Re fetola lekala la temo

vukuzenzele unnamed

Lefapha la Temo thuo, Tlhabollo ya Mobu le  Ntshetsopele ya Mahae (DLRD) le sa tswa tsebisa hore ditho tsa setjha ba di tla kgona ho etsa kopo ya ho hira mobu wa mmuso wa dihekthara tse 700 000 o sa sebedisweng ka botlalo kapa o disa busabu diprovenseng tse supileng.
Mobu wa Temo ke seikoko tlelo sa motheo sa dihlodi lweng tsa habo rona. Boteng le tshebediso ya nako e telele ya mobu wa temo bakeng sa ho lema dijalo le thuo ya mehlape ke ntho ya bohlokwa maphelong a rona.Afrika Borwa e na le mobu o mongata o loketseng dihlahiswa tsa temo, moo hajwale 37,9% ya kakaretso ya mobu wa habo rona e sebedise tswang temo ya kgwebo.Jwaloka dinaha tse ding tse ngata, mobu wa habo rona o manoni o tlokotsing ya ho nyotobela ha boleng, ya kgaello ya metsi le ho ata ha metse ya ditoropo. Re boetse re lahlehelwa ke mobu wa bohlokwa wa temo ka lebaka la diphetoho tshebedisong ya mobu.Ka lebaka la nalane ya habo rona, ho pharalatsa phihlello ya mobu wa temo bakeng sa tlhahiso ya kgwebo le bohwai ba ho iphedisa ke taba e ka sehlohlolong mererong ya naha.Leha tsamaiso ya tlhabollo ya mobu ya kamora 1994 e bakile hore mobu o tomanyana o busetswe ho Maafrika Borwa a batho ba batsho, ditlamorao tse bohloko tsa Molao wa Mobu wa Batala wa 1913 di ntse di tswelapele ka sebopeho se ammeng boithuelo ba mobu wa bohwai.Molao ona o ile wa fetella ka hore o amohe dimilione tsa batho naha ya baholoholo ba bona.Ka boholo ba boithuelo ba mobu bo ntseng bo le matsohong a ba mmalwa, le boholo ba dihlahiswa tsa motheo tsa temo le mathathamo a kgwebo e ntse e le tsa bahwebi ba dihwai tsa ba basweu, ditlamorao tsa nalane ya habo rona di ntse di re maname le kajeno. Tswelopele ya ho bokella mehlodi e ka sehloohong ya tlhahiso e kang ya mobu o matsohong a ba mmalwa ha se feela tshita ya ho ntshe tsapele setjhaba se lekanang; e boetse e hlohlelletsa merusu setjhabeng. Tabatabelo ya mobu wa ho lema e ntse e tota, haholoholo hara bafutsana ba dibakeng tsa mahae. Ka mabaka a mangatanyana, sekgahla sa tlhabollo ya mobu lekaleng lena haesale le le monyebe le bile le sa kgotsofatse. Ho fetola meralo ya boithuelo ba mobu wa temo ho mo lemo e seng feela bakeng sa ho lokisa bosiyo ba toka ba nako e fetileng, empa le ho sireletsa kanetso ya dijo setjhabeng sa habo rona. Jwaloka ha ho ile ha lemohuwa tlalehong ya 2019 ya Phanele ya Boeletsi ya Moporesidente ya Tlhabollo ya Mobu le Temothuo, e reng “leha re na le diyantle tsa dijo, morao lapeng 41% ya batho ba mahaeng le 59,4% ya ba ditoropong ba ntse ba na le kgaello e kgolo ya phihlello ya dijo.” Haesale tlhabollo ya temo e le taba e ka sehlohlolong ya ditsamaiso ka tatelano ya tsona ho tloha tshimolohong ya demokrasi. Dipakeng tsa 1994 le  Tlhlakubele 2018, katlasa lenaneo la tlhabollo ya mobu, mmuso o se o fane ka mobu wa dihekthara tse 8,4 milione bathong ba neng ba kote tswe nakong e fetileng. Empa kgatelopele ena e ka tlase ho 10% ya mobu ohle wa temo ya kgwebo. Puong ya ka ya Boemo ba Naha pejana monongwaha ke ile ka etsa boitlamo ba hore haufinyane mobu wa temothuo oo e leng wa mmuso o tla lokollelwa temo. Ena ke katleho e kgolo tsamaisong ya tlhabollo ya tsa temo, e bile e fana ka tshehetso tshepisong ya Tokomane ya Tokoloho ya hore mobu o tla arolelanwa le bohle ba o sebetsang.Tjhebelopele ya rona ya ho aba botjha e habile ho tlisa tekano dipakeng tsa toka le tokisobotjha kahisanong,  esita le ho ntlafatsa tlhahiso ya temothuo ka ho kenya dihwai tse ngatanyana tsa batho ba batsho moruong o moholo.Mobu ke ntho ya boleng ba bohlokwa e nang le tlhahiso le phaello mme o ka sebediswa e le tshireletso e tiisang hore motho o tla lefa mokitlane wa hae ka wona haeba a sa kgone ho lefella sekepele seo a se kolotang.Re lokela ho netefatsa hore mobu o reretsweng temo o sebediswa ka nepo. E le ho sireletsa mobu wa mmuso o abilweng bakeng sa temo, kgiro ya wona e ke ke ya fetisetswa ho e mong. Bakgola molemo ba tla tekena tume llano le mmuso mme ba lefe rente e tsamaelanang le boleng ba mobu oo.Re tlameha le ho netefatsa hore dihwai di a tshehetswa tseleng ena e lebisang boi tjarong ba nako e telele esita le ya bokgoni ba ho etsa phaello.E le karolo ya lenaneo lena, bakgolamolemo ba tla rupe llwa ka bolaodi ba ditjhelete le ntshetsopele ya kgwebo. Malebela a re rutile hore hangata dihwai tse ntseng di thuthua di haellwa ke boqhetseke  ba tsa ditjhelete bakeng sa ho utolla menyetla ya mebaraka le ho itahlela ka setotswana mathathamong a dikgwebo tse kgolwanyane.Re beile basadi, batjha le dikowa hore e be bona ba kgolamolemo ba ka sehloo hong.Ho bile le katleho e bonahalang mabapi le ho matlafa tsa basadi tlasa Lewa le Ma tla la Phumantsho ya Mobu (PLAS) le teng hajwale. Diprovenseng tse ngatanyana, basadi ba abetsweng mapolasi ke DLRD ba kgonne ho a sebetsa ka katleho le ho a phahamisetsa tlhahisong ya kgwebo. Ho eketseng hodima phumantsho ya mobu ka bo yona, Lefapha le tswelapele ka ho tsetela meralong ya motheo, disebedisuweng le metjhineng e le ho thusa bahwebi bana ho tsamaisa dikgwebo tsa bona ka katleho.Ho pharalatsa phihlello ya mobu le menyetla ya temo ho tla tshehetsa tlhahiso ya mesebetsi le ntshetsopele ya dikgwebo, ho be ho ntlafatse mebaraka bakeng sa dijo, dihlahiswa le ditshebeletso tsa temothuo.Sepheopheo sa ho neelana ka dikarolo tsena tsa mobu ke ho fetola lepatlelo la temothuo ka ho phahamisa moloko o motjha wa dihwai. Ho hirisa mobu katlasa maemo a matle jwaana ho lokela ho ba fa morolo wa ho ja masapo a hlooho; e seng feela ho hodisa dikgwebo tseo e leng tsa bona empa le ho ntshetsapele karolelano ya moruo le nala dibakeng tseo ba lemang ho tsona.Ba tlameha ho fodisa maqeba a tebileng a dikarohano tsa nako e fetileng. Ba tlameha le ho nyahlatsa ditumelo-kgwela tsa hore ke dihwai tsa ba basweu feela tse atlehileng ho tsa kgwebo Afrika Borwa, le hore dihwai tsa batho ba batsho tsona di tla dula e ntse e le ‘tse thuthuang.’Ho sebetsaneng le mobu ona; ho o fetoleng hore o sebedisetswe tlhahiso e ntle, ba tla fela ba fetole disabole hore e be mehoma. Ba tla fetoha baemedi ba poelano ya setjhaba.