
Afrika Borwa e nka dikgato tsa ho rarolla qaka ya kgaello ya dithusaphefumoloho

Silusapho Nyanda

SETHUSAPHEFUMOLOHO  se entsweng kwano lapeng se tla thusa bakudi ba nang le matshwao a fokolang a COVID-19  ho phefumoloha habobebe.
Twantsho ya lefu la kokwanahloko ya corona (COVID-19) Afrika Borwa e matlafaditswe ke sethusaphefumolo-ho sa pele se entsweng ka-hara naha.
Sethusaphefumoloho sa Continuous Positive Airway Pressure (CPAP) se thusa bakudi ba nang le matshwao a fokolang a COVID-19 ho phefumoloha habobebe, ka ho fana ka kgatello e tlase ya moya o nang le oksijene e le ho boloka dipeipi tsa bona tsa moya di bulehile.Sethusaphefumoloho sena se radilwe ke Lekgotla la Diphuputso tsa Saense le Indasteri (CSIR) ka kopanelo le balekane ba bangatanyana ba kwano lapeng, mme se nanabetswa naha ka bophara ho bakudi ba bonahalang ba na le mathata a phefumoloho qalehong ya tshwaetso ya COVID-19.“Moya oo ka tlwaelo motho a o phefumolohang o na le sekepele sa dipheresente tse 23 tsa oksijene. Sethusaphefu-moloho sa CPAP se ka pompa sekepele se phahameng sa oksijene e le ho thusa motho hore a phefumolohe. CPAP e pompa motswako wa oksijene motjhaotjhele. O ka eketsa kapa wa fokotsa sekgahla sa oksijene eo motho a e phefumolohang,” ho rialo Molaodi wa Phethahatso wa 
Tlhahiso ya Kamoso ya CSIR: Manufacturing Martin Sanne.Bakudi ba sebedisang sethusaphefumoloho ba hokahantswe ke sekwa-helasefahleho.  Oksijene e hulwa tankeng ya gase ya oksijene mme e tswakwa le moya wa tlhaho o ka-hara sethusaphefumoloho ebe ho tloha moo e feti-setswa ho sekwahelase-fahleho mme mokudi o e phefumolohelwa kahare. Sanne o re kahodimo ho ho pompa moya o nang le oksijene, CPAP e boela e thusa bakudi ho phefu-molohela ka ntle.”Sesebediswa sa CPAP se ka sebediswa ditikolo-hong tsa bongaka ba botekgeniki bo phaha-meng esita le dibakeng tsa nakwana, tse kang dipetlele tse thokwana le metse esita le ditsheng tsa tshekeho.Sanne o re CSIR e tla be e se e hlahisitse dithu-saphefumoloho tse 10 000 mafelong a Phato. Ka ho sebedisana hammoho le Siemens, Simera, Akacia, Gabler, Umoya le Yuni-vesithi ya Cape Town, CSIR e hlahisitse CPAP ho ya ka maemo a beilweng ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle.Lefupe la pele la di-thusaphefumoloho le tla abelwa dipetlele tsa mmuso tse nang le kga-tello ka lebaka la kgaello ya disebediswa tsa ho lwantsha COVID-19.CSIR e qadile ho sebetsana le CPAP kamora hore lefatshe lohle le qale ho ba le kgaello e kgolo ya dithusaphefumoloho. “E ne e ka ba nakong ya Tlhakubele le Mmesa moo ka tshohanyetso ho bileng le phepelo e fokolang ya dithusaphefumoloho ho tswa ho bafepedi ba rona ba matjhaba. Moo o neng o ka di fumana teng, di ne di le theko e phahameng haholo mme ka hona mmuso wa ntsha thendara ya tlhahiso ya dithusaphefumoloho,” ho rialo Sanne.Thendara e ne e le karolo ya Projeke ya Naha ya Dithusaphefumoloho kahare ho Lefapha la Kgwebisano, Indasteri le Tlhodisano.CSIR e boetse e se-betsana le ho fumana sethusaphefumoloho sa Bi-level Positive Airway Pressure, se reretsweng ho thusa bakudi ba nang le matshwao a mpefetseng a COVID-19. Sethusaphe-fumoloho se tla thusa ka ho phefumolohela kahare le ka ntle, e ka ba ka mekgwa ya kgatello e tsepamisitsweng kapa ka ho phopholetsa phepelo ya oksijene e hlokwang ke mokudi esita le ho fetofetola kgatello eo ka tshwanelo.
 