Tsosoloso e motjheng bakeng sa Afrika Borwa

vukuzenzele unnamed

Difate tsa jacaranda di thuntse hohle motsemoholong wa naha ena, e leng letshwao la hore ho kena lehlabula.
Kamora hore ho fete mari ha a malelele a bile a le boima, mathwaso a sehla se setjha a tshwanela ho re fa tshepo .
Ha ho ne ho tsebahatswa ka Maemo a Koduwa ya Naha ka Tlhakubele, ntho e neng e le ka sehloohong di sa tloha e ne e le ya hore re kgine ho ata ha kokwanahloko ena re be re fane ka kimollo ya tshoha nyetso ho baahi, setjhabeng, ho basebetsi le dikgwebong.
Nakong ya dikgwedi tse robedi, ebile e le ka tshehetso ya balekane ba rona kahisa nong, re ile ra anetsa mehato e phethahetseng ya ho kgina sefutho sa kokwanahloko ena setjhabeng le moruong.
Re ile ra nanabetsa tshire letso ya setjhaba ka sekgahla se neng se e so ka se bonwa naheng ena. Re enngwe ya dinaha tse mmalwa lefa tsheng moo ho yona tokelo ya phihlello ya tshireletso ya setjhaba e fuperweng ke Molaotheo, ebile re ka ba motlotlo ka hore nakong ya koduwa ena e mpehadi re ile ra fana ka mohlala o tshwarehang wa tokelo ena ka mekgwa e mengatanyana.
Ho eketsa hodima dithuso tse seng di le teng tsa ditjhe lete tsa setjhaba, tse fihlellang bathong ba kahodimo ho  17 milione kgwedi le kgwedi, re ile ra eketsa dithuso tsa ditjhelete tsa Metsofe, tsa Dikowa le tsa Tshehetso ya Bana. Re ile ra nanabetsa Dithuso tsa Ditjhelete tse Kgethehileng tsa Kimollo ya Setjhaba Matshwenyehong a COVID-19 , tse fihlelletseng bathong ba dimilione tse tsheletseng ho fihlela jwale.
Sena se ile sa etsuwa na kong ya dibeke tse mmalwa kamora ho phatlalatswa ha Maemo a Koduwa ya Naha.
Sefutho sa boikitlaetso boo se ke ke sa shebelwa fatshe.
Ho kopanya tsamaiso ena inthaneteng e ne e le mose betsi o boima wa kopane lo dipakeng tsa Lekgotla la Tshireletso ya Setjhaba la Afrika Borwa (SASSA), Tshebeletso ya Pokello ya Lekgetho ya Afrika Borwa (SARS), Lefapha la Merero ya Lehae le tse ding tse ngata.
Re ile ra qala mosebetsi o phethahetseng wa ho etsa dikopo le wa ditefo, le ho kopanngwa ha mehlodi e mengatanyana ya dideitha, ho akga le Ngodiso ya Naha ya Palo ya Setjhaba le mohlo di wa deitha wa Inshorense ya ho Fellwa ke Mosebetsi (UIF). Re ile ra qala methati e metjha ya ho etsa dikopo e kang ya WhatsApp  le USSD, ra ba ra thea mekgwatsamaiso le dibanka tse kgolo hore di thuse ka tiiseletso ya dintlha tsa motho tsa ho banka. Ena ke katleho e kgolo ka nako e kgutshwane.
Ntle le mehato eo re ileng ra e nka ya ho sireletsa le ho baballa mesebetsi, re ile ra boela ra tshehetsa dikgwebo tse neng di tsherema. Re ile ra fana ka kimollo dikgwebong tse nyenyane ka mokgwa wa ho di imolla dikolotong, wa ho di tshehetsa ka ditjhelete, wa ho diehisa ditefo tsa le kgetho le mekgwa e meng.
Re ile ra kenya Tlhophiso ya Tiiseletso ya Kadimo ya Ditjhelete ya COVID-19  tshebetsong, e le ho thusa dikgwebo hore di kgone ho fihlella ditshenyehelo tsa tsona tsa tshebetso nakong ya ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, mme ha jwale re ntse re sheba hore na tlhophiso ena e ka di fihlella ha jwang dikhamphane tse ngata le ho feta tse hlokang.
Re ile ra fana ka tshireletso ya meputso ya basebetsi le ki mollo ho beng ba dikgwebo ka hore ho etswe Tlhophiso ya Nakwana ya Kimollo ya Basebetsi e neng e disitswe ke UIF.
Tsena tsohle di ne di arabe la ka kotloloho maemo a tshohanyetso mme e ne e le tsa nakwana feela. Tse ding jwale di tla pheletsong, ha tse ding ho atollotswe nako ya tsona jwaloka ha mebaraka ya bosebetsi e ntse e hlapho helwa.
Mehato eo re ileng ra e kenya tshebetsong e thusi tse haholo ho sireletseng setjhaba sa habo rona hore se se ke sa tsukutlwa ke maemo a COVID-19 . Dithuso tsa ditjhelete tse ekeditsweng di thusitse ho thibela hore dimilione tsa batho di se ke tsa kodumela mosimeng wa bofuma ba lephako.
Ha re ne re sa ka ra kena dipakeng ho sireletsa mese betsi le ho pholosa dikgwebo, maemo a ho phela a batho ba habo rona le maemo a dikete kete tsa dikgwebo a ka be a mpefetse le ho feta.
Jwale re mothating wa phetoho ya ho tloha kimo llong ho ya boiphumanong.
Mehato ya tshohanyetso eo re ileng ra e kenya tshebe tsong e radile motheo o ti ileng oo re tla ahella moruo wa habo rona hodima ona.
Jwaloka ha tsepamiso ya rona ya maikutlo jwale e feto hetse ho kenngweng tshebe tsong ha Leano la Kahobotjha le Ntlafatso ya Moruo, ntlha ya rona e ka sehloohong e tla ba ho susumetsa kgolo le ho thea mesebetsi.
Ho se ho e na le kgatelopele mapatlelong a mangata nyana.
Re bona boitlamo bo botjha ba ho kenya tjhelete bakeng sa kaho ya meralo ya motheo kamora motshetshetho o bileng teng bekeng e fetileng o neng o le mabapi le projeke ya meralo ya motheo.
Mananeo a mangatanyana a kgiro a katlasa Ditsiane tsa Kgiro tsa Moporesidente a se a qadile. Re hahamalla pele ka ditlhabollo tsa moruo mapatlelong a kang a eneji le a dikgokahanyo tsa mehala.
Merero e fetolwa hore e be diketso ha boikitlaetso bona bo bonahala mesebetsing le menyetleng.
Tsohle di hlokolotsi haho lwanyane mothating wa jwale, haholoholo jwaloka ha ho atamela sehla sa monyaka wa mafelo a selemo, hore re se ke ra fetoha baitshenyetsi.Phadimeho e kgolo e a hlokeha ho rona bohle, re tsebe ho boloka kokwanahlo ko ena e le hojana le rona.
Ho ropoha botjha ha yona neng kapa neng ha ho no busetsa morao dikatleho tsa rona tsa bophelo bo botle feela, empa ho tla kwebetella makgabane a tsosoloso ya moruo a seng a hlahelletse, ho be ho re tlose mathwasong a selemo ho re busetse morao mariheng.
Ho thibela leqhubu la bobedi la ditshwaetso tsa COVID-19 , re tlameha ho ikamahanya le ditataiso tse ntseng di le teng tsa bophelo bo botle ba setjhaba.
Haeba re hloleha ho kgwesa sekwahelanko le molomo moo ho kgobokaneng batho, haeba re ya diketsahalong tseo ho tsona ho subuhle llaneng batho, ha re ipee borona le ba bang feela tlokotsing, re boela re bea le tsosoloso ya moruo wa habo rona kotsing.
Bohle ha re nneng re tswe lepele ho etsa letsoho la monna.
Diketso tse ntle tsa ho kgwe sa sekwahelanko le molomo, tsa ho qaqolohana le tsa ho hatlela matsoho kgafetsa di re thusitse ho fenya ditla morao tse mpempe tsa sewa sena. E ntse e le tsona tseo e leng thebe ya rona e ntle ka ho fetisisa.
Ha re hopoleng boitelo boo bohle re ileng ra tlameha ho bo etsa e le ho kgina ho ata ha kokwanahloko ena ma tsatsing a yona a pele.
Esita leha boholo ba dike tsahalo tsa kahisano le tsa moruo di thakgohile hape, re ntse re tshwanela ho hlo mpha mehato yohle ya bophelo bo botle. Sena se a hlokeha kahohlehohle haeba re batla ho aha botjha moruo wa habo rona esita le ho lahle la koduwa ena matjoing.