Mmuso o itlhophisetsa keketseho e kgolo ya ditshwaetso tsa COVID-19

Allison Cooper

BOITLHOPHISETSO BA KGONAHALO  ya keketseho ya ditshwaetso tsa COVID-19 bo se bo le motjheng moo mmuso le lekala la poraefete ba ahang dipetlele tse thokwana le metse, ba reka disebediswa tsa boitshireletso mme ba netefatsa le hore Afrika Borwa e itlhahisetsa dithusaphefumoloho tsa yona.

Ditshwaetso tsa bohloko ba kokwanahloko ya corona  Afrika Borwa (COVID-19) di lebelletswe hore di eketsehe dibekeng tse tlang, mme mmuso o tiisitse meqheleba ho netefatsa hore lekala la bophelo bo botle le ba malalaa-laotswe.“Re nnile ra reka disebediswa tsa boitshireletso (di-PPE) lefatsheng ka bophara, re ntse re tshehetsa le dikhamphane tsa kwano lapeng hore di hlahise di-PPE hona mona,” o boletse jwalo Moporesi-dente Cyril Ramaphosa.
“Re nnile ra ntlafatsa meralo ya motheo dipetlele, re hlophisa dipetlele tsa nakwana re bile re bokella dibethe tse ngatanyana bakeng sa bakudi ba COVID-19 ,” o ekeditse ka ho rialo.
Ho ella maqalong a Phuptjane, dibethe tse kahodimo ho 27 000 tsa dipetlele tsa mmuso di ile tsa beellwa ka thoko bakeng sa bakudi ba COVID-19 . Hang ha ho se ho qetilwe, dipetlele tse thokwana le metse di tla ba le dibethe tse13 000.
Ditsha tsa tshekeho le dipetlele tse thokwana le metseLetona la Mesebetsi ya Setjhaba le Meralo ya Motheo Patricia de Lille o itse: dibaka tse 1 751 di se di tshwailwe e le tsona ditsha tse tla sebedisetswa tshekeho, mme di tla ba le dibethe tse kahodimo ho 129 600 naha ka bophara, diterekeng tsohle tse 44 le di-toropong tse kgolo tse robedi. dibaka tse 358 di se di hlwailwe Kapa Bophirimela, mme di tla ba le dibethe tse kahodimo ho 27 500. dibaka tse 395 di se di hlahlo-bilwe ke Lefapha la Bophelo bo Botle, mme di tla ba le dibethe tse 35 759. dipetlele tse 32 Kapa Botjhabe-la, tse 19 KwaZulu-Natal le tse 10 Mpumalanga di se di hlwaetswe hore di ntjhafatswe di be di lokisetswe hore e be dipetlele tse thokwana le metse.  Setsi sa Diboka tse Kgolo tsa Matjhaba sa Motse Kapa (CTICC), e leng sepetlele se se-holo ka ho fetisisa se thokwana le metse naheng ena, se na le dibethe tse 862. Se amohetse bakudi ba sona ba pele ba 10 mohla la 8 Phuptjane 2020. Leboya Bophirimela teng, dihlopha tsa moo di aha diphaposi tse eketsehileng hore dipetlele di be kgolwanyane.
Boemo ba provense ya Gauteng ba ho ba malalaalaotsweTonakgolo ya Gauteng David Makhura o itse provense e: na le dibethe tse 8 301 tse seng di le teng dipetlele, lokollotse bakudi ba seng maemong a mabe haholo dikarolong tsa dipetlele tse ding hore ba alafelwe malapeng, mme dikarolo tseo tsa fetolwa hore di sebediswe e le dikarolo tsa CO-VID-19, mme di na le dibethe tse seng di le teng tse tlwaelehileng tse 555 le dibethe tsa phaposi ya ba kulang haholo(ICU) tse 308, e entse diphaposi tsa moshwe-lella tsa bakudi sepetleleng sa Kopanong, sa Jubilee, sa Chris Hani Baragwanath le sa George Mukhari, ya ba keketseho ya di-bethe tse 800, mme ya netefatsa hore sebaka sa Nasrec se ba le dibethe tse ntjha tse 500.
Ka Motsheanong, Tonakgolo Makhura o amohetse dinyehelo tse tswang ho ba BMW le Nissan tsa ho thusa ho aha sepetlele se thokwana le metse Rosslyn, Tshwane.
Dipetlele tse thokwana le metse tsa Kapa BotjhabelaKapa Botjhabela teng, sepetlele se nang le dibethe tse 1 000 se se se theilwe Setediamong sa Nelson Mandela Bay. Ditediamo tse ding di se ntse di sebediswa e le ditsha tsa tshekeho le dipetlele tse thokwana le metse, ho akga le Setediamo sa Cape Town le Setediamo sa FNB. Mmuso wa Jeremane le kha-mphane ya Volkswagen di itlamme ka ho nyehela ka R107 milione bakeng sa ho ahwa ha sepetlele se tho-kwana le metse Port Elizabeth. Ha sepetlele se se se le malalaalaotswe hore se amohele bakudi, se ka nna sa ba le mothamo wa dibethe tse 4 000.
Dithusaphefumoloho Afrika Borwa, ka thuso ya mebuso e fapaneng, dikhamphane le ma-tlole a itseng, e kgonne ho bokella moqeqeko wa di-PPE, disebediswa tse ding tsa bongaka hammoho le dithusaphefumoloho.Sethusaphefumoloho sa bongaka ke motjhine o thusang matshwafo hore a sebetse hantle. Se sebedise-tswa bakudi ba thatafallwang ke ho hema. Bakudi ba nang le bohloko ba kokwanahloko ya corona (CO-VID-19) ba atisa ho thatafallwa ke ho hema. Mmuso o kgakotse Projeke ya Naha ya Dithusaphefumoloho ka Mmesa, e le ho aha metjhine e mengata kwano lapeng ka lebaka la kgaello ya yona lefatsheng lohle. Ho tshetjwa hore tlhahiso ya tsona e tla thakgolwa ka Phuptja ne mme mmuso o na le tshepo ya hore dithu-saphefu-moloho tse 20 000 di tla hlahiswa dikgwedingtse tlang.Letlole la Tshehetsano le se le itlamme ka ho nyehela ka tjhelete ya ho reka dithusaphefumoloho tse 200, tse tla abelwa dipetlele ho ya ka moo ho hlokehang ka teng.Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika di nyehetse ka dithusaphefumoloho tse 1 000 ho Afrika Borwa, mme tse 20 tsa tsona di ile tsa amohelwa ke Letona la Bophelo bo Botle Zweli Mkhize ka Phuptjane. Di ile tsa hokelwa Sepetleleng sa Dithuto sa Chris Hani Baragwanath Soweto. Nyehelo e latelang e tla sebediswa dibakeng tsa Kapa Bophirimela.
Disebediswa tsa boitshireletso tsa basebeletsi ba tlhokomelo ya tsa bophelo bo bottleEnngwe ya dintlha tse ka sehloo-hong tsa Letlole la Tshehetsano ke ho neana di-PPE ho basebeletsi ba tsa bongaka ba kang dingaka le baoki. Letlole lena, le seng le nyollotse kotla ya R2.61 bilione ho ﬁ  hlela jwale, le se le thusitse ka ho bokella di-PPE tsa ho jara tsamaiso ya bophelo bo botle hammoho le basebeletsi ba setjhaba ba bophelo bo botle ka nako ya di-kgwedi tse pedi.Leha ho le jwalo, ho ntse ho e na le kgaello ya di-PPE lefatshe ka bophara, ho akga le Afrika Borwa.Dikhamphane tse nyehetseng ka di-PPE di akga le Business for South Africa, Naspers, First National Bank, United Pharmaceutical Distributors, People’s Republic of China, Mokga-tlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO), Khamphane ya Makoloi ya Ford le Letlole la Tshehetsano.
Kgoeletso ho basebeletsi bohle ba tsa bophelo bo botle  Basebeletsi ba tlhokomelo ya bo-phelo bo botle ba bangatanyana ba tla hlokeha ha ditshwaetso tsa COVID-19  di eketseha, mme mmuso o entse kgoeletso ho basebeletsi ba bophelo bo botle ba sa sebetseng esita le dingaka tse sa sebetseng hore ba dule majwana le diprovense tsa bona. “Re nanabetsa kgoeletso ena ho baporofeshenale bohle ba bophelo bo botle, esita le bao ba seng ba beile meja fatshe, hore ba atamele mme ba kene kgabong ya mosebetsi, le haeba e le ka nako e kgutshwane,” o itsalo Letona Mkhize.Mmuso o boetse o rometse dingaka tsa Cuba tse 217 naha ka bophara.
ka Mmesa, e le ho aha metjhine e mengata kwano lapeng ka lebaka la kgaello ya yona lefatsheng lohle.
Ho tshetjwa hore tlhahiso ya tsona e tla thakgolwa ka ne mme Letlole la Tshehetsano le se le itlamme ka ho nyehela ka tjhelete ya ho reka dithusaphefumoloho tse 200, tse tla abelwa dipetlele ho ya ka moo ho hlokehang ka teng.
Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika di nyehetse ka dithusaphefumoloho tse 1 000 ho Afrika Borwa, mme tse 20 tsa tsona di ile tsa amohelwa ke Letona la Bophelo bo Botle Zweli Mkhize ka Phuptjane. Di ile tsa hokelwa Sepetleleng sa Dithuto sa Chris Hani Baragwanath Soweto.
Nyehelo e latelang e tla sebediswa dibakeng tsa Kapa Bophirimela.
Disebediswa tsa boitshireletso tsa basebeletsi tsa bongaka ba kang dingaka le baoki. Letlole lena, le seng le nyollotse kotla ya R2.61 bilione ho ﬁ  hlela jwale, le se le thusitse ka ho bokella di-PPE tsa ho le kgaello ya di-PPE lefatshe ka bophara, ho akga le Afrika Borwa.
Dikhamphane tse nyehetseng ka di-PPE di akga le Africa , Naspers,  Africa , Naspers,  AfricaUnited Pharmaceutical Distributors, People’s Republic of Chinatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO), Khamphane ya Makoloi ya Ford le Letlole la Tshehetsano.
Kgoeletso ho basebeletsi bohle ba tsa bophelo bo botle Basebeletsi ba tlhokomelo ya bophelo bo botle ba bangatanyana ba tla hlokeha ha ditshwaetso tsa COVID-19o entse kgoeletso ho basebeletsi ba bophelo bo botle ba sa sebetseng esita le dingaka tse sa sebetseng hore ba dule majwana le diprovense tsa bona.
“Re nanabetsa kgoeletso ena ho baporofeshenale bohle ba bophelo bo botle, esita le bao ba seng ba beile meja fatshe, hore ba atamele mme ba kene kgabong ya mosebetsi, le haeba e le ka nako e kgutshwane,” o itsalo Letona Mkhize.
Mmuso o boetse o rometse dingaka tsa Cuba tse 217 naha ka bophara.

“Re nnile ra ntlafatsa meralo ya motheo dipetlele, re hlophisa dipetlele tsa nakwana re bile re bokella dibethe tse ngatanyana bakeng sa bakudi ba COVID-19 .” 