CGE e thusa batho ho fumana tshebeletso ya toka

Dale Hes

Mahlatsipa a  Tlhekefetso  ya Dikgoka e Amang Basadi le Bana (GBV)  ba sokolang ho fumana thuso le tshe hetso eo ba e hlokang, ba kotjwa ho ikopanya le Khomishene ya Tekano ho ya ka Bong (CGE).  CGE e ka o thusa ka ditshe beletso tsa toka dinyeweng tsa kgodiso ya ngwana, dinyeweng tsa tlhekefetso ka thobalano, dinyeweng tsa kgethollo ho ya ka bong le ho tsa GBV , mme e fana ka keletso ya molao le ditshebe letso ho mahlatsipa.
E mong wa khomishene e leng Mofihli Teleki o re o mong wa mesebetsi ya CGE ke ho thusa mahlatsipa ho ritela dinyewe kgotla.
“Lekala la rona la babuelli le felehetsa batletlebi ho ya makgotleng a dinyewe ho bula dinyewe tsa ka malapeng esita le ho ba thusa ho tlatsa diforomo tse tshwanelehang. CGE e bile e na le seabo sa ho lekola dinyewe, ho kenyeletswa ditlolo tsa molao tsa peto le ditlhekefetso ka thobalano, tlhefetso ka motabo le kga tello le polao ya basadi.” CGE e bile e ka thusa lehlatsipa ho fumana tshire letso ya molao mme hangata ba sebedisana hammoho le Lekgotla la Botjhutjhisi ba Naha e le ho etsa bonnete ba hore lehlatsipa le fumana kahlolelo e kgotsofatsang e sa yeng ka leeme. Teleki o ile a hlalosa hore boemong bona CGE e phethahatsa Thomo ya Bohlwedi mme e etsa mo sebetsi wa yona wa ho lekola bakeng sa dinyewe tsa GBV mme e hlahloba dintlha tsa motheo, jwaloka boitshwaro bo sa lokang ba babuelli, ho phetwa ha tlhekefetso ya mahlatsipa a pholositsweng esita le dipotso tsa babuelli tse sa nkeleng hlohong mai kutlo a mahlatsipa.
Ha mahlatsipa a sokola ho fumana ditshebeletso tsa toka Makgotleng a Dinyewe tsa Ditlhokofatso tsa Dikgo ka tsa ka Malapeng, CGE e ka ba emela, ka ho fana ka boemedi ba molao. E bile e na le hona ho fetisetsa mahlatsipa hore a fumane tshehetso ho tsa botsitso ba kelello.
Tshebeletso ya bohlokwaCGE haesale e sebetsa ka nako tsohle le nakong ena ya thibelo ya metsamao ya batho hobane e le tshebe letso ya bohlokwa.
Teleki o re le hoja dinyewe tse ding di fetoletswe nako ka lebaka la thibelo ena ya metsamao, dinyewe tsa bohlokwa tse amanang le tshebediso ya dikgoka ka lapeng esita le tsa GBV di tswela pele ho hlokomelwa ke tshebeletso ya molao.
CGE e etsa bonnete ba hore ditokelo tsa setjhaba di a tshireletswa. “Afrika Borwa ke demokrasi e bule hileng, e tshepetsweng ho sireletsa ditokelo tsa batho tsa motheo, ho kenyeletswa le tokelo ya tekano le seriti se bopeletsweng sa motho sa tlhaho, ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Motheo.” 
Hlahisa tletlebo ya haoMahlatsipa a GBV le tlheke fetso a ka letsetsa nomoro ya CGE e sa lefellweng ho 0800 007 709 e le ho hlahisa tletlebo. Hape ba ka romela molaetsa ho leqephe la Facebook: Gender Commission of South Africa.
