Lekgotla la dinyewe le tshehetsa mahlatsipa a GBV 

More Matshediso 

Haeba o sutluwe ke Tshebediso ya Dikgoka ho tsa Bong (GBV) mme o hloka tshehetso lekgotleng la dinyewe, Lekgotla la Naha la Botjhutjhisi, (NPA) le na le ditshebeletso tse ikgethileng tse ka o thusang.
Lenanaeo la Boitokisetso ba Kgotla la Ke Bona Lesedi le teng Makgotleng a Ditlolo tsa Motabo le makgotleng a mang a a sebe-tsanang le GBV . Ke Bona Lesedi e bolela ‘ho bona lesedi’ ho tswa phetholelong ya Setswana. Lehlatsipa la GBV le ka kenya kopo ya lona ho NPA bakeng sa ho fumana thuso. Motjhutjhisi e moholo wa setjhaba kapa mookamedi wa boitokisetso ba lekgotla la dinyewe o tla hlwaya moofisiri ya nepahetseng ho ka thusa. “Thuso ena ha e tshepiso hore ho tla ba le diqeto tse itseng mabapi le nyewe e bile hape maitemohelo a motho e mong le e mong ha a tshwane le a ba bang. Le ha ho le jwalo, tshebeletso ena e thusa ho matlafatsa le ho kgutlisa seriti sa lehlatsipa.” ho bolela setsopolwana se tswang ho NPA.Ho na le diofisiri tsa boitukisetso ba makgotla a dinyewe tse 161 makgotleng a dinyewe a fapaneng naheng ka bophara.Thuso ena ke enngwe ya me-kgwa e fapafapaneng e tliswang ke mmuso ho tobana le leqeme la GBV . Ho ya ka NPA, ofisiri ya boitu-kisetso ba lekgotla la dinyewe e sebetsang lekgotleng la dinyewe le motletlebi, lehlatsipa, ya pholohileng kapa paki a tla fang bopaki teng o tla holahana le bona.Ofisiri ya boitokisetso ba lekgotla la dinyewe e tla ba teng ho tshehetsa motletlebi lekgotleng ho fihla nyewe e ya qetelong. Disebediswa le ditekgenini tse ikgethileng di sebedisetswa ho bontsha lehla-tsipa hore le sekehetswe tsebe, le tshirelleditswe le ho hlomphuwa.  Batletlebi ba ka bua le ka puo ya bona mme ofisiri ya boitokisetso ba lekgotla la dinyewe e tla etsa bo-nnete ba hore lehlatsipa le fumane khansele kapa ho thojwa maikutlo, ho phethela pholo ya bona. Basadi le bana ba bangata ba amuweng ke GBV , ho tea mohlala, ba kileng ba betwa, ba na le letshoho la ho hlahella kgotla le ho fana ka bopaki le ho phetha dintlha tsohle tse etsahetseng ka pele ho batho feela. Tshebeletso ena e tla etsa hore ba ikutlwe ba lokollohile ebile ba phuthollohile.
DITABA TSE AKARETSANGO ka ikgokahanya le Motsamaisi/Mohlophisi wa O ka ikgokahanya le Motsamaisi/Mohlophisi wa Boitokisetso ba Lekgotla porofinsing ya hao ka Boitokisetso ba Lekgotla porofinsing ya hao ka ho letsetsa kapa ho romela imeile o sebedisa ho letsetsa kapa ho romela imeile o sebedisa dintlha tse latelang tse ka tlase:dintlha tse latelang tse ka tlase:
•	•	Kapa	Botjhabela	(Grahamstown)Kapa	Botjhabela	(Grahamstown)	–	Pumla	Nomfemele	–		041	502	5443	–	Pnomfemele@justice.gov.za	•	•	Kapa	Botjhabela	(Mthatha)Kapa	Botjhabela	(Mthatha)	–	Sindisiwe	Buthelezi	–		047	047	501	2646	–	Sbuthelezi@npa.gov.za	•	•	 ForeistataForeistata	–	Ena	Liebenberg—	051	410	6029	–							 				Eliebenberg@npa.gov.za	•	•	Gauteng	(Johannesburg)Gauteng	(Johannesburg)	–	Asewa	Fundi	–	011	220	4085	–	Afundi@npa.gov.za	•	•	Gauteng	(Pretoria)Gauteng	(Pretoria)	–	Esther	Kabini	–	012	351	6713	–	Ekabini@npa.gov.za	•	•	Kwa-Zulu	NatalKwa-Zulu	Natal	–	Roelien	Wiesner	–	033	3928712	–	Rwiesner@npa.gov.za	•	•	LimpopoLimpopo	–	Reneilwe	Mashamaite	–	015	483	0302	–	Rmashamaite@justice.gov.za	•	•	Kapa	LebowaKapa	Lebowa	–	Henley	Nathan	Sass	–	054	337	5375	–	HSass@justice.gov.za	•	•	Lebowa	BophirimaLebowa	Bophirima	–	Mmanotshe	Seletisha	–																	012	700	9000	–	seletisha@justice.gov.za	•	•	Kapa	BophirimaKapa	Bophirima	–	Gary	Titus	–	021	487	7287/																	021	421	7287	–		Gvtitus@npa.gov.za	•	•	Ntlokgolo	ya	NPANtlokgolo	ya	NPA	–	Karen	Tewson	–	012	845	6399/							012	812	6399	–	Ktewson@npa.gov.zaDinomoro tse ding tsa kgolahano tseo o ka di bolokang:
•	SAPS	Emergency	Service :	10111.•	Setsha	sa	Taelo	sa	GBV:		0800	428	428	kapa	o	penye	*120*7867#	fonofonong	e	nngwe	le	e	nngwe.•	Batho	ba	phelang	ka	bohole:	Romela	lentswe	le	reng	‘help’	ka	SMS	ho	31531.•	Women	Abuse	Helpline :	0800	150	150.•	Childline	South	Africa :	0800	055	555.	•	SAPS	Crime	Stop :	0860	10111	or	SMS		32211.•	Ditlaleho	tse	amanang	le	tshebetso	tsa	GBVF-	(SAPS):		0800	333	177/complaintsnodalpoint@saps.gov.za•	Domestic	Violence	Helpline :	0800	150	150.	•	AIDS	Helpline :	0800	012	322.
