Qoba ho ba lehlatsipa la ho hweba ka batho 

Silusapho Nyanda

Ha e le moo di palo tsa diketso tsa ho hweba ka batho tse tlalehwang di ntse di eketseha, ho bohlokwa hore o nke mehato ya ho netefatsa hore o bolokehile.
Ho thibela ho eba lehlatsi pa la ho hweba ka batho o tlameha ho qoba ho tsamaya o le mong, ho tsamaya bosiu kapa mebileng e senang batho. Ho bohlokwa ho ela hloko tikoloho eo o leng ho yona ka dinako tsohle. Ho elahloko ho tla o thusa ho elellwa ha ho hong ho sa loka. Haeba e o elellwa hore ho na le motho kapa koloi  e o  setseng morao, e ya  tu-long e tletseng batho mme o letsetse  seponesa kapa motho eo o mo tshepang hanghang.Ha ngata batho ba hwebang ka batho ba sebedisa tshepiso ya ho fumantsha mosebetsi ho kwetela mahlatsipa a bona mme ba ikatametsa ho bao ekabang mahlatsipa ka ho tshepisa ho ba fa mosebetsi kapa monyetla o mong o itseng.Mokgwa ona wa ho hweba ka batho o ka etsahala kae kapa kae – le marangrang a inthanete, sekolong, setsing sa mabenkele le ka pela ntlo ya hao.Netefatsa hore o etsa diphuputso ka botlalo ka bao e tlabang bahiri ba hao pele o kopana le bona mabapi le diinthaviu. Sena se ka etswa ka ho netefatsa hore khampani eo e fela e le teng ka ho e hlahloba ho Companies and Intellectual Property Commission. Mme o boele o tsebise motho eo o mo tshepang ha o ya inthaviung mme o hlophise le yena hore a o letsetse ka mora nako e  itseng. Haeba ho kgona hala, tsamaya le motho e mong.Elahloko ha o sebedisa marangrang a inthanete, haholoholo ha motho a ithaopa ho o thusa, ho o neha tjhelete, bodulo kapa monyetla wa mosebetsi mabapi le seo o se  phatlaladitseng. Haeba o lo kopana le motho eo o sa mo tsebeng, etsa jwalo tulong e tletseng batho mme o tsebise motho eo o mo tshepang hore o ya kae. Ha o tsamaya le bana, etsa bonnete ba hore ba haufi le wena mme o netefatse hore o kgona ho ba bona ka dinako tsohle. O seke wa roma ngwana ntle le ho netefatsa hore ho na le motho e moholo ya tshepahalang ya mo shebileng. Itlwaetse ho sheba bana ba hao kgafetsa, hore o tsebe moo ba leng teng.
Ha o batla ho tseba haho lwanyane ka diketsahalo tsa ho hweba ka batho letsetsa Mohala wa Thuso wa  National Human Trafficking ho: 0800 222 777. Ho tlaleha diketsahalo tsa ho hweba  ka batho letsetsa  seponesa ho: 10111. *Tlhahisoleseding ena e fanwe ke Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo.



