Ha re baballeng le ho tshehetsa bana ba rona

vukuzenzele unnamed

Letsatsi la Matjhaba la Paballo ya Bana le hopolwang lefa tshe lohle ka bophara ka la  03 Phuptjane, le ho hlokome disa batho lefatshe ka bopha ra bakeng sa ditokelo le boi ketlo ba bana. Ka mokgwa o tshwanang, ka lona letsatsi leo ke Letsatsi la Batswadi la Dinaha tse Kopaneng ka Lefatshe lohle, ho tlotla boi tlamo ba batswadi le bahlo komedi ba bana bakeng sa boiketlo ba bona.
Ke rata ho leboha dimiliyone tsa batswadi, bonkgono le bo ntatemoholo esita le bahlo komedi ba bana hohle mona Afrika Borwa ka ho tswela pele ho ba le seabo sa bohlokwa dilemong tsa bana ba rona tsa kgodiso jwaloka baahi ba banyenyane ba naha ya heso. Kgothatso, tshehetso le paballo eo bana ba e fumanang ho batswadi esita le bahlokomedi ba bona ke tsa bohlokwa bakeng sa bokamoso ba thabo le katleho ho bona.Ka la 01 Phuptjane 2020 naha ya rona e qadile ka mohato o motjha twantshong ya kokwanahloko ya corona. Mesebetsi e mengata ya kgwebo le ya setjhaba e boetse e qadile, ho kenyeletswa le ho kgutlela dikolong.Re itse re sebedisa mokgwa o iketlileng re ntse re tataiswa ke dikeletso tsa ditsebi tsa rona tsa mahlale ebile re laolwa ke maemo a bophelo le ho ikopanya le batho ba amehang. Dibekeng tse mmalwa tsa ho qetela, ha re ntse re itokisetsa ho kgutlela dikolong, re bile le dipuisano tse matla tse batsi hammoho le baamehi bohle mererong ya thuto. Dipuisano tsena di ile tsa tataisa mokgwa wa rona wa katamelo ya mosebetsi ona o o thata o nang le diphephetso tse matla.Ba mmalwa ba baamehi bana – ho kenyeletswa matitjhere le batswadi – ba hlahisitse dingongoreho tsa bona mabapi le boemo ba boitokisetso ba thuto dikolong tse ngata. Re ba utlwi le, re amohela diphehiso tsa bona ebile re tla nka mehato ya ho sebetsana le dingongoreho tseo tsa bona esita le tsona ditlhahiso tsa bona. Ho a hlaka hore batswadi ba bangata ba ferekane maikutlo boemong bona mabapi le ho bulwa hape ha dikolo. Ho na le kgothatso ya hore bana ba tla kgona ho boela ba tswela pele ka thuto ya bona kamora ho ba siyo diphaposing tsa borutelo le diholong tsa dithupello tsa bona ka nako e telele. Bana ba tatetse ho kgutlela sekolong le ho bona metswalle ya bona le matitjhere a bona.Empa ho na le tshabo ho ba bang ba batswadi, matitjhere esita le barutwana ka bobona.Batswadi ba batla tiisetso ya hore mehato e tshwanelehang ya tlhokomelo e tla ba teng e le hona ho baballa barutwana ka botlalo. Polokeho ya bana ba rona jwaloka baahi ba banye nyane ba setjhaba lehlakoreng la bophelo bo botle esita le mmeleng e phetseng hantle, ke taba e dutseng e hlakile. Ke yona ntho ya pele ya bohlokwa ka ho fetisisa. Ha e le mona re ntse re hlophisa butlebutle bakeng sa ho bulwa ha dikolo le dibaka tsa thuto e phahameng, balaodi ba thuto ba sebeditse ka matla ho fumana mekgwa ya boitshireletso bakeng sa boipaballo le bophelo bo botle. Tokomane eo ya tataiso mabapi le mekgwa ya tshebetso e abetswe dikolo tsohle. Mekgwa ena ya tlwaelo bakeng sa tshebetso, e akaretsa dintlha tse kang boikwetliso, tataiso ya bahlwedi kapa balekodi, tlhophiso ya mananeo a nako le tokiso ya diphaposi tsa thupello e le ho ikamahanya le ditshwanelo tsa ho sielana sebaka se lekaneng. Re ntse re tswela pele ka tshebetso ya ho aba thepa ya boi tshireletso ba motho ka mong le ho etsa bonnete ba hore metsi a a fumaneha le dinya nyatsi bakeng sa twantsho ya dikokwanahloko.  Hang ha thuto e qala, e tla lokela ho phethahatswa ho ya ka maemo a thata le ho ya ka palo e lebeletsweng e baletsweng ya barutwana le baithuti.Jwaloka batswadi, matitjhere, makgotla a taolo ya dikolo (di-SGB) le mmuso, re a dumellana hore ho se be sekolo se bulwang ho fihlela mekgwa e tshwanelehang ya tshireletso e hlophiswa, ebile e ba teng. Ho lokela ho be le ponaletso mabapi le boemo ba boitokisetso ba sekolo ka seng.Motho e mong le e mong eo e leng moamehi e moholo wa motheo, ekaba motswadi, setho sa SGB, titjhere kapa mohlanka wa mmuso, o lokela ho ba le dintlha tse nepahe tseng mabapi le boitokisetso ba sekolo ka seng. Ke boikarabelo ba rona ka kopanelo ho etsa bonnete ba hore tikoloho ya thuto e bolokehile.Ke rata ho thoholetsa batswadi le bahlokomedi ba bana, ka ho qolleha, bakeng sa seabo seo ba bileng le sona ka dikgwedi tse pedi tse fetileng. Nakong eo dikolo di kwetsweng, ba ile ba lokela ho jara boikarabelo bo boholo ba ho ithutela bana ba bona. Batswadi ba bangata le bahlokomedi ba bana ba ile ba lokela ho thusa barutwana ka mosebetsi wa bona wa sekolo mane lapeng, ba bile ba ntse ba tsota le ho babatsa mosebetsi o thata o etswang ke matitjhere a rona ka letsatsi le letsatsi.Hang ha matsatsi ana a ho dula lapeng a fela mme barutwana ba kgutlela sekolong, re lokela ho tswela pele re le batswadi ho ba le seabo se seholo thutong ya bana ba rona, ekaba ka ho kenela di-SGB, ho ithaopa ho etsa mesebetsi diko long kapa ka mekgwa e meng efe kapa efe eo re ka thusang ka yona. Batswadi ba ka kenya letsoho ho ithaopa ho hlwekisa dikolo, ho etsa ditshingwana tsa meroho kapa ho ba le seabo dikomiting tsa dikolo tse ahisaneng le rona. Hona ho ka fetola dikolo ho ba “dikolo tsa nnete tsa setjhaba” tse nang le moelelo wa bohlokwa.Le hoja re ka ikutlwa re ngo ngorehile ebile re tshohile ha e le mona bara le baradi ba rona ba tloha tlhokomelong ya rona, re lokela ho ikgothatsa ka hore ho entswe mekutu yohle ho ba baballa. Jwaloka batswadi, le re tshepetse boikarabelo ba boiketlo le polokeho ya bana ba lona. Ke boikarabelo boo re sa bo halaleng kapa ho bo nyatsa. Ka matsatsi le dibeke tse tlang re tla lekola ka hloko mehato ya ho kgutlela sekolong.Ha re latela melao ebile re baballa ditlhokomediso – re le batswadi, matitjhere, setjhaba le barutwana – re tla fokotsa ka katleho kgonahalo ya kotsi ya kokwanahloko ya corona. Qetellong, ke diketso tsa rona tsa botho le mekutu ya rona bohle ka kopanelo tse tla boloka bana ba rona ba tshireletsehile. Sohle seo re tla se etsa, re lokela ho se etsa hammoho.
