Boqolotsi ba ditaba Afrika Borwa ke tshiya e kgolo ya demokrasi ya rona 

vukuzenzele unnamed

Dinaheng tse ngata tsa lefatshe lohle, sewa sa kokwanahloko ya corona  se thibetse bolokolohi ba ditjhaba tse ngata le ho sitisa dikamano tsa setjhaba ka bosona.
Empa dinaha tse nang le diinstitjushene tse matla, ditshebetso tse hlwahlwa tsa toka esita le boqolotsi bo tjhatsi ba ditaba di bile le hona ho sireletsa ditokelo tsa botho hore di se ke tsa halalwa le bolaodi ba naha hore bo se ke ba sebediswa hampe.
E se e le dikgwedi tse tshe letseng esale maemo a naha a tlokotsi a phatlaladitswe.
Le ka ntle le hore boleng ba bolwetse bona ha bo a ka ba tloha bo tsebilwe pele esita le yona phephetso e matla ya ho etsa hore naha ya batho ba dimiliyone tse 58 ba dule ba le malapeng ba thibetswe metsamao, re sebeditse ha ntle. Re kgonne ho laola ho ata ha bolwetse bona ka lebaka la tshebedisano le bohlwahlwa ba baahi bohle.
Hona ho bakilwe haholo ke mosebetsi o kgabane wa boqolotsi ba rona ba ditaba.
Re lokela ho leboha haholo baqolotsi ba ditaba ba Afrika Borwa ba sebetsang ka matla ba bileng ba nang le boitelo bo matla. Ba ile ba etsa hore setjhaba se dule se na le tsebo ka ho fana ka melaetsa ya bohlokwa ya bophelo bo botle mabapi le ho sielana sebaka dipakeng esita le tlho komelo ya mmele. Ba entse tseo tsohle maemong a thata haholo, ebile hangata ba se na le mehlodi e lekaneng.
Ba ile ba pheta dipale tsa batho tse buang ka hore se kgahla sa ho dula malapeng se amile jwang bophelo le dikgwebong tsa bona. Ba ile ba etela metsana, ditoropo le metse e meholo mme ba tla ka dipale tsa batho ba sa tsebahaleng hakaalo mme ba bile ba hlokomedisa naha ka mathata ao setjhaba se nang le ona dipetlele le ditleliniking, mme hona ho bakile hore mmuso o etse ho hong.
Boqolotsi bona ba rona ba ditaba bo ile ba hlahisa dintlha tse ding tse ngata tseo ka mohlomong di neng di ke ke tsa hlahiswa tsa tsebahala.
Ba ile ba phethahatsa seabo sa bona sa ho ba dihlwela ka ho sibolla diketso tsa bobodu le tsamaiso e fosahetseng, mme hona ha tsosa dinga ngisano tse matla ka hara setjhaba tse ileng tsa etsa hore qetellong ho be le dipatlisiso tsa boemo bo phahameng.
Ka lebaka la dipehelo tsena tsa bona, ba ile ba ikgapela tshepo ho tswa ho setjhaba.
Boqolotsi ba ditaba bo loko llohileng ha bo bolele hore ke qetello ya bona. Ke mokgwa oo ka ona demokrasi e fihle llwang le ho baballwa.
Nakong ena ya sewa sena, boqolotsi ba rona ba ditaba ha bo a phetha feela seabo sa bona se tlwaelehileng sa bohlwela, empa bo ile ba etsa mosebetsi wa bona wa setjhaba ka ho tshehetsa me kutu ya setjhaba ya ho laola kokwanahloko ena ya corona .
Ha re tadima bohlokwa ba boqolotsi ba ditaba bakeng sa bophelo bo botle ba demokra si ya rona, ke tletlebo e kgolo e bonahalang hore jwaloka dikarolo tse ding tsa moruo, tlokotsi ena ya kokwanahloko ya corona  e thefutse matlo a boqolotsi ba ditaba haholo.
Diphatlalatso tse ding di  lahlehetswe ke lekeno la tsona le ka etsang 60% matsatsing a ha re qala feela ka thibelo ya metsamao. Dikhamphani tse ngata di ile tsa lokela ho fokotsa meputso ya basebetsi, ho fokotsa palo ya basebetsi kapa hona ho fokotsa dihora tse sebeditsweng. Ka maswa bi, tse ding tsa diphatlalatso di ile tsa qobeleha ho kwalwa, hara tsona ho na le tse ding tsa mabitso a dikgatiso a tsebisa halang haholo a dimakasine tsa Afrika Borwa.
Ditahlehelo tsa mesebetsi tse bakilweng ke thibelo ya metsamao di bakile tlokotsi ho dikhamphani tsa boqolotsi ba ditaba tse seng di ntse di na le mathata a jwaloka tahlehelo ya ditjhelete tsa dipapatso, kabo e ntseng e theoha e qepha esita le me baraka e ileng ya nkuwa ke dikhamphani tsa ditaba tse rekisang ditaba ka difono fono esita le mekgwa e meng ya theknoloji. Mathata ana a ditjhelete a ile a ba teng hohle dikhamphaning tsa ditaba, ho kenyeletsa tsa mabitso a di kgatiso tsa mo inthaneteng le tsa mangolo a ditaba ao a tlwaelehileng mmoho le tsa kgaso ya setjhaba.
Ena e bile e nngwe ya di taba tse ileng tsa hlahiswa ka matla nakong eo ke buisa nang le South African National Editors’ Forum  haufinyana.
Ho na le ho dulela ho nna ba ingamangama, leha ho le jwalo, indasteri ya boqolotsi ba ditaba e sebetsa ka matla ho hlabolla mekgwa ya yona ya kgwebo, ho ntshetsa pele boitshimollelo le ho baballa basebetsi kamoo ba ka kgo nang ka teng.
Ka tsela e jwalo, boqolotsi ba ditaba ke setheo se ikgethi leng ka hara setjhaba sefe kapa sefe hobane baphethahatsi ba na le seabo sa bohlokwa ba keng sa taolo ya demokrasi ya rona. Ba hlaha setjhaba lese ding ka tse etsahalang esita le ho disa hore batho ba fuweng matla ha ba iketsetse kamoo ba ratang ka teng.
Re batla baqolotsi ba banga ta ba ditaba, eseng ba fokoditsweng. Ke ka hona tahlehelo ya moqolosi a le mong feela wa ditaba eseng feela ya indasteri empa e le tahlehelo ho naha kaofela.
Re batla diqhoku tsa me kaubere ya baqolotsi ba di taba, ba tlisang boiphihlelo bo bongata le dikgopolo tsa kgale tsa institjushene, mme ba kgona ho fana ka dipehelo tsa mahlakore ohle le tshe katsheko e theilweng hodima dintlha. Ka ona mokgwa o jwalo, re batla batjha ba eketsehileng ba baqolotsi ba ditaba ka hara mosebetsi ona mme e le batjha ba nang le boitsebelo ba theknoloji, ba na le tsebo ya mekgwa e metjha ya ho pheta dipale le tsebo ya ditletlebo tsa batjha.
Jwaloka setjhaba, re lokela ho fa boqolotsi ba ditaba tshe hetso ka botlalo. E ka ba ka ho ikgethela ho lefela mananeo a ditaba, ho tshehetsa pokele tsong ya ditjhelete tsa ho thu sa ho boloka mesebetsi ya bo qolotsi, ho lefella ditefello tsa laesense ya SABC kapa hona ho reka koranta feela, bohle re ka ba le seabo ho tshehetsa  indasteri ena e nang le mathata.
Jwaloka mmuso, le ka ntle ho maemo a kganyang a atle hileng a moruo, re tla tswe la pele ho eketsa dipapatso tse etsetswang diphatlalatso le kgaso, haholoholo boqolotsi ba ditaba tsa setjhaba.
Makala a poraefete le ona a lokela ho tswela pele ho tshehetsa indasteri ka ho etsa dipapatso le ho sebedi sana le matlo a boqolotsi ba ditaba bakeng sa tlhahiso ya mananeo a boitshimollelo a tsamaelanang le metjha ya tsamaiso ya boqolotsi ba ditaba lefatsheng. Bafani ba ditjhelete ba ka naheng le banyehelani ba mekgatlo le bona ba lokela ho hlahella mme ba tshehetse mekutu ena ya boqolotsi ba ditaba e mo lemong wa setjhaba, jwaloka ha ho etswa jwalo mererong e mengata ya demokrasi.
Ho ata ha ditaba tseo eseng tsa nnete tsa boiqapelo nakong ya sewa sena, haholoholo ho ya ka tshebediso ya ma rangrang a dikgokahano tsa setjhaba, ho ekeditse tlhoke ho ya ditaba tse ngata tse nepahetseng, tse tshepa halang le tse sa yeng ka leeme. Nakong ena batho ba rona ba itshepetse ho lesedinyana le tswang ma tlong a rona a tsebahalang a boqolotsi ba ditaba bakeng sa phumano ya dintlha tse tshepahalang, hape e le ntho e supang bohlokwa ba tsona demokrasi ya rona.
Ha re qala mosebetsi wa ho aha botjha moruo wa rona kamora maputula ana a sewa sena, indasteri ya boqolotsi ba ditaba e tla batla tshehetso ya rona haholo le ho feta mehla yohle. Boqolotsi ba ditaba bo lokolohileng bo kile ba hla loswa e le ‘mohlokomedi ya sa otseleng wa tokelo efe kapa efe eo e leng kgau e lokollang banna kapa basadi’.
Jwalokaha re babatsa seabo sa bona bakeng sa sewa sena, ha re etseng seo re ka se kgo nang ho etsa bonnete ba hore boqolotsi bo lokolohileng le bo fapaneng ba ditaba ka hara naha ya rona bo na le hona ho lopoloha le ho tswela pele kapa hona ho atleha.  