Ho kgutlela mosebetsing ka mora ho tshwarwa ke COVID-19

Allison Cooper

 ka kgutlela mosebetsing neng ka mora ho tshwarwa ke kokwanahloko ya corona  (COVID-19)? Institjhuti ya Naha ya Mahlo ko a Tshwaetsanang e na le dikarabo tseo o di hlokang.
 Ha ke fumana sephetho se Ha ke fumana sephetho se reng ke na le reng ke na le COVID-19COVID-19 , ke , ke tlamahe ho dula boikgetho-tlamahe ho dula boikgethollong nako e kae?llong nako e kae?Batho ba fumanang sephetho se reng ba na le COVID-19 , empa ba sena matshwao ho hang, ba tlameha ho dula boikgethollong lapeng kapa ditsing tsa boikge -thollo tsa mmuso ka matsatsi a 10, ho tloha ka letsatsi leo ba fumaneng sephetho sa bona se reng ba tshwaetsehile.Bao ba nang le matshwao mahareng ba tlameha ho tswella ho dula boikgethollong lapeng kapa setsing sa boikgethollo ba mmuso ka matsatsi a 10, ho tloha ka letsatsi leo matshwao a bona a qalang ho bonahala.Bao ba nang le tshwaetso e mpehadi, ba tlamehang ho ya sepetlele, ba tlameha ho dula boikgethollong ka matsatsi a 10, ho tloha ha ba se ba ena le botsitsa mme ba se ba sa hloke ho fepelwa oksejene.
Batho ba nang le Batho ba nang le COVID-19COVID-19 ba ka tshwaetsa ba bang ka ba ka tshwaetsa ba bang ka lefu lena jwang? lefu lena jwang? Ho ya ka Letona la Bophelo bo Botle Ngaka Zweli Mkhize, boholo ba batho ba nang le tshwaetso e mahareng ba ka atisa kokwanahloko dipakeng tsa matsatsi a supileng ho ya ho a 12. Empa, batho ba kulang haholo ba ka tshwaetsa ba bang le ho kgona ho fetisetsa kokwanahloko ho ba bang ka nako e telele.
Na ke tlameha ho etsa teko Na ke tlameha ho etsa teko enngwe hape ya enngwe hape ya COVID-19COVID-19 , , ho bontsha hore ha ke sana ho bontsha hore ha ke sana tshwaetso, pele nka kgutlela tshwaetso, pele nka kgutlela mosebetsing?mosebetsing?Tjhe. Ho hlahloba lekgehlo la bobedi batho ba neng ba ena le bohloko bo mahareng mme ba fodile ha ho kgothaletswe. Motho o nkwa a bolokelehile ho kgutlela mosebetsing le ho tswa boikgethollong haeba a se a sena tshwaetso. Hona ho bolela hore ba bile le matshwao a bona a pele matsatsing a fetang a 10 a fetileng mme ha ba soka ba eba le matshwao afe kapa afe ka matsatsi a mararo bonyane. Boholo ba nako, basebetsi ba ka kgutlela mosebetsing ntle le ho etsa diteko lekgehlo la bobedi haeba: • Ba phethetse matsatsi a 10 a setlamo a khwarantine kapa a boikgethollo. • Bao ba bileng le matshwao a mahareng kapa a mpehadi mme ba kena tlasa tekolo ya bongaka.• Ba tswella ho ikamantsha le boitlhwekiso le ho sielana sebaka.• Bahiri ba beha mosebetsi leihlo ho netefatsa hore ha ba kule hape.• Ba rwala maske, ho tloha ka letsatsi la ho etsa diteko ho fihla matsatsi a 21 bonyane.
Sephetho sa diteko tsa ka ha Sephetho sa diteko tsa ka ha sena tshwaetso empa ke ntse sena tshwaetso empa ke ntse ke ena le matshwao. Jwale ho ke ena le matshwao. Jwale ho etswa jwang? etswa jwang? Ho na le kgonahalo ya hore o fumane sephetho sa diteko se fosahetseng se senangtshwaetso. Hona ho bolela hore sephetho sa hao sa pele se ka tla se sena tshwaetso, empa ha mmamora sephetho sa tla se ena le tshwaetso. Haeba o ka tswella ho bontsha matshwao a COVID-19  ikopantshe le mosebetsi wa tlhokomelo ya bophelo bo botle.Jwale haeba ke ntse ke Jwale haeba ke ntse ke bontsha matshwao ka morabontsha matshwao ka moramatsatsi a 10?matsatsi a 10?Ho tlwaelehile hore bakudi ba tswelle ho bontsha matshwao ka mora matsatsi a fetang 10. Ho fola ka phethahalo ho ka nka dibeke tse mmalwa. Haeba o ntse o ena le matshwao, kopa keletso ho mosebetsi wa tlhokomelo ya bophelo bo botle.
Mabapi le tlhahisoleseding e batsi ka COVID-19 , etela websaete ya Institjhuti ya Naha ya Mahloko a Tshwaetsanang howww.nicd.ac.za, websaete ya mahala ya COVID-19  ho coronavirus.datafree .co, letsetsa Mohala wa Dinako tsohle wa COVID-19  ho 0800 029 999 kapa romela molaetsa o reng ‘Hi’ ka WhatsApp  ho0600 12 3456.
