Nwaa metsi hore o qobe kgaello ya metsi mmeleng

Allison Cooper

Lebatama le leholo le ho se nwe mekedike-di e lekaneng, di ka baka kgaello ya metsi mmeleng esita le ho shwa lehlakore ho bakwang ke motjheso.
Ho ya ka Lefapha la Bophelo bo Botle la Kapa Bophirimela, motjheso wa lehlabula o tla le kotsi e kgolo ya kgaello ya metsi mmeleng, e leng tahlehelo e kotsi ya metsi mmeleng.Hangata kgaello ya metsi mmeleng e bakwa ke ho se nwe mekedikedi e lekaneng e le ho busa metsi a mmele o a lahlang ha motho a fufule-lwa. E ka nna ya bakwa le ke ho kula ho bakang lehlatso/letshollo; le ho fufulelwa ka lebaka la feberu.Ho lahlehelwa ke maro a mmele ha ho etsahale feela dinakong tsa ha mmele o sebetsa ka thata, empa ho ka nna ha bakwa ke ho tsamaya ka maoto sebaka se seleletsana, ho sebetsa ka jareteng kapa ho palama baesekele, haholoholo ha ho tjhesa kapa ho le mongobo.Ha o haellwa ke metsi mme-leng, mmele wa hao o ke ke wa sebetsa jwaloka tlwaelo. Bana ba katlase ho dilemo tse hlano, metsofe le batho ba sebetsang lepalapaleng ke bona ba tlokotsing e kgolo ya ho fokollwa ke metsi le ho shwa lehlakore ho bakwang ke motjheso (e leng lefu le bakwang ke motjheso o feti-sisang mmeleng wa hao).Ho shwa lehlakore ho bakwang ke motjheso ke maemo a hlokang thuso ya bongaka ka tshohanyetso. Batla thuso ya bongaka hanghang haeba o na le letshwao lefe kapa lefe ho ana:
• Ho ikutlwa o ferekane kapa mokgwa oo o buang ka ona o qala ho sisitheha o bile o sa hlake.• Ho nyekelwa ke pelo le ho hlatsa.• Ho hema ka potlako, ha boima.• Pelo e qala ho otla ka potlako.• Ho tshwarwa ke hlooho e mpe.
Matshwao a bontshang kgaello ya metsi mmelengA mang a matshwao a pele a bontshang kgaello ya metsi mmeleng a akga:
• Ho ikutlwa o nyorilwe le modikadikwane.• Ho oma molomo.• Mokgathala.• Ho ba le moroto o mmala o leroothonyana, o bile o na le lephoka.• Ho rota ha mmalwa ho feta tlwaelo.Hore o dule o na le metsi mmeleng o be o qobe ho shwa lehlakore ho bakwang ke motjheso, o tshwanela ho:
• Nwa metsi a mangata ho feta tlwaelo, ha ho tjhesa.• Dula ka tlung kapa moriting.• Rwala mosetla kapa o itshireletse ka sekgele.• Tshwara botlolo ya metsi hohle moo o yang teng mme o a nwe kgafetsa.• Haeba o sebetsa lepalapa-leng, kgefutsa kgafetsa o nne o tlohe letsatsing. • Iphodise ka ho sebedisa botlolo ya ho inyanyatsa.
Masea le banaBatswadi le bahlokomedi ba bana ba tlameha ho tsepa-misa maikutlo haholwan-yane baneng le maseeng, ho netefatsa hore ba na le metsi mmeleng.  Ha ho tjhesa haholo, batswetse ba nyantshang ba tlameha ho nyantsha masea a bona kgafetsa.Bolokang bana ka matlung kapa moriting, le ba apese diaparo tse bobebe le be le ba hlakole mebeleng ka lesela le mongobo e le ho ba thusa hore ba dule ba phodile. Hopolang ho ba tlotsa ka setlolo se ba sireletsang boha-leng ba letsatsi ha ba tswela kantle.Haeba bana ba katlase ho dilemo tse hlano ba tsholla, ba hlatsa kgafetsa ba bile ba tepelletse, tsa mo batla thuso ya bongaka hanghang. Hape, batla thuso ya bongaka hanghang haeba lesea la hao le sa kgone ho nyanya letswele kapa mahlo a lona a hohlometse le bile le bothetse phuana hloohong.Baneng teng, matshwao a mang a ho haellwa ke metsi mmeleng a akga:
• Molomo o ommeng kapa o namathelang.• Ho tswa dikeledi tse fokolang kapa di se ke tsa tswa ho hang ha ba lla.• Ho rota hanyane kapa ho rotela maleiri ha mmalwa ho feta tlwaelo.• Letlalo le ommeng, le maphodi.• Ho hlohlona ha letlalo.• Ho otsela kapa modi-kadikwane.