Motjha wa sehwai o fumana tshehetso ya COVID-19

Silusapho Nyanda

 SEHWAI se thuthuang sa Kapa Botjhabela ke e mong wa ba fotseng molemo Letloleng la mmuso la Kimollo ya Kokwanahloko ya Corona.
Nomagcinandile  Suduka (27) o hodisa lefa le maruo a habo ka ho itahlela ka seto-tswana temothuong.
Monga 4 U and 4 Me Primary Cooperative mo-tsaneng wa Mooiplaas o fumane tshehetso Letloleng la Kimollo ya kokwanahloko ya Corona  (COVID-19) la Lefapha la Temothuo, Tlha bollo ya Mobu le Ntshe-tsopele ya Mahae bakeng sa temothuo ya hae ya mahe, diphoofolo le meroho.
Lefapha le nanabeditse divaotjhara tsa boleng ba R1.2 bilione ho dihwai tse hlokang ka sebele.
Suduka o re divaotjhara tsa hae di tla mo thusa ho hodisa karolo ya tlhahiso ya mahe kgwebong ya hae. “Ke fuwe divaotjhara tse tharo tse etsang R19 000 ha di kopane. Ke vaotjhara ya R12 000 ya ho reka dikgoho tsa mahe tse 100, ebe va-otjhara ya R6 500 ya ho reka dijo tsa dikgoho le vaotjhara ya R500 ya ho reka meriana”.
O qadile kgwebo ya hae ya tlhahiso ya mahe ka ho fepa dikgoho tsa habo tsa setho ka phepokgodiso e ntlafatsang ho behela, e di thusang hore di behele mahe le ha di sa kopana le mekoko. Dikgoho tsa hae tse 50 jwale di behela mahe a 50 ka letsatsi mme o a rekisa ka beke le beke.Suduka, ya ruileng le dipodi tse 73, dinku tse 25 le dikgomo tse 25, o qadile thuo ena ya hae ka 2015 kamora ho phethela dithuto tsa Public Management  N6 Certificate Kholejeng ya Thupelo le Thuto ya Mesebetsi ya Matsoho (TVET) ya Ikhala. Kamora ho elellwa hore ho na le leqeme la menyetla ya mesebetsi, o ile a qeta ka hore a nke temothuo ya habo ya ho jela hanong mme a e fetole hore e be kgwebo e nang le phaello.Suduka o re: “Re hotse re sebetsa mesebetsi ya temo thuo, kahoo, kamora ho qeta dithuto ke ile ka qeta ka hore ke kene temothuong ho e na le ho tsoma mosebetsi.” Ena e ile ya bonahala e le qeto e kgothatsang hobane jwale o se a ekeditse lenane la dipodi le la dikgomo.
Polasi ya Suduka ya dihe-kthara tse tsheletseng e hlahisa poone, ditapole, dierekisi le dinawa. Poone e lengwa dihekthareng tse nne, ebe ditapole hekthareng e lenngwe mme dinawa le dierekisi di kopantswe hekthareng ya ho qetela.
Suduka o ithutile boholo ka COVID-19 , haholoholo ka hore matlotlo a hae a bohlokwahlokwa ke matsoho  a hae esita le ho sebetsa ka thata .
Nomagcinandile Suduka o fetotse temothuo ya lelapa la habo ya ho jela hanong hore e be kgwebo e nyenyane.
