Tlotlo e kgethehileng ho basebetsi ba habo rona ba tlhokomelo ya bophelo bo botle 

vukuzenzele unnamed

Lenane la batho ba bolailweng ke kokwanahloko ya corona  le sa tswa feta ho 2 000. Ho bao ba hlokahetseng, ho teng basebetsi ba tlhokomelo ya bophelo bo botle, le baporofeshenale ba tswileng matsoho ba neng ba hlokomela bakudi, bao e neng e le batshehetsi le batshedisi ho bao ba dipetlele ba tshekilweng ho ba malapa a bona.
Taba ya hore banna le basadi ba sebetsang mosebetsi ona o babatsehang ba qetella ba kula ba be ba shwe, ke ntho e thefulang haholo.
Ke bona ba tshwereng teu twantshong ya sewa sena. Ba sebetsa tlasa kgatello e kgolo ba bile ba tlameha le ho jara morwalo o boima maikutlong a bona, morwalo wa ho tseba hore ba kotsing ya ho tshwaetswa ke kokwanahloko ena. Ba fela e le bahale ba sebele lepatlelong la twantsho ya kokwanahloko ena ya corona .
Re a rolela kgaebana Maafrika Borwa a sebete a siyang metse ya ona, ba malapa le baratuwa ba bona e le hore ba ilo itlaleha mesebetsing kamehla ditleli-niking, dipetlele le ditsing tse ding tsa kokelo ntle le tikatiko.
Dibakeng tseo ba sebetsang ho tsona ba fana ka tlhokomelo ya bongaka, tshehetso ya botsamaisi le ditshebeletso tse ding tse kang tsa tlhwekiso le mepheo.
Jwaloka ha ba phetha mesebe-tsi ya diporofeshene tsa bona, le rona re na le boikarabelo ba rona ho bona le ba malapa a bona. Bophelo ba bona le polokeho ya bona di tlameha ho bewa ka sehlohlolong.
Re a ba tlotla ebile re a ba tshehetsa e le banna le basadi ba bontshitseng hore ba ikemiseditse ho bea maphelo a bona kotsing ho etsetsa hore rona re phele.
Bakeng sa hore ba phethe mosebetsi ona wa bona o boimahadi, ba hloka tshehetso ya rona esita le tshireletso ka hore ba fuwe disebediswa tsa boitshireletso (di-PPE).
Ka tshehetso ya Letlole la Tshe hetsano le dinyehelo tse tswang ho Maafrika Borwa a mangata ka bomong, dikgwebong, matloleng a ikemetseng le mebusong e meng, re kgonne ho reka di-PPE bakeng sa basebetsi bana ba sebete ba tshwereng teu. Moo ho bileng le kgaello ya di-PPE, dipetlele tsa rona di phahametse mapoqo ho netefatsa hore di a fumaneha.
Re a tseba hore phihlello ya di-PPE ha se yona feela qholotso eo basebetsi ba habo rona ba bo-phelo bo botle ba tobaneng le yona. Ditleliniki le dipetlele naha ka bophara di tobane le kgaello ya basebetsi. Ho se ho ntse ho henahenanwa le bothata bona.E le ho tshehetsa mosebetsi oo basebetsi ba habo rona ba tshwereng teu ba o etsang naha ka bophara, re romela Matona le Batlatsi ba Matona seterekeng ka seng naheng ena hore ba ilo inwesa ka nkgo ka diqholotso tse qollehileng tse teng ditere-keng tseo, esita le ho sebetsa le ba apesitsweng matla ho tsa bophelo bo botle diprovenseng.
Re tshwanela ho sebetsa mmo ho hore re tshireletse bophelo bo botle e seng ba basebetsi ba habo rona ba tshwereng teu feela, empa ba basebetsi ka kakaretso.
Ho se ho e na le mosebetsi o kgabane o entsweng ke mekga-tlo ya basebetsi, wa ho ruta ditho tsa yona ka taolo ya kokwa-nahloko ena le thibelo ya yona le bohlweki. Mekgatlo ena e boetse e tshehetsa mosebetsi wa Lefapha la Kgiro le Bosebetsi ho phetheng bohlahlobi dibakeng tsa tshebetso, e le ho netefatsa hore ditsamaiso tsa bophelo bo botle le polokeho di kentswe tshebetsong molemong wa basebetsi ba kgutlelang mesebetsing. Boholo ba mekgatlo ya base-betsi bo boetse bo fana ka lesedi le amanang le kokwanahloko ya corona  ho ditho tsa yona, athe le basebetsi le bona ba etsa ma-tsholo a tlhokomediso.
Enngwe ya diqholotso tse ropohileng naheng ya rona ke ya ho bewa sepha ha batho ba nang le tshwaetso ya kokwanahloko ya corona . Re le setjhaba re na le boikarabelo ka kopanelo, ba ho fedisa ho bewa sepha ha batho ba tshwaetsehileng ke kokwa-nahloko ya corona . Ho bile le ditlaleho tse nyarosang tsa batho ba hoboswang dibakeng tseo ba dulang ho tsona, esita le tsa se-tjhaba se ipelaetsang kga-hlanong le bakudi ba kokwa-nahloko ya corona  ba amohe-lwang dipetleleng le ditleli-niking. Ntho ena e tlameha ho fela.
Jwaloka ha re ile ra ipopa ngatana nngwe ho kgothaletsa kamohelo ya batho ba nang le HIV ra ba ra lomahanya meno kgahlanong le hore batho ba etswe diphofu, re tshwanela ho bontsha kutlwisiso, mamello, mosa le kutlwelanobohloko ho bao ba tshwaetsehileng ke kokwanahloko ena le bakeng sa malapa a bona.
Ho utlwisa bohloko ho tseba hore taba ena ya ho bewa sepha e susumetswa ke tshabo ya ho tshwaetswa ke lefu lena esita le ke kgaello ya kutlwisiso. Mo-kgwa o motle ka ho fetisisa wa ho fenya tlholeho ya rona ya ho tshaba mafu le ditshwaetso, ke ho ikobela ditsamaiso tse teng tsa bohlweki. Tshabo ya tshwaetso e na le mabaka a utlwahalang ebile ke nnete. Ka ho tshwanang, re tseba seo re tshwanelang ho se etsa hore re itshireletse re be re sireletse le ba bang.
Re a tseba hore na kokwana-hloko ena e bakwa ke eng, esita le seo re ka se etsang ho itshireletsa hore re se ke ra tshwaetseha. Re a tseba hore re tshwanela ho dula re qaqolohane re le batho, le hore re itsheke thajana haeba re ile ra atamelana le bao ba tshwaetsehileng esita le hore re itlalehe dipetlele haeba re na le matshwao.Re tlameha hore re nne re tswele pele ho tataiswa ke nnete, e seng ke hlokwana la tsela.
E fetile nako eo ka yona mang kapa mang a neng a ka re ha ho motho eo a mo tsebang ya tshwaetsehileng kapa ya anngweng ke kokwanahloko ya corona . Mothating wa jwale, ho feta neng kapa neng pejana, metswalle ya rona, ba leloko, basebetsimmoho le baahisane, ba hloka kutlwelobohloko le tshehetso ya rona.
Matsatsing a tlang, dibekeng tse tlang le dikgweding tse tlang, ka dinako tse ding re tla iphumana re nyahame re bile re tshohile ha re ntse re bona manane a batho ba tshwaetsehang le ba shwang a ntse a tswelapele ho eketseha. Ho ka nna ha etsahala hore jwale dintho di mpefetse le ho feta, empa re na le bonnete ba hore di tla boela di ntlafala. Baeletsi ba rona ba tsa saense le tsa bongaka ba re bolelletse hore sekgahla sa ditshwaetso se tla nyoloha ha re ntse re atamela qhoweng ya rona. Empa qete-llong se tla boela se theoha.
Re tlotla basebetsi ba tsa bo-phelo bo botle ba lahlehetsweng ke maphelo a bona ka lebaka la ho hlokomela bakudi. E le ho ba hopola, ha re ipolokeng re be re boloke le baahi ba habo rona ka ho nka boikarabelo.
Re tla e fenya kokwanahloko ena re be re se ahe botjha setjhaba sa habo rona. Re ile ra feta dinakong tsa lefifi la bonkantjana empa re ile ra di hlola.
Ha re se ke ra senyang ka matla a rona kapa sebete ha re ntse re sebetsa mmoho hopholosa maphelo. 