Ho susumetsa moruo o sebetsang 

vukuzenzele unnamed

Ho thakgolwa ha Letsholo la Tshusumetso ya Mesebetsi ya Mopresidente bekeng e fetileng ho  tshwaya phetoho ya mo kgwa oo re neng re o sebedisa ho lwantshana le tlhokeho ya mesebetsi.
Re ikana le ho ikemisetsa ho tsetela letsete le ngatangata ho tjhoriseng boiphihlelo ba batho ba rona, le mmusong jwalo ka mothehi le mophethahatsi wa mesebetsi. Letsholo la Tshusumetso ya Mesebetsi ya Mopresidente e ipabolapele ka bophara le boholo ba bo tsetedi, ho kenyeletsa letsete la mmuso la R100 bilione nakong ya dilemo tse fetang tse tharo tse tlang. Re tla tshireletsa le ho theha matlole a mesebetsi le bonamodi bo tshehetsang maphelo a batho ka kotloloho ha di mmaraka tsa mesebetsi di ntse di ntlafatswa ka lebaka la tshenyo ya sewa sa ko kwanahloko ya corona. Tsena tsohle di se di loketse ho phethahatswa, mme sena ke tlatselletso hodima boitlamo bo seng bo le teng. Le ha feela tse ding tsa bonamodi bona di thehilwe hodima matla a mananeo a seng a le teng, tshusumetso ena e boela e kenyeletsa mekgwa ya tshebetso e metjha e nang le tshibollo. Sena se kenyeletsa ho tsepama ho seo re se bitsang ‘mese betsi ya setjhaba’. Re sebetsa ho tswa ho boemong ba hore ha hona kgaelo ya mesebetsi e hlokehang ho phethahatsa ho tobana le mathata a mangata ao batho ba rona ba nang le ona. Maikemisetso a rona ke ho tshehetsa bonono bo bongata, boiteko le boiphihlo ba ditheho bo teng boholong ba batho ba rona ho kgothaletsa batho ho sebetsa mesebetsi e tswelang bohle melemo. Mesebetsi ena e akaretsa meokotaba e me ngata, e kenyeletsang phepelo ya dijo, ho fedisa tlhekefetso ya basadi le bana, ho ntjhafatsa dibaka tsa baipei le tse ding tse ngata. Sena se tla tlatseletsa boiteko ba lekala la mmuso, le ho dumella kgahlamelo ya setjhaba e kgolokgolo ha mmoho le mekgwa ya bolekane e metjha le makala a setjhaba a fapafapaneng. Tshusumetso ena e kenyele tsa lenaneo la naha le letjha la ho hira bathusi ba matitjhere dikolong. Dikolo di se di qadile ho hira bathusi bana ha jwale, mme di nehela ka menyetla e ya mesebetsi e metjha bathong bohle ka bophara naheng ya rona. Mesebetsi ya setjhaba ha se ya batho ba senang bokgoni feela.E kenyeletsa batho ba nang le mangolo a thuto e phahameng, menyetla ya mesebetsi ya baoki, batho ba nang le mangolo a saense, diathesine le e meng.Tshusumetso e tla boele e tshireletsa mesebetsi makeleng a hlokolotsi ao a hahlame tsweng ke sewa sena ka se kgahla. Tshehetso e tla ne helwa ke basebetsi ba Dikolo tsa Thuto ya Dikonyana (ECD), haholoholo basadi ba itshebetsang. Borapolasi le mmapolasi ba thuthuhang ba fetang 74 000 le bona ba tla boela ba fumantshwa matlole a tlhahiso.Jwalo ka naha, re hloka bonono le setso ho phahamisa meya ya rona hape – tshusumetso e nehela ka letlole le letjha ho thusa lekala lena ho ikemela hape, ho kenyeletsa ho tshehetsa ditlhahiso tse entsweng ka mokgwa wa dijithale le katoloso ya dipolatefomo tsa hwebisano ya elektroniki.Sena se tla thusa dinono hore di itlwaetse maemo a dimmaraka a matjha ao sewa sena se re kentseng ho ona mme ba sebedise monyetla ona o motjha wa kgolo. Mophethehatsi wa bohlo kwahlokwa ho theha mesebe tsi, o entsweng bohlokwahlo kwa ka ho fetisisa ke sewa sena, ke kgokahanyo. Ho fedisa  karohano ya dikgokahanyo disebedisweng tsa dijithale, tshusumetso e tla nehela malapa a nang le lekeno le tlase phepelo ya inthanete e theko e tlase, e potlakang ka ho a lefella karolo e itseng ya dikgokahanyo mmoho le ho eketsa WiFi ya mahala setjhabeng. Ha naha ya rona e ntse e intlafatsa ho tswa ho thefulong e bakuweng ke sewa sa kokwanahloko ya corona, ha o qeaqeo hore mosebetsi o re o tobileng o mongata haholo. Re tlameha ho fihlella ntlafa tso ya moruo e potlakileng le ho kenyeletsa bohle. Re tlameha ho fumantsha boholo ba batho ba rona mesebetsi hape.Re boela re tlameha ho fumana botsitso hape ho phanong ya ditshebeletso tsa mantlha le meralo ya motheo e bohlo kwahlokwa, ho lwantshana le diphepetso tse tobaneng le setjhaba sa rona le ho fetola makeishene le metse ya mahaeng. Mesebetsi ya setjhaba ke sesebediswa se ka kgonang ho phethahatsang tsena tsohle: ho theha mesebetsi ka bophara ka nako e kgutshwane ha di mmaraka di ntse di ntlafatswa, le ho theha boleng ba setjhaba ka yona nako eo. Hangata mohlala o yeng o qotswe wa lenaneo le leholo la ditshebeletso tsa setjhaba ke le ileng la phethahatswa ke Amerika ka morao Sewa sa Kgatello e Kgolokgolo ya Moruo dilemong tsa bo1930.Sena e ne e se tshusumetso feela, empa se ne se kgotha lletsa hoba le seabo ha batho le ho kenyeletswa ha bona moruong. E mmalwa mehlala ya mananeo a tshibollo ya mesebetsi ya setjhaba dinaheng tse ntseng di ntshetswapele, ho kenyeletsa India, Ethiopia le mona Afrika Borwa. Mananeo ana a kenya letsete ka kotloloho ho meruo ya selehae, ho fihlella ditulo tse futsanehileng ka ho fetisetsa pele, le ho tshehetsa dikgwebo tse thuthuhang tsa selehae mme ho tloha moo e qhekelle le meruong e meholo. Mme e boela e kgothaletsa ho ba le seabo le ho kenyeletswa ha setjhaba moruong, ka ho nehela batho mekgwa ya ho fetolo maphelo a bona ha ba ntse ba batlana le mesebetsi e metjha. Ka ho etsa jwalo, ba kgona ho ba le seabo phetolong ya moruo naheng le setjhabeng ka kakaretso. Ho kenya letsete ka kotloloho setjhabeng ho tshehetsa mesebetsi le ho theha menyetla ya moruo e nang le hlompho hona ho molemo haholo ho feta ho lwantshang feela le qaka ya tlhokeho ya mesebetsi setjhabeng.Le ya sebetsa hobane le sebedisa mehlodi ya mmuso ho arabela ditlhoko tsa setjhaba tsa naheng, ekaba molemong wa ho boloka tlhaho, phepelo ya dijo, ditsi tse ding hape tsa di-ECD, kapa ho ntlafatsa le ho etsa hore ditsela di be betere le tse ding tse ngata. Le hatetsepele, hobane le nehela ka matlole a setjhaba le phano ya makeno ho ba futsanehileng ka lebaka la hore ba hloka mesebetsi. Ke letsete ho bokamoso, ka ha le tshehetsa ajenda ya ntlafatso ya moruo ka bophara ka ho potlakisa ho netefatsa hore batho ba rona ba sebetsana le ho ntlafatsa meralo ya motheo ya rona ya naha le ya dimmasepaleng. Ka bonamodi ba tshusumetso, re tlo theha mesebetsi molemong wa ba hlokang mesebetsi, re ntse re theha kgahlamelo e matla ho batho bohle. Jwalo ka mananeo a mesebetsi lefatsheng ka bophara, tshusumetso ena e tshehetsa le ho tshwanela karolo e bohlo kwahlokwa eo lekala la porae fete le nang le yona ho theheng mesebetsi. E hlwahlwa, kaha ha ntlafatso e phahama, bo phara ba tlhokeho ya mesebe tsi ya setjhaba e tla fokotseha.Boiphihlello ba mesebetsi le bokgoni bo fumanweng ke ba uneng molemo ho Letsholo la Tshusumetso ya Mesebetsi ya Mopresidente ba tla ntlafatsa menyetla ya bona ya ho fumana mesebetsi ka semmuso. Boiphihlelo boo ba bo fumaneng bo ka boela e le mokgwa wa ho iqalla dikgwebo. Bankakarolo ba tla ntlafatsa bokgoni ba bona le boiphihlelo ba ho iqalla dikgwebo tseo e leng tsa bona, mme ba ka sebedisa makeno a tsitseng a tswang ho mesebetsi ya setjhaba ho etsa mekgwa e meng ya ho iketsetsa lekeno.Ke ntse ke hatella ntlha ya hore qaka ya COVID-19 e boela e le monyetlo wa hore re ntlafatse moruo wa rona hape. Nakong ena ya mathata a maholoholo ha kaale, re tlabe re sa ithuse ka letho ha re ka etsa ditshepiso tseo re senang ho kgona ho di phethahatsa, sena se tla re nyahamisa feela ha re sa kgone ho di fihlella.Ke ka hoo bonamodi bofe kapa bofe ba mosebetsi le tshehetso ya maphelo a batho bo tshehetswang ka matlole ka bo tlalo, ka leano la phethahatso le qaqileng. Tshusumetso ya mesebetsi ha se boitlamo ba ho theha mesebetsi bo fokaelang feela bo tla phethahatswa mmamorao, empa ke leano la ho thehwa ha mesebetsi hona tjena.Tshusumetso ena ke se phetho sa dipuisano ka botebo le mafapha a naha, a diprofe nse le metse toropo ka ho po tlakisa ho theha mananeo a tla kengwa tshebetsong kapa a tla atoloswa nakong ya dikgwedi tse tshelela. Mafapha a phethahatso le bohle ba nang le seabo ba ile ba hlahlojwa hore na ba na le boiphihlelo ba ho phethahatsa mesebetsi ka kelahloko. Ho lenaneo le leng le le leng le ka tlasa tshusumetso ena, menyetla ya ona e tla bapa tswa hohle mme le tsamaiso ya khiro e tla hloka leeme, e be pepeneneng le ho bonahala ho bohle.  Maikemisetso ao re ipehe tseng ona ke a nnete, ke ao re tla kgonang ho a fihlella le ho a phethahatsa, mme hape re ithutile ho tswa ho tse etsahetseng nakong e fetileng le ho mekgwa ya tshebetso e metle ya matjhabeng. Batho ba rona ba itukisitse ebile  ba ikemiseditse ho sebe tsa. Bokgoni bona bo bongata bo tlameha ho  tjhoriswa, mme le bokgoni le boiphihlelo ba rona bohle bo lokela hore tswela molemo kahongbotjha ya naha ya rona nakong ena ya kokwanahloko ya corona. Letsholo la Tshusumetso ya Mesebetsi ya Mopresidente e nehela ka matlole a dithuso ho malapa a ileng a tobana le mariha a boima haholo ka lebaka la phokoletsohadi ya makeno a bona, le ho batho ba qedileng dilemo tse ngatangata ba sa sebetse. Mesebetsi ya nnete, e nang le seriti, ke tokelo ya motho e mong le emong. Ke karolo ya pehelo ya sethathu ya kgolo ya moruo le botsitso ba setjhaba. Ka ho kenya tshebetsong tokelo ena ya motheo, Letsholo la Tshusumetso ya Mesebetsi ya Mopresidente e nehela ka kabelo e qaqileng ho aheng setjhaba se sebetsang.