Ha re bolokaneng

vukuzenzele unnamed

Naha ya bo rona e se e fetetse mo hatong wa bobedi wa tlhokomediso karabe long ya rona ho sewa sa kokwanahloko ya corona .
Sena se tlile e le kimollo ho maAfrika Borwa ka ofela a neng a tshwanela ho phela tlasa dithibelo tse matla bakeng sa dikgwedi tse tsheletseng tse fetileng.
 Ke letshwao la kgatelopele eo re e etsang mabapi le ho fokotsa ditshwaetso tse ntjha le boima hodima ditsha tsa rona tsa kalafo. E boetse ke ntshetsopele ya bohlokwa jwaloka ha re tsitlallela ho qala botjha moruo wa rona.
 Feela e sa le hoseng hore re ka keteka.
 Re ntse re le mahareng haholo a sewa sena se bolayang se seng se fetile ka maphelo a fetang 11 000 ka hara Afrika Borwa feela.
Re iphumana re na le di tlaleho tse etsang halofo ya milione tse tiiseditsweng, re ntse re na le ditshwaetso tse maemong a bohlano tse phahameng ka ho fetisisa lefatsheng. Ho ntse ho na le monyetla wa hore lefu lena le ropohe botjha.
 Haeba re batla se re hopo tsang ka botlalo hore re lokele ho fadimeha, ke hore re shebe se etsahetseng dikilomithara tse dikete hole le rona e leng naheng ya New Zealand. Dikgwedi tse tharo esale naha eo e tsebahatsa hore ha e sa na kokwanahloko ya corona , New Zealand e boetse e hlasetswe ke ho kginwa ha ditshebeletso hape. Leha ho ropoha ha moraorao e ne e le ha ditlaleho tse mmalwa, mmuso oo o ile wa potlakela ho kenya dithibelo tshebe tsong hape.
 Dithibelo tse tshwanang le tseo di ile tsa lokela ho kenngwa tshebetsong hape dikarolong tse mmalwa tsa Yuropa kaha di ile tsa hlaselwa ke ‘leqhubu la bobedi’ la ditshwaetso.
Diketsahalo tsena di bontsha feela kamoo dintho di ka fetohang ka potlako ha re tla tabeng ya COVID-19 .
 Sena ke tlhokomediso ho rona ba ntseng ba ithetsa ka hore re se re le haufi le ho bona pheletso ya bothata bona ba maemo a hlobae tsang bophelong ba setjhaba.
Ehlile ho na le matshwao a tlisang tshepo. Palo ya ditlaleho tse ntjha tse tiiseditsweng ka hara  Afrika Borwa e ntse e tswella ho theoha. Sehlohlolong sa lefu lena kgweding e le nngwe feela e fetileng, re ne re ba le ditlaleho tse ntjha tse ka fihlang ho 12 000 ka letsatsi. Sena se theohetse ho palohare ya bonyane  5 000 ka letsatsi bekeng ena e fetileng. Sekgahla sa rona sa ho hlaphohelwa se eme ho 80%.
 Jwaloka ha naha e fetela mohatong wa bobedi wa tlhokomediso, dithibelo tse ngata tsa diketsahalo tsa kahisano le tsa moruo di nyehlisitswe. Sena se tla tla ka kotsi ya ho eketseha ha ditshwaetso.
 Jwale re lokela ho laola kotsi ena le ho netefatsa hore seo re se fihletseng ho fihlela mona mabapi le ho laola ho ata ha sewa sena ha se re kgutlisetse morao. Tshoso e matla ka ho fetisisa bophe long ba setjhaba hajwale ke ho itebala. E ka nna ya ba re dumeletswe ho etela me tswalle le ba malapa, ho ya dibakeng tsa boithabiso, ho tsamaela monate le ho nwa tahi le ho ya direstjhure nteng, dibareng le ditame neng.
 Feela maele a kgale a re, ho kgona, ha ho bolele ho tlameha.
 Batho ba bangata ba nang le kokwanahloko ya corona  ha ba na matshwao mme ha ba tsebe le hore ba na le tshwaetso. Sena ke nnete e tshosang hobane se bolela hore mang le mang e ka nna ya ba o na le tshwaetso mme a ka tshwaetsa ba bang ntle le maikemisetso.
 Sena e ka ba ntho e etsa halang ha motho a etela ba leloko, haholo-holo ba seng ba hodile le ba ntseng ba tshwerwe ke mafu a mang a ka etsang hore ba tshwae tsehe ha bonolo. Ho boetse ho jwalo ka ho ya ditshebe letsong tsa bodumedi kapa mesebetsing ya botjhaba.
 ‘Leqhubu la bobedi’ la ditshwaetso leo dinaha tse ding tse mmalwa di bileng le lona ke kgonahalo e dulang e le teng ya hore le rona le ka re fihlela. Leha ho nyehlisitswe dithibelo tse ngata, ha ho bolele hore di keke tsa kgutla haeba ho ka ba le ho phahama ho matla ha ditshwaetso. Sewa sena ke taba ya bophelo le lefu.
Re lokela ho se tlwaela le ho dula re fadimehile.
 Matsatsing a tlang, dibekeng le dikgweding tse tlang, re lokela ho tsepamisa maikutlo ka matla maite kong a ho hlaphohelwa.
Moruo wa rona le setjhaba di thefulehile haholo. Jwalo ka ha re kgutlela mesebe tsing ya moruo ho phatlalla le diindasteri kaofela – mme re ilo sebetsa le ho lokisa moo ho senyehileng – re na le boikarabelo ba hore re se itebale jwaloka batho ka bo mong, bahiri, badudi, malapa, ditsebi, basebetsi le baahi.
 Ha ho le ya mong wa rona ya batlang ho kgutlela ma tsatsing a pele a ho kginwa ho matla ha ditshebeletso le metsamao ya batho. Re batla ho tswela pele ka maphelo a rona. Re batla ho bona me tswalle le baratuwa ba phe tse hantle le ho bolokeha.
Jwaloka setjhaba, ha re tswe lleng ho sebetsa mmoho ho netefatsa hore re hatela pele. Ho fetela mohatong wa bobedi wa ho kginwa ha ditshebeletso ‘ha se ma ntlwane.’ Melawana ya ho sielana sebaka, ho kenya di maske, dikopano tsa setjhaba le maeto a matjhabeng e ntse e dutse e le jwalo.
Katleho ya rona e itshetle hile hodima bokgoni ba rona ba ho ikobela melawana ena le ho netefatsa hore bohle re itshwara ka hloko le ka boikarabelo.
Kamehla ha re nahana ka ho etsa mosebetsi o sa hlokeheng, re lokela ho ipo tsa hore: kgonahalo e ka ba efe ya ho tshwaetsa ba bang kapa ho tshwaetswa? Moo ho ka bang kotsi, leha e ka ba e nyane, ho molemo hore o se be moo.
Ha re tswelleng, jwaloka kamehla, re fadimehe. Ha re bolokaneng.  