Mme ya nang le lefu la diqebo o hlola COVID-19

Silusapho Nyanda

INSAAF MOHAMMED  o re ho bohlokwa haholo hore Maafrika Borwa, haholoholo ao a nang le mafu a diqebo, a nke boikarabelo ka maphelo a bona.
 Batho ba nang le mafu a diqebo a kang letshweya, kgatello e hodimo ya madi, lefu la diphio le sa foleng le lefu la tswe-kere, ba ka nna ba ba le matshwao a kokwana-hloko ya corona (CO-VID-19) a mpefetseng le ho feta, ebile ba ka nna ba shwa ka lebaka la kga-tello eo kokwanahloko ena e e etsang mebeleng ya bona.
Ka lehlohonolo, ha  mohlabolli wa Motse Kapa eo e leng mme wa bana ba bararo Insaaf Mohammed (40) a fumana sephetho sa diteko se re o na le COVID-19 mme e le motho ya kulang ke letshweya, o ile a kgona ho laola maemo ao ka bobedi ba ona mme a se ke a kula haholo.Mohammed o fumane tshwaetso ya COVID-19 mo-nneng wa hae, ya sebetsang laboratoring ya Sepetlele sa Groote Schuur. Mora wa Mahommed ya dilemo di supileng le yena diteko di mo fumane a tshwaetsehile.Kamora hore diteko di ba fumane ba tshwaetsehile, ba ile ba itsheka thajana ka boraro ba bona lapeng. “Re ile ra itsheka thajana ka pha-posing ya rona ya ho robala, ha ka ho le leng mme ma-tsale wa ka, ya nang le lefu la tswekere le kgatello e hodimo ya madi empa ka lehlohonolo ha a ka a tshwaetseha ke kokwanahloko ena, o ile a hlokomela bana ba bang ba rona ba babedi,” ho rialo Mohammed.Ho ya ka Lefapha la Bophelo bo Botle la Kapa Bophirime-la, batho ba nang le kgatello e hodimo ya madi, lefu la tswe-kere le lefu la diphio le sa foleng, ke ba bang ba bakudi ba nang le mafu a diqebo ba tlwaelehileng ka ho fetisisa ho COVID-19.Ho tloha mohla la 25 Mo-tsheanong, batho ba nang le mafu a diqebo a latelang ba bontshitse matshwao a mpefetseng:
• Kgatello e hodimo ya madi, ke 58%• Lefu la tswekere, ke 56%• Lefu la diphio le sa foleng, ke 17%• HIV , ke 16%• Letshweya kapa lefu le sa foleng le amanang le ho phefumoloha, ke 15%• Lefu la pelo, ke 11%• Botenya bo fetisisang, ke 13%• Lefuba, ke 13%• Mofetshe, ke 2%• Mafu a mang a diqebo, ke 16%.Mohammed o re ntho eo a neng a e tshaba ka ho fetisisa e ne e le ya ho thatafallwa ke ho phefumoloha ka lebaka la COVID-19. “Ke ile ka ba le mokgathala, ka hohlola ka ba ka bipetsana sefuba, e leng mathata a ileng a rarollwa ke peipi ya ka ya letshweya. Matshwao a ka a ne a se mabe jwaloka a monna wa ka, ya neng a opelwa ke mmele, a nyekelwa ke pelo, a bipetsane sefuba, a fellwa ke moya, a kwalehile dinko, a na le leleta ka sefubeng esita le feberu. Mora wa ka yena o bile le feberu ka matsatsi a mararo, empa a hlaphohel-wa ka potlako hang ha a se a hlotse matshwao ana,” o rialo.Ba lelapa la Mahommed ba ne ba tsitlallela ditsamaiso tsohle tsa bohlweki ha ba le mosebetsing le lapeng, e le ho qoba ho tshwae-tseha ke kokwa-nahloko ena. “Ba leloko ba ne ba utlwisisa, mme ba re tsotel-la ba bile ba re tshehetsa, ebile ba ne ba re tlisetsa selallo phirimaneng en-ngwe le enngwe, empa ka dinako tse ding setjhaba sa heno se ka nka dintho ha-nyane mme tshenyo e etswa-ng ho marangrang a dikgoka-hano tsa setjhaba e a tshosa,” ho rialo Mohammed.Lefapha la Bophelo bo Botle la Kapa Bophirimela le re ho nwa metsi a lekaneng le ho alosa tswekere e mading, kga-tello ya madi le motjheso ke dintho tsa bohlokwa taolong ya COVID-19, haholoholo bakuding ba nang le mafu a diqebo.Ho eketsa moo, lefapha le eletsa batho ba nang le mafu a diqebo:
• Ho nwa dipidisi le meriana ka nepo, jwaloka ha o la-etswe ke ngaka. •  Ho hatlela matsoho a hao kgafetsa ka sesepa le metsi ka metsotswana e 20 bo-nnyane, pele o tshwara di-pidisi kapa meriana.• Ho se tlohele ho nwa di-pidisi le meriana, ntle le ha ngaka e o laela jwalo, mme o se ke wa arolelana dipidi-si le meriana le mang kapa mang.• Ho leka ho kwetlisa mmele ka metsotso e 30 ka letsatsi.
Lefapha le re batho ba nang le lefu la tswekere ba kotsing e kgolo ya ho ba le matshwao a mpefetseng a COVID-19, empa kotsi ya hore ba kule haholo e a fokola haeba lefu la bona la tswekere le le tao-long e ntle.“Ka kakaretso, batho ba nang le lefu la tswekere ke bona ba kotsing e kgolo ya ho ba le matshwao a mpefetseng haeba ba tshwaetsehile ke kokwanahloko ena. Jwaloka ha batho ba nang le lefu la tswekere ba le kotsing e kgolo ya COVID-19 e mpefetseng, ho kgothalletswa hore ba tsitlallele ho qaqolohana le batho ba bang moo ho kgo-nehang. Ho nona haholo ke enngwe ntho e kotsi bakeng sa COVID-19 e mpefetseng. Ho kgothalletswa hore ho fokotswe mmele, haeba ho kgoneha.”Bopaki ba ho phela hantleKamora boitsheko ba ma-tsatsi a 14, Mohammed o ile a kgutlela mosebetsing. O re ho hlaphohelwa kokwana-hlokong ena ho ile ha fetola mokgwa oo a nahanang ka wona le oo a shebang bophe-lo ka wona.“O bo bona hantle le ho feta bohlokwa ba lelapa la hao esita le dintho tse nyane bo-phelong. Ke batla hore batho ba tikolohong efe kapa efe ya mosebetsing ba nke boikara-belo ka maphelo a bona ba be ba rute ba malapa a bona le bana, haholoholo nakong ena hobane bana ba kgutletse dikolong. “Thusa ngwana wa hao hore a fumane mekgwa e hlamaselang ya ho bontsha mosa metswalleng ya hae, ntle le ho atamelana kapa ho thetsana le bona. Kgotha-lletsa ba lelapa la hao ho bolaya dikokwanahloko pele ba kena ka tlung, siya dieta ka karatjhe haeba o kgona, hlobola diaparo tsohle mme o itlhatswe pele o dumedisa ba lelapa la hao mme o be sedi le ho feta e le ho ba tshireletsa,” o rialo.Lefapha le kgothalletsa batho ba nang le mafu a diqe-bo hore ba je dijo tse nang le phepo e ntle, ba ikwetlise kgafetsa, ba laole dikgatello tsa bona maikutlo, ba tsitla-llele tshebediso ya dipidisi le meriana ya bona ka nepo, ba be ba ipapise le mehato yohle e hlokehang ya boipaballo.
 vtsale wa ka, ya nang le lefu la tswekere le kgatello e hodimo ya madi empa ka lehlohonolo ha a ka a tshwaetseha ke kokwanahloko ena, o ile a hlokomela bana ba bang ba rona ba babedi,” ho rialo Mohammed.
• HIV , ke 16%• Letshweya kapa lefu le sa foleng le amanang le ho mmele, a nyekelwa ke pelo, a bipetsane sefuba, a fellwa ke moya, a kwalehile dinko, a na le leleta ka sefubeng esita le feberu. Mora wa ka yena o bile le feberu ka matsatsi a mararo, empa a hlaphohelwa ka potlako hang ha a se a hlotse matshwao ana,” o rialo.
Ba lelapa la Mahommed ba ne ba tsitlallela ditsamaiso tsohle tsa bohlweki ha ba le mosebetsing le lapeng, e le ho qoba ho tshwaetseha ke kokwanahloko ena. “Ba leloko ba ne ba  Insaaf Mohammed, ya nang le letshweya, o kgonne ho hlola COVID-19 .
Haeba o na le ma-tshwao afe kapa afe a kang feberu, ho hohlola kapa ho fellwa ke moya, letsetsa mohala wa COVID-19  ho 0800 029 999 kapa o romele lentswe ‘Hi’ ka WhatsApp  ho 0600 123 456.
