e boela e bolela hore motho e mong le e mong o tlameha ho fumantshwa diteko, pheko le ditshebeletso tse ding tsa bophelo bo botle.
Ho fihlela ha jwale, batho ba Afrika Borwa ba ﬁ  hleletse kgatelopele e ngata, ba ma-mella tse ngata le ho ﬁ  hlella kgatelopele e kgolo twa-ntshong ya HIV , AIDS le TB. Ha re tiisetseng letsoho ho tharollo le diketso tsa rona tsa ho tobana le ho hlola AIDS ka ho phethahala.