Re keteka basadi ka kenyeletso Re keteka basadi ka kenyeletso ya bona moruongya bona moruong

vukuzenzele unnamed

Ka Phato Afrika Borwa e keteteka Kgwedi ya Basadi. Keteko ena e tshwaya sehopotso sa letsatsi la 1956 ha basadi ba 20 000 ba ne ba hwanta mane Union Buildings – phallo e kgolokgolo ya batho ba basadi ba neng ba bua dipuo tse fapaneng, ba tswa dibakeng tse fapaneng mme e le ba merabe e fapaneng.
 Ba ile ba kopana boitsekong ba bona ba ho fedisa melao ya dipasa e nyarosang le ho fumana tokelo ya bona ya ho phela tokolohong.
Boemo le maemo a basadiAfrika Borwa kajeno a se a fapane haholo ha o a bapisa le ao a neng a tobane le bomme le bonkgono ba rona ka 1956. Re tswa hole hore re fihlelle Afrika Borwa e hlokang kgethollo ya merabe, kgethollo ya bong, e nang le demokrasi, e nang le katleho mme e lokolohile. Ho bile le kgatelopele ya nnete ntlafatsong ya maphelo a ba-sadi ba Afrika Borwa moruong, lekaleng la dipolotiki le phedi-sanong ya setjhaba. Le ha ho ntse ho le jwalo, re a tseba hore ho ntse ho ena le tse ngata tseo re tlamehang ho di fihlella. Basadi ba ntse ba tobana le kgethollo, tlhekefetso le ho ketekwa, mme ke bona ba futsanehileng ka ho fetisisa. Haeba ka nnete re batla fihlella tshepiso ya Molaotheo wa rona re tlameha ho lwa-ntshana le dikgato tse etsang hore basadi ba se kgone ho iketsetsa lekeno le dijthelete e leng tsona etseng hore basadi ba iphumane ba mamelletse  tlhekefetso ho ketekwa.Re kene letsholong le itlho-mmeng pele le re kopantshang le maiteko a matjhabeng a ho fihlella tekatekano ya bong ka 2030. Tekatekano ya Moloko ke tabatabelo le phethoho ya ajenda ya ho fedisa kgethollo le dikgoka kgahlano le basadi le ho ba le seabo se tshwanang dipolotiking, le maphelong a bona le moruong.Jwalo ka karolo ya letsholo lena, re kopantshitse ‘Diketso tsa Tshebedisano’ tse pedi, ya pele e leng ya tokoloho ya moruo le ditokelo mme enngwe ke e kgahlano le dikgoka ho basadi (GBV). Bobedi mekotaba ena e hlokolotsi ho ajenda ya naha ya rona. Dikgwedi tse 11 esale re phe-thahaditse Moralo wa Ketso tsa Karabelo ya Tshohanyetso ho lwantsha dikgoka tsa bong le dipolao tsa basadi (GBVF) re se re bile le kgatelopele ho atoloseng tshehetso le ho tsotella mahlatsipa, mme kgatelopele e entsweng ho tsa tlhabollo ya molao e ba nehela tshireletso e ngata haholo.Kgwedi ya Phato, re qala ka phethahatso ya Moralo wa Lewa la Naha la ho lwantsha GBVF. Ntlha e ka sehlohlolong ya moralo ona ke ho netefatsa hore basadi ba bangata ba kenyeletswa boholo mo moruo. Sena ke hobane tlhokeho ya tekatekano ya moruo le tlhokeho ya tekatekano ya phedisano di a nyallana. Maemo a ditjhelete a basadi Afrika Borwa a ba beha kotsing e kgolokgolo ya tlhekefetso. Ka hoo, re tlameha ho tshehetsa basadi ho etsa hore ba kgone ho ikemela le ho iketsetsa tjhelete ya bona. Re entse boitlamo bo mmalwa tlasa Tekatekano ya Moloko e tla phethahatswang ka Moralo wa Lewa la Naha.Ya pele, re tlo kenyeletsa  seabo sa basadi moruong ka diphu mantsho tsa mmuso. Re entse boipehelo ba ho netefatsa hore bonyane 40% ya dihlahiswa le ditshebeletso tse fumantshwang ke dikgwebo tsa mmuso di tswa dikgwebong tsa basadi. Ya bobedi, re tlo eketsa tshehetso ya Dikgwebo tse Nyanyane, tse Bohareng le tse Kgolo (di-SMME) tse laolwang ke basadi mmoho le dikgwebo tse thuthuhang tse laolwang ke basadi kapa tsa basadi ba sa se-betseng. Hona ho tla kenyeletsa dipuisano le lekala la ditjhelete ho etsa hore ditshebeletso tsa ditjhelete di fumanehe ha bobebe ka theko e tlase ho basadi.Ya boraro, re batla ho netefa-tsa hore basadi ba bangata ba fumana thepa ya bohlokwa e jwalo ka lefatshe. Ho bohlo-kwa hore basadi ba fumane molemo ho tswa potlakisong ya ho kgutlisetswa  lefatshe.
Ho tshwanehile hore karolo ya R75 milione ya divaotjhara tsa matlole a dithuso a COVID-19  a tshwaetsweng tlhahiso ya temo 53% e be molemong wa basadi ba mahaeng. Re tlameha ho netefatsa hore tshehetso ya basadi le rapolasi/mmapolasi ba ithuthuhang ba tswella ho fumantshwa tshehetso le ka mora sewa sena.Ya bone, re batla ho netefatsa hore basadi ba tshireletsehile kgahlano le GBV mesebetsing. Ntlheng ena, re tla tswella ho sebetsa boemong ba naha le lebatowa ho tshwaela mo-nwana Seboka sa Mokgatlo wa Matjhaba (ILO) wa Mosebetsi saDikgako le Tlhekefetso Mese-betsing.Ho thwe tokoloho ha e nehe-lwe, e ya nkwa. Tokollo ya basadi ke mantswe feela a pampering ntle le haeba e tsamaelana le boitlamo bo tswang ho makala ohle a se-tjhaba.Ha re itukisetsa kahobotjha ya moruo wa rona hara sewa sa kokwanahloko ya corona , re itse ha ho sa kgonanahale hore re ka kgutlela setlwaeding sa pele kokwanahloko e phahlalla. Re tlameha ho theha moruo o motheo wa ona o fapaneng ka, ho tse ding tsa dintho, ho ntlafatsa boemo ba leruo la basadi. Hona ho bolela hore botsetedi ba moralo wa motheo bo tlameha ho tshehetsa eseng feela ntshetsopele ya indastri ya lehae, empa le dikgwebo tsa basadi. E tlameha ho ikemisetsa ho theha menyetla ya mesebetsi molemong wa basadi mekga-hlelong kaofela ya ho rala, ya ditjhelete, ya kaho le ya ho disa meralo ya motheo. Ka mekgwa e tshwanang, re tla phahamisa mananeo a rona a khiro makaleng a mmuso, re tlameha ho netefatsa hore boholo ba dikgarabe e ba tsona tse thongwang.. Hodima lekeno, mananeo ana a tla ba nehela monyetla wa ho fumana boitsebelo le boiphihlelo bo hlokehang ho kena moruong wa sehlohlolo.Le ha feela e le maikarabelo a mmuso ho nehela ka menyetla ya moruo ho basadi ho theha leano la tshebetso le tla bakang hore ho ntlafatswe tekatekano ya bong, bohle setjhabeng ba tlameha ho bapala karolo ya bona.Dikgwebo di tlameha ho tshehetsa dikgwebo tsa basadi ka ho reka dihlahiswa le ditshebeletso dikgwebong tsa bona. Ba tlameha ho hira basadi ba bangata le ho thonya basadi ba bangata maemong a bolaodi.Sena se bohlokwa haholoholo ha o sheba direkoto tsa lekala la poraefete boemong ba kemedi ya bong e saletseng morao ha o bapisa le lekala la mmuso. Bona ke bothata bo hlahellang kgafe-tsa dipuisanong tseo ke bileng le tsona le boholo ba mekgatlo ya dikgwebo tsa basadi. Hore ho be le tekatekano re tshwanetse ho fedisa setlwaedi sa mekgolo e e sa lekalekaneng ho ya ka hore motho ke monna kapa mosadi, mme re itlwaetse ho lefa batho ba entseng mosebetsi o tshwanang ka ho lekalekana jwalo ka ho totobaditswe Molaong wa Tekatekano ya Mese betsing.Basadi ba tlameha ho tshireletswa kgahlano le tlhekefetso le kgethollo mosebetsing. Ke boikarabelo ba batsamaisi ba dipalangwang, ba tsamaiso ya diyunivesithi, makgotla a taolo ya dikolo le mekgatlo ya tumelo ho theha maemo a tshireletsehileng molemong wa basadi le bananyana ha ba le maetong, dithutong le dikerekeng.Re tlameha ho hatelapele ka maiteko a rona a ho qeta kgatello ka banna, kgethollo ya basadi le ho fa banna maemo a ho ba dihloho. Ke mehopolo ena e bakang kgatello ya basadi. Ho ho rona – banna le basadi bobedi – ho netefatsa hore boleng ba mosadi, boemo le maikutlo a hae ha a ka tlase ho a monna. Ke boikarabelo ba rona jwalo ka batswadi le bonkgono le bontatemoholo ho tshwarwa le ho hodisa bara le baradi ka mokgwa o tshwanang.Ho ho rona jwalo ka banna ho hana le ho bua kgahlano le diketso tsa GBV moo re di bonang, le haeba ke kgahlano le metswalle, bontate le boabuti ba rona.
Ha re beng moloko o tla fe-disang kgatello ya basadi ka tsela efe kapa efe, nakong ya rona. Moloko wa 1956 o ile wa itseka molemong wa rona bohle. Re ba kolota seo, ho ho rona le ho meloko e tlang hore re se nyedisi lefa lena le kgabane.