Sirelletsa basadi le bana ba rona

vukuzenzele unnamed

Selemo se fetileng, hantle letsatsing lena, diketekete tsa basadi, banna le bana ke ha ba kgwantela Palamenteng ho itseka kgahlanongle leqeme la dipeto le dipolao tsa basadi le barwetsana.
Nakong eo setjhaba se ne se llela mafu a Uyinene Mrwetyana, Leighandre Jegels, Jesse Hess le ba babang ba basadi ba bangata ba lahlehetsweng ke maphelo a bona matsohong a banna ba kgopo. Ho tswa mahlakoreng ohle a se-tjhaba, basadi ba batjha le ba ba-holo, ba baithuti le ba sebetsang, baitseki bana ba itsekileng ho sena merusu ba ne ba tshwere dipolakhathe tse neng di ngotswe jwana ‘Enough is Enough ’ le ‘Am I next?’. Bohloko le ho tetebela ha maikutlo ho ne ho phahame le-tsatsing leo. Ha ke ne ke fumana ditletlebo tsa bona tse hlakileng, ho ne ho hlakile ho nna hore re lokela ho nka dikgato ka nako le ka boitelo. Ho ne ho le bohlokwa ho nna hore ha ke araba ke se arabele ka mantswe a fofotsang le ka ditshepiso tse kekeng tsa phethahatswa. Matsatsing a mmalwa a late-lang, ke ile ka bitsa kopano ya komiti ya Palamente, moo ho ileng hatlalewa Leano la Tshohanyetso la Mohato wa Boikarabelo la R1.6 billion ho lwatshana le tshebe-diso ya dikgoka e itshetlehileng hodima bong le dipolao tsa basadi (GBVF).Nakong ya yona ya dikgwedi tse tsheletseng tsa ho kena tshe-betsong, tshebediso ya ditjhelete tsa setjhaba mafapheng a fapaneng a mmuso e ne ya suthiswa ho tshe-hetsa matsholo a ho hlokomela le ho tshehetsa bapholohi, le bakeng sa matsholo a tshedimoso le a te-moso, ho ntlafatsa melao le mana-neo, ho ntlafatsa boimatlafatso ba moruo ba basadi le ho matlafatsa disesitimi tsa botlokotsebe. Jwale re nakong eo ho yona re leng mothating wa ho fetola maano a ho lwantsha ntwa kga-hlanong le GBVF. Dibili tse tharo tse amanang le tshebediso ya dikgoka e itshetle-hileng hodima bong (GBV) di se di hlahisitswe Palamenteng hau-finyana tjena. Ka tlhahiso ya Dibili tsena, re hlompha tshepiso eo re e entseng ho batletlebi selemong se fetileng le ho basadi kaofela naha ka bophara.Dibili tse tharo tse hlomathi-sitsweng di etseditswe ho kwala dikgeo tse dumellang batlodi ba molao ba diketso tsena hore ba se kgone ho baleha molao mmoho le ho nehelana ka ditokelo tsa setjha-ba tsa basadi le bana.Hang feela ha Dibili tsena di phethelwa, di tla thusa ho buse-tsa serithi sa basadi ba naha le ho etsa hore ba dumele hore molao ka nnete o tla ba tshirelletsa.Ntlha ya pele ya Bili ke ho fe-tola Molao wa Botlokotsebe wa (Ditlolo tsa Motabo le Dintlha tse Amanang le Tsona). Hona ho tlisa tlolo ya molao e ntjha ya letshoho la motabo, le atollohelang ho tlolo ya molao ya batho ba amanang haholo ka leloko, mme ho tlale-hwa lokela ho tlalehwa batho ba belaellwang hore ba entse ditlolo tsena kgahlanong le bana.Hona ho atolosa letlowa laRejistara ya Setjhaba ya Batlodi ba Motabo (NRSO) ho kenyelletsa dintlha tsohle tsa batlodi bohle ba ditlolo tsa motabo. Ho fihlela jwale, bili ena e kentse feela ho batlodi ba molao wa motabo ba ahlolelwang ditlolo tsa molao tse etsahalang baneng le kapa bathong ba phelang ka bohole ba monahano. Nako eo dintlha tsa motlodi wa molao di tla beng di le rejisitareng e ekeditswe, mme bao mabitso a bona a leng lenaneng la rejisitara ba tla lokela ho senola tsena ha ba etsa dikopo tsa ho sebetsa le batho ba se nang matla a ho itwanela. Hape Bili ena e etsa sebaka sa mabitso a batho ba hlahellang ho NRSO hore a behwe pepeneneng. Bili ya Botlokotsebe le Dintlha tse Amanang le bona e matlafatsa hara tse ding, ho nehelwa ka beili ha batlodi ba molao wa GBVF, hape o nehelana ka katoloso ya hore ditlolo tsena di behelwe bonyane bo itseng ba dikotlo.Ntjhafatso ya molao ona e fana hape le ka boitlamo bo botjha ho diofisiri tse phethahatsang molao le makgotleng a rona a dinyewe.Ha motjhutjhisi a sa hanele beili dinyeweng tsa GBV , o lokela ho hlakisa mabaka a hae mme ba a re-kote. Ntle le ha motho ya qoswang ka GBV a ka nehelana ka mabaka a ikgethileng a hore hobaneng a lokela ho ntshwa ka beili, lekgotla la dinyewe le lokela ho laela hore ba dule tjhankaneng ho fihlela diqoso le nyewe e phethelwa. Ho fihlelleng qeto ya kopo ya beili, dinyewe di tlangwa ho she-bisisa mabaka a itseng. A knye-lletsa raporoto ya pele ho nyewe e nehelang ka bohlokwa ba ho lokolla moqosuwa ka beili, ditsho-so tsa dikgoka tse ka etswang ho mopholohi, le ntlha ya mopholohi mabapi le tshireletseho ya hae.Ha ho tluwa tabeng ya parola, motletlebi kapa e mong wa leloko la lehlatsipa le hlokahetseng o lokela ho ba kemeding ya lekgotla la parola. Ho lebelletswe sekgahla se hodimo sa tshebediso ya dikgoka e ka hare ho naha ya rona balekaneng, re matlafaditse mehato ya Molao wa Tshebediso ya Dikgoka Malapeng.
Tshebediso ya dikgoka malepeng jwale e se e hlaloswa ho kenyelletsa batho ba tshepisaneng lenyalo, ba ntshananng, dikamanong tsa setso tabeng tsa marato, dikamano tse kenelletseng, kapa dikamanong tsa motabo tsa nako efe kapa efe. Bili ena hape e atollotse tlhaloso ya yona ya ‘tshebediso ya dikgoka malapeng’ ho kenyelletsa tshire-lletso ya batho ba baholo kga-hlanong le tlhekefetso matsohong a maloko a malapa a bona.Batletlebi ba tla fumana monye-tla wa ho etsa kopo ya taelo ya tshirelletso ka inthanete. Ho thi-bela maemo ao ho ona batlodi ba molao ba ka patang nalane ya bona e fetileng ya tshebediso ya dikgoka malapeng, ho tla thehwa sesiu sa ditaelo tsa lekgotla tsa tshireletso.Dintjhafatso tse entsweng tsa molao hape di tlama Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, Lefapha la Thuto ya Motheo, Lefapha la Thuto e Hodimo le Lefapha la Bophelo bo Botle ho nehelana ka ditshebeletso ho bapholohi moo ho hlokahalang le ho ba romela bodulong bo bolokehileng le ho ba nehela kalafo.Mabaka ao motjhutjhisi a ka hanang ho ka hlahlela nyewe ha ditlolo tsa molao di entswe tlasa Molao wa ntjhafatso kapa a qhala nyewe eo ho yona ho nang le dike-tsahalo tsa ho lematswa kapa eo ho yona ho sebedisitsweng sebetsa ho tshosa motletlebi a le tshopodi.Moo ho nang le mehato e sisi-ntsweng ya ntjhafatso ya Molao, ha motho a na le tsebo, tumelo e sa belaetseng kapa kgwao ya hore ketso ya tshebediso ya dikgoka malapeng e entswe kgahlanong le ngwana, motho ya phelang ka bohole kapa ho leqheku, mme a hloleha ho e tlaleha ho mosebelletsi wa setjhaba kapa Tshebeletsong ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) motho eo a ka fuwa kotlo kapa a kwallwa.Ka lehlakoreng le leng, ha leloko la SAPS le hloleha ho ikamahanya le boitlamo ba mosebetsi wa bona, tlasa Molao ona, hono ho tla nku-wa e le tlolo ya molao mme ho tla lokelwa ho tlelehuwa ho Tshebe-letso ya Sepolesa ya Mongodi wa Setjhaba.Molao ke ona feela o tshirelle-tsang setjhaba kaofela, haholoholo bathong ba senang matla a hoitwanela. Ha molao o ka sebediswa ka tshwanelo le ka toka, ke sebetsa sa bohlokwa sa toka.Basadi ba Aforika Borwa bautlwile ke dikgato tse sesane tse sa arabeleng dillo tsa bona ha ho tluwa ditokelong tsa batho bohle tsa motheo – ho phela ka bo-lokolohi ntle le letshoho.Mmuso ona mmoho le basebetsi ba ona o tla etsa bonnete ba hore toka e phethahatswe basading ba Aforika Borwa. Re ke ke ra ba phoqa.