Moifo wa ditimamollo wa Crew Juliet o pheta pale ya hae

Dale Hes

BASADI ba tlameha ho ba bopulamadiboho ba tsa ho tima mollo, ho rialo setimamollo sena.
 Motjha eo e leng setimamollo, Vuyiseka  Arendse ya dilemo di 26, ke karolo ya Moifo wa Ju-liet oo e leng moifo wa pele wa basadi feela ba timang mollo wa hlaha. Sefutho le boikitlaetso ba hae ba ho iketsetsa lebitso lepatlelong la ho tima mollo le kguru-meditsweng ke banna, ke kgothatso ya sebele basading bohle.
Arendse o holetse torotswaneng ya Beaufort West Kapa Bophirimela. Kamora dithuto tsa hae tsa sekolo, o ile a leka ho ntshetsa dithuto pele kholetjheng ya Oudtshoorn, empa a etsa qeto ya hore a kgutlele habo ho ya tshehetsa lelapa labo. O ile a sebetsa suphamaketeng nakwana empa a kgahlwa ke mosebetsi wa ho tima mollo.“Ke ile ka bona ditimamollo di apare diyunifomo di tsamaya ka dilori tse kgolo tse kgubedu. Ke ile ka ba le thahasello hanghang ka ba ka labalabela ho ba le tsebo e tomanyana,” ho rialo Arendse.Arendse e ne e le e mong wa baithuti ba pejana ba lenaneo la 2016 la ntshetsopele ya batjha la Akhademi ya Chrysalis la mmuso wa Kapa Bophirimela. Kamora lenaneo lena o ile a sebetsa seteisheneng sa ditimamollo Beaufort West, mme o ne a amohela moputso wa R1 900 feela ka kgwedi. Empa jwale o ile a fumana monyetla o neng o fanwa ke ba NCC Environmental Services ngwahola.“Ke ne ke le mohlophisi Akhademing ya Chrysalis ha ba NCC ba fihla ho tla buisana le baithuti mabapi le monyetla wa ho etsa kopo ya kwetliso bakeng sa moifo wa pele wa basadi feela ho tsa ho tima hlaha. Le hoja ke ne ke se karolo ya baithuti bana, ke ile ka ba le thahasello yaba ke etsa kopo ya ho fumantshwa kwetliso mme ka amohelwa,” ho rialo Arendse.Arendse o ile a fumana kwetliso e neng e kenyeleditse dithuto tsa bukeng esita le ho tshwariswa ha matsoho twantshong ya ho tima mollo.“Ke ithutile boholo. Nna ka bonna, ke ne ke sa tsebe hore ho na le ditimamollo tse reretsweng ho tima mollo wa hlaha. Ke ne ke ntse ke nahana hore ba sebetsa feela ditoropong ho tima mollo meahong e tjhang,” o rialo.Arendse o eketsa ka hore o ile a ikutlwa a thabile haholo ka ho atleha kwetlisong ena esita le ho ba e mong wa moifo wa pele wa basadi feela wa mofuta wa ona wa ditimamollo. “Ke ile ka ikutlwa ke nyakalletse, haholoholo ho-bane ha ke ne ke bolella batho hore ke batla ho ba setimamollo, ba bangata ba bona ba ile ba re nke ke ka kgona ho etsa mosebetsi oo hobane ke mosadi ebile nke ke ka o besa wa tuka mosebetsing oo.  Hona ho ile ha ntsosa molota hore ke ba bontshe hore nka o etsa, e seng feela bakeng sa ka empa le ka lebaka la basadi bohle ba Afrika Borwa.” Arendse o re mosebetsi wa hae wa pele wa ho lwantshana le mollo o matla Noordhoek o ne o phephetsa haholo, empa e ile ya eba malebela a kgothatsang haholo.“E ne e le lekgetlo la pele ke sebetsa ka dihora tse 24 ebile e ne e le lekgetlo la pele re se-betsa le banna ba bang bohle ba ditimamollo. Ho ne ho qeta matla ebile ho tjhesa haholo ka lebaka la diaparo tsa rona tsa boitshireletso, empa re ile ra o qeta mosebetsi mme kamora moo re ile ra ikutlwa re kgotsofetse haholo.”Arendse o kgothaletsa ba-sadi ba Afrika Borwa hore ba se ke ba ikgella fatshe le ka mohla.“Le se ke la laolwa ke seo batho ba reng le ka se etsa kapa le ke ke la se etsa.”  v*Bakeng sa ho hlahloba menyetla e meng e mengatanyana eo NCC Environmental Services di fanang ka yona, etela leqephe la bona la Face-book. O ka boela wa ba letsetsa ho 021 702 2884 (Motse Kapa), ho 010 007 5272 (Gauteng), ho 031 003 2964 (KwaZulu-Natala) kapa ho  041 101 1033  (Kapa Botjhabela).  Motjha eo e leng setimamollo, Vuyiseka Arendse, ke karolo ya moifo wa pele wa ditimamollo tsa basadi feela wa Afrika Borwa. “Women of South Africa, be proud of what you  have achieved.”Setshwantsho:Alistair Burt – NCC Environmental Services