Mokgwa wa ho thibela ho ima ha barwetsana

vukuzenzele unnamed

Ho na le ditsela tse fapafa paneng tsa ho thibela ho ima ha ba rwetsana, ho kenyeletsa ho kgetha ho se kene thobalanong ho fihlela o nyalwa kapa o le malala-a-laotswe hore o be le bana.
Batho ba bang ba nahana hore ho ila (ho kgetha ho se kene thobalanong ho fihlela o nyalwa) ke ntho ya kgale, ha ba bang ba nahana hore ke boitshwaro bo botle ka ho fetisisa. Barwetsana, le ha ho le jwalo, ba lokela ho inkela diqeto.Batho ba bangata ha ba batle ho emela ho fihlela ba nyalwa pele ba kena thobalanong. Ba boetse ha ba batle ho potlakela dintho mme ba etse diphoso tse bohloko. Hangata ba etsa qeto ya ho diehisa ho kena thobalanong ho fihlela ha ba se ba hodile, ba na le boi-karabelo, ba le dikamanong tse tsitsitseng le molekane a le mong, mme ba sebetsa hobane e le taba e hlwahlwa ka ho fetisisa.Haeba o kgetha ho ila kapa ho diehisa thobalano, ho na le dintho tse ding tseo o ka di etsang ho itshireletsa:
• Kgetha metswalle ka hloko. Metswalle ya hlooho ya kgomo e lokela ho o lakaletsa tse ntle mme e lokela ho hlompha qeto ya hao ya ho se kene thobalanong.• Ela hloko maemo a ka bang kotsi, jwaloka metswalle e nwang kapa e sebedisang dithethefatsi, seo se ka lebisa thobalanong e sa boloke hang.• Ela hloko molekane ya reng o tla robala le yena haeba o mo rata.• Mamela le ho ithuta ho batho ba kileng ba ima e le barwetsana. Ba tseba diphoso le mathata a seo.• Mamela le ho ithuta ho batswadi ba hao mabapi le maiphihlelo a bona a bophelo. Haeba o etsa qeto ya hore ho ila le ho diehisa thobalano ha se diqeto tse hlwahlwa ka ho fetisisa bakeng sa hao mme ha o kgone ho ema, nka nako ya ho ithuta ka tshireletso, ho kenyeletsa ho thibela pele-hi, ho sebedisang mokgwa (o tlwaelehileng kapa wa  dikhemikhale) bakeng sa ho thibela ho ima. Ho na le dithibela pelehi tse fapafapaneng tse sebetsang ka ditsela tse fapaneng, empa kaofela di reretswe ho thibela pelehi.Di kenyeletsa tse nowang ka molomo, tse tsejwang e le ‘pidisi’; thibelo ka ente; le dikgohlopo tsa banna le tsa basadi.
Nka etsa eng haeba ke imme?Haeba o nahana hore e ka nna ya ba o imme, leba tleliniking e haufi le motho eo o mo tshepang bakeng sa diteko tsa boimana.Tlhokomelo ya boimana (ho hlokomela lesea le song ho tswalwe) ho bohlokwa mme hangata e qala dibekeng tse robedi. Tleliniki ya heno e ka o thusa ka tlhokomelo ya boimana mme mosebeletsi wa tsa tlhokomelo ya kalafo o tla o thusa ho tla ka moralo o tshwanelang wena le lesea la hao.Haeba o imme, ho bohlokwa ho ja dijo tse itekanetseng tse nang le phepo, ho ikwetlisa le ho robala ho lekaneng le ho phema dithethefatsi le jwala.
*Tlhahisoleseding ena e fanwe ke Lefapha la Bophelo bo Botle la KwaZulu-Natal.
HO IMA O LE MORWETSANA  ho tla ama bophelo ba hao bohle, feela ho na le ditsela tsa ho ipaballa mabapi le boimana bo sa rerwang.