 Ho aha bophelo bo betere

vukuzenzele unnamed

Dibasari tsa MISA di bapatswa ho www.misa.gov.za ho tloha ka Lwetse, le ho Facebook  @MISA, ho Twitter @MISA_CoGTA le ho Instagram  @MISA_CoGTA.Silondiwe Magwaza ya dilemo di 23 ya  tswang lelapeng le kojwana di mahetleng motsaneng wa KwaNongoma, KwaZulu-Natal, o fetile di-tshiteng tse ngata hore a fi-hlelle tabatabelo ya hae ya ho ba molaodi wa dikonteraka.
Ho holela tikolohong e nang le meralo ya motheo ya boemo bo tlase ho file Magwaza morolo wa ho phopholetsa mekgwa e metjha ya ho ntlafatsa sebaka sa habo. Jwale ke yena wa pele wa ho ba le lengolo la kgerata habo.
Magwaza o phethetse dithu to Yunivesithing ya Witwaters rand ka 2019, mme a fumana lengolo la kgerata ya mathomo ya dithuto tsa dikonteraka.
“Motsana wa KwaNongoma o na le meralo ya motheo ya boemo bo tlase haholo, mme phano ya ditshebeletso tse jwalo e bonahala e sisitheha haholo. Ha ke ne ke bona diqholotso tseo toropo ya heso e tobaneng le tsona, ke ile ka tsoha molota wa hore ke etse ntho enngwe e amanang le dikonteraka, ho etsetsa hore ke tle ke be e mong wa batho ba tla fetola maemo a renang jwale tikolohong eo,” o rialo. Ho ne ho se bobebe tseleng ya hae ya dithuto. Magwaza o re o ne a thatafallwa ke ho tsepamisa maikutlo dithu tong tsa hae ka lebaka la ho ngongorehiswa ke kgaello ya ditjhelete. Yaba Akgente ya Tshehetso ya Meralo ya Mo-theo ya Bomasepala (MISA) e mo tswela kgomo ho tla mo thusa.
“Ke ne ke atisa ho tshwe-nngwa haholo ke kgaello ya ditjhelete kaha ke tswa lelape ng le kojwana di mahetleng. Seo se nnile sa etsahala ho fihlela ka 2018 ha ke ne ke fumana basari ya MISA. Sena se ile sa nthusa hore ke phethele kgerata ya ka ntle le ma-tshwenyeho a letho. Ke ile ka lefellwa dintho tsohle, mme seo ke neng ke tshwanela ho se etsa ke ho tsepamisa maikutlo dithutong tsa ka feela,” o rialo.
Magwaza ke e mong wa baithuti ba makgolokgolo ba phunyeletsang dithutong tsa bona ka thuso ya mananeo a ntshetsopele ya batjha a MISA selemo ka seng. Mananeo ana a fana ka ditjhelete le tshehetso a bile a thusa baithuti le ho fumana mesebetsi hang ha ba qeta ka dithuto tsa bona. “Ke ne ke na le tebello e kgo lo mabapi le mokete wa rona wa dikapeso. E ne e tla ba ntho e kgolo, haholoholo hobane ke ne ke tla ba wa pele wa ho ba le kgerata heso. Ke ntse ke e na le tshepo ya hore re tla ya moketeng oo wa dikapeso, empa seo se ka nna sa nyopiswa ke sewa sena sa kokwanahloko ya corona ,” o rialo.
Hangata indasteri ena ya dikonteraka e kgurumeditswe ke banna. “Ka dinako tse ding basadi ba hatellelwa hore ba be ba ikutlwe ba nyenyefetse haholo kaha le bokgoni ba bona ba ho tlisa diphetoho bo sa tshetjwe. Ka dinako tse ding maikutlo a bona ha a nkelwe hloohong.
“Ke ile ka kgetha dithuto tse na tsa bolaodi ba dikonteraka hobane ke kgolwa hore ke na le matla a ho fetola indasteri ena esita le ho e ntlafatsa moo ho hlokehang. Ke se ke ile ka bona basadi ba bang indastering ena ba ehlwa mekwalaba ba dula ditulong tse tsullung mme ba e ba le tshusumetso. Ke kgo-lwa hore le nna nka kgona ho fihlella moo,” o rialo.  

 Silondiwe Magwaza, eo e leng yena wa pele wa ho ba le kgerata ya yunivesithi habo, o thusitswe ke MISA.



