Batjha ba Afrika Borwa ke mohlodi wa kgothatso le tshepo 

vukuzenzele unnamed

Ka dinako tsohle ha ke fumana monyetla wa ho bua le batjha ba Maafrika Borwa ke hopola mantswe a Frantz Fanon ha a re ‘moloko ka mong o tlameha ho utolla sepheo sa ona'.
 Ho sa natsehe hore na ba dula hokae le hore na ba etsa eng, batjha ka bomong ba na le tjheseho ya ho fetola lefatshe.Leha jwang kapa jwang ba batla hore ba ntlafatse maphelo a bona, ba boetse ba batla ho ﬁ  hlella boemong ba setjhaba se betere le lefatshe le betere. Ba ipona e le bona balwanedi ba diphetoho tsa bohlokwa.Nalaneng yohle ya rona hae-sale batjha e le bona ba susume-tsang diphetoho. Dilemong tse mashome a mmalwa tse fetileng, batjha ba ile ba lwana dintwa tse ngatanyana kgahlanong le tlhokeho ya toka, ho tloha boipe-laetsong ba baithuti ba Paris ka 1968, ho ya ntweng e kgahlanong le bokoloniale dinaheng tse nga-ta tsa Afrika le Asia, e be ntwa e kgahlanong le kgethollo, ha-mmoho le Mehwanto e Kgahla-nong le Mebuso ya Maarab.Haufinyane, batjha ba ne ba di hula pele mohwantong wa #BlackLivesMatter o fumaneng tshehetso lefatsheng lohle ka-mora ho bolauwa ha George Floyd Dinaheng tse Kopaneng tsa Amerika.Dibekeng tse mmalwa tse fetileng, baitseki ba lefatshe ka bophara ba ne ba tseka hore ho tloswe matshwao a tlotlang bohanyapetsi le botlatlapi ba thekisetsano ya makgoba le bokoloniale.Dipontshong tsa nyatso tsa moraorao tsa Yunivesithi ya Oxford, moipelaetsi e mong o ne a tshwere polakathe e ngo-tsweng mantswe a reng ‘Rhodes must Fall’, e le ho tshehetsa se-boko sa baithuti ba naheng ya habo rona sa dilemong tse hlano tse fetileng.Batjha ba fumane mabaka a tshwanang lefatsheng ka bo-phara. Ba heletsa diemahale le matshwao a semorabe, e le ho tseka hore ho tloswe bokoloniale dikharikhulamong tsa thuto, ba bile ba etsa kgoeletso ditheong tsa thuto hore di rarolle bothata ba semorabe le ho kotelwa ha setjhaba se itseng.Jwale, ha re hlompha moloko wa 1976 ka la 16 Phuptjane 2020, re boela re tlotla batjha ba kamorao ho puso ya kgethollo Afrika Borwa, bao e leng bona bajalefa ba bohlokwa ba lefa lena le kgabane.Sepheo sa moloko wa 1976 e ne e le ho fedisa thuto e neng e reretswe batho ba batsho feela; mme sepheo sa batjha ba kajeno ke ho ntshetsa pele letsema la naha la poelano le diphetoho tsa bohlokwa.Mengwaheng e tlang ha ho buuwa ka selemo sena sa 2020, ho tla thwe e bile letshwao la qaleho ya sehla se setjha na-laneng ya botho.Kokwanahloko ya corona ha e a thefula maphelo a batho le mesebetsi ya bona feela, empa e boetse e hlokotse botsitso ba kahisano ya lefatshe lohle.Mokgwa oo sewa sena se ropo-hileng ka wona ebile sehopotso sa ho amana ha batho bohle, le botebo ba ho se lekane ho teng dipakeng tsa dinaha tse fapa-neng esita le kahare ho dinaha ka botsona.Sewa sena se fana ka monyetla wa ho ‘hlophabotjha’ lefatshe lena le kgurumeditsweng ke bo-watla ba maruo, boikgohomoso le boikakaso e seng lehlakoreng la batho ka bomong feela, empa le la ditjhaba tsohle.Batjha ba re bolella hore ma-kgabane a mantlha a seriti, ku-tlwelanobohloko le tshehetsano di tlameha ho ba matshwao a boitsebahatso a setjhaba se setjha se tla bitoha, mme bona ba ikemiseditse ho ba bopulamadi-boho ba lefatshe leo le letjha le betere.Metshetshethong eo ke bileng le yona le batjha, ke ile ka re ha re a tshwanela ho hang ho nya-tsa matla a maikutlo, hobane maikutlo a ka fetola ebile a se a kile a fetola lefatshe. Maikutlo a ne a susumetse kgatelopele ya batho mme ke ona a tla re thusa ho kutla tsela ya rona ka nqane ho sehla sa kokwanahloko ya corona.Batjha bana ba kgonne ho fetola maikutlo a bona hore e be diketsahalo. Ha ba a du-mella kgaello ya mehlodi hore e ba sitise. Ba ikgahetse diqho-bosheane makaleng a manga-tanyana, ho tloha boitjarong ba nako e telele ho tsa theknoloji ya maemo a hodimo hammoho le tsa tikoloho.Mothating wa jwale, ho feta neng kapa neng, re tla lelaletsa mahlo a rona tjantjellong ya bosibolli le botshwarateu ba batjha ba habo rona hore ba tle le ditharollo dikoduweng tsena tsa leqeme la mesebetsi tse tla thusa bona, dibaka tsa habo bona esita le setjhaba sa habo bona.Ka ho tshwanang, ke qholotsa batjha ba naha ya habo rona hore ba rale mananeo a tla re thusa ho ﬁ  hlella dipheo tsa rona tsa dintshetsopele.Ka 1961, Cuba e neng e fetotse puso e ile ya romela matshwe-letshwele a batjha ba baithuti ba baithaopi dithabeng le me-tsaneng hore ba ilo aha dikolo, ba ilo ruta ho bala le ho ngola ba be ba rupelle le dititjhere tse ntjha. Le kajeno letsholo leo le ntse le nkuwa e le lona le atle-hileng ka ho fetisisa matsholong a ho bala le ho ngola nalaneng ya moraorao.Batjha ba habo rona ba tlameha ho ntshetsa pele mehato ya ntla-fatso ba be ba e etelle pele.Jwaloka ha ba ile ba e nkela matsohong a bona ntwa ya tekano thutong e phahameng, makgabane a mangatanyana a batjha ba habo rona a tlameha ho tataisetswa ho lwaneleng phihlello e lekanang tlhokome-long ya tsa bophelo bo botle, diphetohong tsa bohlokwa boithuelong ba mobu, esita le ya bohlokwahlokwa, e leng bakeng sa toka ya bong.Jwaloka Maafrika Borwa a mang ohle, ke tshwenye-hile haholo ke sekgahla sa diphenetho tsa basetsana ba fenethwang ke banna. Tsena ke diketso tse nyarosang tsa bosoto tse sa batleheng ho hang setjhabeng sa habo rona.Boitseki ba setjhaba bo ete-lletsweng pele ke batjha, ho etsa tlhokomediso le tlhabollano, ke disebediswa tsa bohlokwa mawaleng a rona a ho fedisa di-tlhekefetso tse amanang le bong (GBV) setjhabeng sa habo rona. Ka ho tshwanang, re tlameha ho matlafatsa tsamaiso ya rona ya toka, re netefatse hore babolai ba a tshwarwa, ho be ho thata-fatswe maemo a beili le parola, le hore bao ba ahloletsweng lefu ba qete dilemo tsohle tsa bophelo ba bona ba le tjhankaneng.Leha taba ena e hloka hore setjhaba sohle se nke dikgato, ke etsa kgoeletso haholoholo ho bahlankana, hore ba e nkele ho bona ntwa e kgahlanong le GBV . Ho ﬁ  hlela re fedisa ntwa e latilweng letailana kgahlanong le basadi ba Afrika Borwa, tabatabelo ya rona ya hore ho be teng kahisano e ntjha e tla dula e le lelea.Bao ba rona ba neng ba le karolo ya mekgatlo ya baithuti nakong ya puso ya kgethollo, ba atisa ho botswa hore na ba nahana eng ka batjha ba kajeno. Ho na le takatso ya hore eke ho ka kgutlelwa morao ‘matsatsing a tlotla’ ya dipolotiki tsa baithuti le ntwa ya batjha, empa tseo di ke ke tsa hlola di phetwa hape.Empa he, jwaloka ha batjha ba maoba ba ile ba talola sepheo sa bona, le batjha ba kajeno ba talotse sa bona.Maemo a batjha ba Afrika Borwa ba 2020 a ka nqane ho maemo a hodimo a siilweng ke batjha ba tlileng pele ho bona. Ba na le tshepo, ba matla ebile ba sebete, hangata ba tobana le maemo a boima ka ho fetisisa.Ke bona mohlodi wa kgothatso le tshepo. Ka diketso tsa bona, ba aha lefatshe le nang le toka e tomanyana, tekano, boitjaro ba nako e telele le bile le na le kgotso.Batjha lefatsheng ka bophara ba etsa kgoeletso ditheong tsa thuto hore di tlohele semorabe le ho kotela ditjhabana tse ding.