Loetse 2020 Kgatiso 2Woza Matrics  e thakgotswe

Dale Hes  

Baithuti ba Mopa to wa Metiriki ba selemo sena ba ile ba tlameha ho teana le diphephetso tse ngata ka lebaka la kokwanahloko ya  corona (CO-VID-19).
Lefapha la Thuto ya Mo-theo le entse bonnete ba hore ho bulwa hape ha dikolo ka tshireletseho ke enngwe ya dintlha tse ka sehlohong lenaneng la bona, mmoho le ho tshehetsa baithuti ka mananeo a fapafapaneng hoba thusa ho ka qeta selemo sa dithuto ka katleho. Le leng la mananeo ana ke la Woza Matrics , le thakgo-tsweng ka la 1 Loetse mmoho le ditshebeletso tse itseng tsa kgaso le ditsebi tsa thuto. Jwaloka karolo ya lenaneo la ho kwala sekgeo dithutong tse tsheletseng tsa metiriki tse haswang ho SABC, DSTV le Openview  (Channel 122) letsatsi le leng le le leng ho isa dibekeng tse 12, ho tloha ka hora ya borobedi hoseng ho isa ka hora ya leshome hoseng le ka hora ya bong motshehare ho isa ka hora ya boraro mantsibuya. Sepheo ke ho thusa baithuti ho itokisetsa dihlahlobo tsa bona tsa ma-kgaola kgang. Polatefomo ena e nehelana hape le ka dithuto tse phelang, tseo ho tsona baithuti ba ka botsang matitjhere dipotso. Dikeletso tsa dihlahlobo le tsona di a fumaneha Woza Matrics e amohela hore le ha baithuti kaofela  ba senyehetswe ke nako ya sekolo, baithuti ba Mophato wa 12 ke bona ba amehileng haholo, ka ha dimaraka tsa bona di le bohlokwa haholo bakeng sa ho fumana mesebetsi le ho amohelwa diyunivesithing.Letona la Thuto ya Mo-theo Angie Motshekga o itse lenaneo lena ke la bohlokwa haholo, ho sa lebalwe hore ho bile le ditshetiso tsa dithuto tse bakilweng ke COVID-19 . “Metiriki hangata e ba thata, empa 2020 e bile boima haholo. Ke rata ho tlotla baithuti bohle ba Mophato wa 12 le ba malapa a bona bakeng sa mamello le boitelo ba bona. Ho pepeneneng hore tshehe-tso e eketsehileng e a hlokeha bakeng sa baithuti mme re tla tswella pele ho ba neha yona.
Ho se ho setse dikgwedi tse mmalwa feela hore selemo se fele mme Woza Matrics  e tla neha baithuti tshehetso eo ba e hlokang ho itokise-tsa dihlahlobo tsa makgaola kgang,” o buile jwalo.Lenaneo le ikgethile ka ha le tobane le boholo ba baithuti ba Mophato wa 12 naheng ka bophara mme ba se nang phumano ya inthanete ebile ba se na disebediswa tsa dijithale. Dikgaso tsa dithuto di tla fumanwa ke baithuti ba fetang dimiliyone tse 1.2 ba ngolang dihlahlobo tsa Metiriki ka kgwedi ya Pudungwana. Lekgotla la Matona a Thuto le kgothalleditse baithuti le batswadi kaofela ho sebedisa polatefomo ena. Mookamedi e Moholo (CEO) wa Lekgotla la Kgaso la Afrika Borwa (SABC) Madoda Mxakwe o itse kgaso e motlotlo ka hoba karolo ya lenaneo lena. “Re thabile ho ba ba bang ba banka karolo ba bohlokwa ba ho pholosa selemo sa 2020 sa Meteriki. Jwaloka kgaso ya tshebele-tso ya setjhaba re tlamehile ho etsa bonnete ba hore mananeo a rona a kenyelletsa mananeo a thuto, haholo nakong ena eo e hlokahalang haholo.Dipotso tsa hao di a arajwaKe dithuto dife tse tla akaretswa?•	Maths																																																																																																																																																•	Geography•	Life	Sciences			•	Physical	Sciences			•	Accounting			•	Maths	Literacy.	Hobaneng ho kgethilwe dinako tsena ka hobane baithuti ba tla be ba le sekolong?•	Dinako	tsa	ho	ya	sekolong	di	a	fapana	ho	ya	ka	dikgao-lo	le	ho	ya	ka	diporovinsi,	jwaloka	ha	ho	imatahanngwa	le	mehato	ya	ho	se	atamelane.	Baithuti	ba	bangata	ba	Metiriki	ba	tla	be	ba	le	hae	ha	mananeo	ana	a	haswa.	•	Palo	e	nngwe	hape	e	nyane	feela	le	yona	ke	ya	baithuti	ba	ithutelang	lapeng.	•	Dikgaso	tse	kgolo	di	tla	phetwa	ka	hora	ya	bone	mantsibuya	ho	Openview	mme	di	fumanwe	hape	ho	DSTV	Catch-Up .	Hobaneng ho thusiwa barutwana ba Metiriki feela?•	Mametiriki	a	ka	tlase	ho	kgatello	e	kgolo	ya	ho	nka	diqeto	tse	amang	maphelo	a	bona	ha	ba	se	ba	qetile	ho	kena	sekolo.•	Mametiriki	a	kopane	le	ditshitiso	tse	ngata	tse	kgolo	dithutong	tsa	bona	tsa	sekolo	ho	tloha	ka	Hlakubele	2020	ka	lebaka	la	hore	kharikhulamo	ya	bona	ha	e	soka	e	kgutsufatswa.•	Mametiriki	a	saletse	morao	dithutong	tsa	bona.
Sekejule sa ho sheba mananeo ke se fumana kae?Sekejule	sa	ho	sheba	mananeo	se	teng	sekejuleng	sa	tataiso	ya	TV	le	ho	wepsaete	ya	Woza	Matrics 	ho	woza-matrics.co.za.	Mananeo	a	phetwang	le	ona	a	teng	moo.	Na e teng tshehetso e nehwang batswadi le matitjhere?Ee.	Sekejule	sa	ho	sheba	mananeo	se	tla	ba	le	mananeo	a	nang	le	dikeletso	ho	thusa	batswadi	ka	hore	ba	ka	tshehetsa	bana	ba	bona	ba	etsang	Metiriki	jwang.				Mananeo	a	mang	a	tla	eletsa	matitjhere	mme	Lefapha	la	Thuto	ya	Motheo	le	polatefomo	ya	lona	ya	Teacher	Connect	ya	WhatsApp	le	tla	e	sebedisa	ho	romella	matitjhere	melaetsa	ya	bohlokwa.	Na ho tla ba le tsepamiso mabapi le ho lwantshana le kgatello e tobileng Mametiriki?Ee.	Ho	tla	ba	le	mananeo	a	tla	tobana	ka	ho	otlolloha	le	phano	ya	dikeletso	bakeng	sa	boitekanelo	ba	baithuto,	ho	emelana	le	kgatello	ya	monahano	le	ho	laola	letshoho.
	Ha o batla ho tseba haholwanyane, etela weposaete ya Woza Matrics ho wozamatrics.co.za kapa  o romele imeile hoinfo@wozamatrics.co.zaLENANEO LA WOZA MATRICS le tobane le ho thusa baithuti kaofela ba Mophato wa 12 ho pasa dihlahlobo tsa bona tsa makgaola kgang.
