Thusa ho thibela ho ata ha COVID-19

vukuzenzele unnamed

Setjhaba sa habo rona se hlahetswe ke koduwa e kgolo ka ho fetisisa nalaneng ya demokrasi ya rona. Ka matsatsi a kahodimo ho 120, re ile ra atleha ho die-hisa ho ata ha kokwanahloko ena e bakang qomatsi lefatsheng lohle.
Empa jwale nako ya ho eketseha ha ditshwaetso tseo re ileng ra eletswa ka tsona ke ditsebi tsa rona tsa bongaka hore e tla fihla, jwale e fihlile. Maafrika Borwa a kahodimo ho kotara ya milione a se a tshwaeditswe ke kokwanahloko ya corona, mme re a tseba le hore ditshwaetso tse ding tse ngata ha di a utollwa. Ha jwale re ba le ditshwaetso tse ntjha tse kahodimo ho 12 000 letsatsi le letsatsi.Haesale lefu lena le ne le qale ho ropoha ka Tlhakubele, ke bonnyane ba batho ba 4 079 ba shweleng ka lebaka la COV-ID-19. Jwaloka maqhubu a mangata a mohatsela a parolang naha ya rona a hlaha ka Borwa ho Atlantic nakong ena ya se-lemo, ho na le dikgutlwana tse mmalwa naheng ya rona tseo kokwanahloko ya corona e sa tlo fihla ho hang ho tsona. Sefefo sa kokwanahloko ya corona se kotsi ebile se ruthutha le ho feta kokwanahloko efe kapa efe eo re kileng ra e tseba. E monyolla mehlodi le ditjhelete tsa rona ho isa moo di fellang teng.Keketseho ya ditshwaetso tseo ditsebi le boramahlale ba rona ba ileng ba e lepa dikgweding tse kahodimo ho tse tharo tse fetileng,  jwale e fihlile. E qadile Kapa Bophirimela mme jwale e ntse e ata Kapa Botjhabela le Gauteng.Empa leha ditshwaetso di eketseha ka potlako hakaalo, ho bohlokwa ho tseba hore sekgahla sa ho shwa ha batho ba habo rona sa 1.5% ke se seng sa tse tlase ka ho fetisisa lefatsheng. Sena ke papisong le sekgahla se tlwaelehileng lefatsheng lohle sa 4.4% ya batho ba shwang. Re na le palo ena e tlase ya mafu naheng ya rona ka lebaka la boiphihlelo le boikitlaetso ba diporofeshenale tsa rona tsa bophelo bo botle, esita le mehato ya tshohanyetso eo re e nkileng ho aha bokgoni ba tsamaiso ya rona ya bophelo bo botle.Leha boholo ba batho ba habo rona ba nkile dikgato tsa ho thibela ho ata ha kokwanahloko ena, ho na le ba bang ba sa itshwenyang ka ho etsa jwalo. Ho na le ba bang kahara rona mona ba sa natseng melawana e beilweng ya ho kgina lefu lena.Setsiketsing sa sewa sena, ho kena ka tekesing ho sa kenngwa sekwahelanko le molomo, mmoka wa ho teana le metswalle, ho ya meketjaneng kapa hona ho etela ba leloko, ho ka akofisa ho ata ha kokwanahloko ena habobebe ho be ho fete le maphelo a batho. Lena e ka nna ya eba lefu leo sesosa sa lona e leng kokwanahloko, empa lona le ata ka lebaka la boitshwaro ba batho.Ka diketso tsa rona, re le batho ka bomong, re le malapa, re le setjhaba, re ka kgona ebile re tlameha ho fetola ho ata ha sewa sena naheng ya rona. Re lokela ho rwala sekwahelanko le molomo sa lesela se kwahelang nko le molomo kgafetsa ha re tloha malapeng. Re lokela ho tswela pele ho hatlela matsoho a rona ka metsi le sesepa kapa ka sebolayadikokwanahloko kgafetsa .  Re tlameha ho tswela pele ho hlwekisa le ho nyanyatsa bokahodimo ba dibaka tsohle, dibakeng tsohle tseo ho phetheselang setjhaba ho tsona. Taba ya bohlokwa ka ho fetisisa ke ya hore re tlameha ho siya sebaka se bolokehileng sa bonyane ba dimithara tse pedi dipakeng tsa rona le batho ba bang.Jwale ho na le bopaki bo botjha ba hore kokwanahloko ena e ka nna ya fetiswa ka dikarolwana tse nyenyane haholo tse moyeng dibakeng tseo ho tsona ho subuhlellaneng batho, tse kwalehileng kapa tse nang le lephallo le fokolang la moya. Ka lebaka lena, re tlameha ho ntlafatsa bokahare ba tikoloho ya dibaka tse phetheselang batho, moo kotsi ya tshwaetso e leng kgolo ka ho fetisisa.Qeto ya rona ya ho phatlalatsa ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara, e ile ya thibela sekgahla se hodimo sa keketseho ya ditshwaetso di sa tloha ha ditshebeletso tsa rona tsa bophelo bo botle di ne di so loke hantle, e leng ntho e neng e ka baka ho shwa ha batho ba bangata le ho feta.Ka nako eo re bileng le yona, re nkile mehato ya bohlokwa ya ho matlafatsa karabelo ya rona mabapi le bophelo bo botle. Re se re entse diteko tsa kokwanahloko ya corona tse kahodimo ho dimilione tse pedi mme basebeletsi ba setjhaba ba tsa bophelo bo botle ba se ba entse ditlhahlobo tse kahodimo ho dimilione tse 20.Re fumane dibethe tse ka bang 28 000 tsa dipetlele bakeng sa bakudi ba COVID-19 ra ba ra aha dipetlele tse sebetsang tse thokwana le metse ho pharalla le naha. Jwale re na le dibethe tsa tshekeho tse kahodimo ho 37 000 ditsing tsa kokelo tsa poraefete esita le tsa setjhaba ho pharalla le naha, mme di mala-laalaotswe ho tsheka bao ba sa kgoneng ho itsheka malapeng a bona.Re ile ra fumana ra ba ra fana ka dimilione tsa thepa ya boitshireletso dipetleleng, ditleliniking le dikolong ho pharalla le naha ho basebetsi ba habo rona ba tshwereng teu. Re thaothile ebile re ntse re tswela pele ho thaotha baoki ba tlatsetso, dingaka le basebetsi ba ditshebeletso tsa tshohanyetso tsa bophelo bo botle.Re tswela pele ho etsa kgatelopele mekutung ya rona ya ho lwantsha COVID 19, empa phephetso ya rona e kgolo e sa ntse e tla. Diprovenseng tsohle, re sebeletsa hore re boele re eketse lenane la diphaposi tse akaretsang tsa bakudi esita le hore dibethe tsa bohlokwa di fumanehe bakeng sa bakudi ba COVID-19.Bokgoni ba diphaposi tsa ba-kudi bo ekeditswe dipetleleng tse ngata ka hore ho diehiswe tlhokomelo e sa potlakang hakaalo, le ho fetola dikarolo tse ding tsa sepetlele hore e be diphaposi tse ding tsa bakudi esita le ho aha kapa ho atolosa dipetlele tse thokwana le metse.Re sebetsana le ho eketsa phepelo ya oksijene, ya dithu-saphefumoloho le thepa e nngwe bakeng sa bao ba tla hloka tlhokomelo e hlokolotsi, ho akga le ya ho faposwa ha phepelo ya oksijene e reretsweng mabaka a mang. Re sebedisa mekgwa ya theknoloji ya dijithale ho matlafatsa boitsebahatso, ho fofonela le ho kgethela ba ileng ba atamelana le batshwaetsuwa, esita le hona ho fana ka tshe-hetso ho bao diteko di reng ba fela ba na le tshwaetso.Ha e le mona re atamela se-hlohlolong sa ditshwaetso, re lokela ho ba sedi haholo re be re tiise mehato e seng e le teng ya ho sisithehisa sekgahla sa tshwaetsano.Melawana ya ho kenya dikwahelanko le molomo e tla matlafatswa. Bahiri, beng ba mabenkele le baokamedi, balaodi ba dipalangwang tsa setjhaba, le baokamedi kapa beng ba moaho ofe kapa ofe oo ho phetheselang setjhaba ho ona, jwale ba tlangwa ke molao hore ba etse bonnete ba hore mang kapa mang ya kenang meahong kapa makoloing a bona, o tlameha ho kenya sekwahelanko le molomo.Ditekesi tse potolohang hau-finyane jwale  di tla dumellwa ho eketsa sekepele sa bapalami hore di tlale tswete, ha ditekesi tsa maeto a malelele tsona di sa tlo dumellwa ho palamisa bapalami ba kahodimo ho lenane le etsang 70%, ha feela ho latelwa ditsamaiso tse ntjha tsa thibelo ya kotsi tse amanang le dikwahelanko le molomo, ho nyanyatsa makoloi ka dibolayadikokwanahloko le ho bula difenstere.Jwale ho na le bopaki bo to-tobetseng ba hore ho bulelwa ha thekiso ya jwala ho bakile kgatello e matla dipetleleng, ho kenyeletswa le diyuniting tsa dikotsi le tsa ba kulang haholo tsa ICU, ka lebaka la dikotsi tsa makoloi, dikgoka le dikotsi tse amanang le tseo. Kahoo re entse qeto ya hore, hore re boloke bokgoni ba dipetlele, thekiso, le thomello le kanetso ya jwala e tla kwalwa hanghang.E le mohato o ekeditsweng wa ho fokotsa kgatello dipetleleng, ho tla ba le thibelo ya motsamao dipakeng tsa hora ya borobong bosiu le hora ya bone hoseng.Re nka mehato ena re tseba hantle hore e qobella dithibelo tse sa amohelehang maphelong a batho. Empa leha ho le jwalo, mehato ena e a hlokeha hore re ipone re fetile sehlohlolong sa lefu lena.Ha ho kamoo re ka se qobang kateng sefefo sena sa kokwanahloko ya corona. Empa re ka e fokotsa tshenyo eo se ka e bakang maphelong a rona. Re le setjhaba re ikentse kgo-kanyana phiri ka sepheo sa ho tshehetsana, ho tshedisa bao ba kulang esita le ho kgothaletsa kamohelo ya batho ba seng ba tshwaeditswe ke kokwanahloko ena.Hona jwale, ho feta neng kapa neng, re na le boikarabelo ka maphelo a bao ba mathokong a rona.Re tla atleha ho a hlola maemo ana a boima. Re tla kgutlisetsa naha ya habo rona bophelong bo botle le katlehong. Re tla hlola.