Ho laola COVID-19 : Lapeng le setsing se hlwahilweng 

Allison Cooper

Haeba o sa kgone ho ikgetholla, letsetsa Mohala wa Naha wa ka Nako Tsohle wa Kokwanahloko ya Corona  ho 0800 029 999 mabapi le tlhahisoleseding ka setsi sa boikgethollo kapa khwaranteni.HO BOHLOKWAHLOKWA  ho ikgetholla ho ikgetholla ho batho ba bang, ekaba ho batho ba bang, ekaba lapeng kapa setsing sa boikgethollo sa mahala, haeba o ena le lapeng kapa setsing sa boikgethollo sa mahala, haeba o ena le COVID-19COVID-19 ..
Boholo ba Maafrika Borwa a nang le ko-kwanahloko ya corona  (COVID-19) ha ba kgone ho kena boikgetho-llong hobane matlo a bona a manyenyana haholo hore ba ka kgona ho phela le ho ro-bala ka phaposing eo ba sa e kopanelang le motho e mong. Mmuso o netefaditse hore ditsi tse hlwailweng tsa boikgethollo di a fumaneha ho batho ba nang le tshwae-tso, le ditsi tse hlwailweng tsa khwarantine di a fumaneha ho batho ba ntseng ba emetse diphetho tsa bona tsa diteko. Ditshebeletso tsena bobedi ke tsa mahala.Ho ya ka Ngaka MarlinMcCay, ngaka e sebetsang mane Florida, West Rand, ntho ya pele eo o tlamehang ho e etsa ha o se o fumanwe o ena le COVID-19  ke ho foko-tsa ho ata ha tshwaetso. “O batla ho tshireletsa ba lelapa la hao,” o rialo. Ho etsa sena, o tla hloka ho ya boikge-thollong – ekaba lapeng kapa setsing sa boikgethollo.“Haeba o le boikgethollong hoo ho bolela hore o tlameha ho fumana karolo ya ntlo moo o tla bang mong mme o sa kopane le batho bohle ba lelapa. Ha ho motho ya tlamehang ho atamela ho wena sebaka sa dimetara tse tharo. O tlameha ho ja o le mong; o sebedise dikgaba le dijana tsa hao o le mong; o sebedise phaphosi ya ho hlapela o le mong; haeba ho kgonahala; mme o netefa-tse hore ha o be le kamano le mang kapa mang ka lapeng.“Ngaka ya hao kapa mohlokomedi wa hao wa sethatho o tlameha o thusa ka meriana e itseng ya bohlokwa ho bebofatsa boholo ba ma-tshwao, haholoholo dintho tse kang mmele o opang kapa mahlaba, hlooho le feberu. Ho boela ho ena le divi-thamini tse hantle tseo o ka di sebedisang ho dula o phetse hantle,” o rialo.Ho boela ho le bohlokwa ho fumana phomolo le metsi a lekaneng kapa dino tse hla-kileng ho netefatsa hore moroto wa hao o dula o hla-kile. Boholo ba batho ba nang le bohloko bo mahareng ba tla ikutlwa ba eba betere-nyana ka mora beke eo ba bo-ntshitseng matshwao a bona a pele, empa ho bohlokwa ho beha leihlo matshwao a hao ka hloko.
Haeba o ka ba le matsh waoa tshohanyetso, jwalo ka ho sokola ho hema, mahlaba a ka sefubeng kapa kgatello ka sefubeng e sa feleng, wa kgohlela madi, wa ikutlwa o ferekane, mme o dula o robetse haholo kapa o ba le melomo kapa sefahleho se bolou o tlameha ho letsetsa ambolense kapa o ye sepetlele hanghang.Ditsi tsa KwaranteniHo ba sa kgoneng ho ikge tholla ho bao ba dulang le bona ka tlung, mmuso o thehile ditsi tsa kwaranteni tsa mahala hohle naheng ho o tshireletsa le baratuwa ba hao.Mmuso wa profensi ya Kapa Bophirima o phatlala-ditse tse ding tsa ditshwaelo tsa bakudi ba tswang ditsing tsa boikgethollo. Marie Jantjies ya tswang Witzenberg o nkile qeto ya ho latela keletso ya basebetsi ba tlhokomelo ya bophelo bo botle ya hore a ye setsing sa boikgethollo hobane o dula le mme wa hae ya nang le dile-mo tse 97 le bana ba hae mme o ne a batla ho ba tshireletsa. “Ke ne ke tshwarwe hantle haholo. Dijo di ne di le mo-nate – le ho feta tsa hae. Ke ile ka elellwa hore ke tlameha ho dula ke na le tshepo. Ke ne ke ngongorohile, empa ke ile ka rapele mme ka leka ho phuthuloha,” o rialo.“Tulo eo e ka pholosa maphelo! E itlhomme pele,” ho rialo John Arnoldus, ya phekotsweng COVID-19 setsing sa boikgethollo se Drakenstein. “E mong wa metswalle ya ka o ne a le boikgethollong hae mme o ile a sokola ho iphodisa ka bo yena. Ke ile ka mo jwetsa hore a ikopantshe le batho ba ileng ba ntlhokomela – ke ona mokgwa wa ho ba betere oo. Tshehetso ya basebetsi ba bongaka le mookamedi wa moo – ke yona e tla o phaha-misa,” o rialo.Maqalong Arnoldus o ne a qeaqea ka ho ya setsing sa boikgethollo ka lebaka la mohopolo o fosahetseng wa hore ha o ya setsing ka o kula o tlo kula le ho feta mme o shwe. “Ke ne ke lebeletse tse mpehadi, empa ke ile ka amohelwa hantle haholo. Ke ba rolela kgaebane basebetsi ba moo! Ba ile ba ntlhalosetsa hore ka ha ke se ntse ke ena le COVID-19 , ha ho motho ya setsing ya ka nkudisang,” o rialo.
O ka lebella eng ho tswa setsing sakhwaranteni?Ho ya ka Mmuso wa pro-fensi ya Kapa Bophirima, ditlhoko tsohle tsa hao di a hlokomelwa. O tla fuma-ntshwa dijo ho ya ka tlwaelo, ho behwa leihlo ke basebetsi ba tlhokomelo ya bophelo bo botle, ditshebeletso tsa ho hlatswetswa diphahlo, kgothatso le boimamelo ha o ntse o fola le sepalangwang sa mahala ho ya le ho kgutla setsing.
“Ho boela ho le bohlokwa ho fumana phomolo le metsi a lekaneng kapa dino tse hlakileng ho netefatsa hore moroto wa hao odula o hlakile.”