Afrika Borwa e fetela  mokgahlelong wa 3

vukuzenzele unnamed

Mopresidente Cyril  Ramaphosa o  phatlaladitse hore Afrika Borwa e fetetse Mo kgahlelong wa 3 ho tloha ka la 1 Phuptjane 2020 – mme dikarolo tse ngata tsa moruo di tla bula esita le ho fedisa dithibelo tse ngata tsa me tsamao ya batho.
Ha a ne a bua le setjhaba haufinyana mabapi le tse etsahalang ka hara Afrika Borwa mabapi le mokgwa o hlophiseditsweng ho thibela kotsi tse ka hlahang e le ho thibela ho ata ha COVID-19, Mopresidente o re naha e tla ba le mokgwa ona o ikgethileng ho sebetsana le dibaka tse nang le sekgahla se phahameng sa tshwaetso le katiso ya yona.
Dibaka tse kotsing e kgolo ya COVID-19Dibaka tsena di phatlaladitswe e le dibaka tse kotsing e kgolo ya tshwaetso ya kokwanahloko ya corona. Di kenyeletsa metse-meholo ena e latelang: Motsemoholo wa  Tshwane  Motsemoholo wa Johannesburg  Ekurhuleni eThekwini  Nelson Mandela Bay  Buffalo City le Motse Kapa Dibaka tse ding tse hlwailweng e le dibaka tse kotsing e kgolo ke West Coast, Overberg le Cape Winelands ditereke tsa Mmasepala mane Kapa Bophirimela, setereke sa Chris Hani se Kapa Botjhabela, le se-tereke sa iLembe se KwaZulu-Natala. Sebaka se kotsing e kgolo se hlaloswa e le sebaka se nang le palo e fetang bohlano ya batho ba tshwaeditsweng hara batho ba 100 000 ba bang le ba bang kapa moo ditshwaetso tse ntjha di eketsehang ka potlako.Ho laola kokwanahloko dibakeng tsena, mmuso o tla sebedisa mekgwa e matla e hlwahlwa ho fokotsa palo ya ditshwaetso tse ntjha.Mopresidente o re: “Re sebedi-sa mekgwa e matlafaditsweng ya tekolo, taolo ya tshwaetso esita le bolaodi. Re tla sebedisa sehlopha sa basebetsi ba nako tsohle ba nang le boiphihlelo bo hlwahlwa sebakeng ka seng se nang le kotsi e phahameng ya tshwaetso.”Sehlopha sena se tla kenyeletsa ditsebi tsa ho ata ha malwetse, dingaka tsa malapa, baoki, basebeletsi ba tsa setjhaba ba tsa bophelo bo botle, ditsebi tsa bophelo bo botle ba setjhaba le ditshebeletso tsa bongaka tsa tshohanyetso, mme bona ba tshehetswe ke ditsebi tsa naha ya Cuba. Re tla hokela sebaka ka seng se kotsing le ditshebeletso tsa ho etsa diteko, disebediswa tsa pehellothoko ya ba tshwae-ditsweng, pehellothoko ya ba nahanelwang hore ba tshwae-ditswe, kalafo, dibethe tsa sepetlele esita le ho batlana le ba bang bao ba kopaneng le ba ho fihletsweng ba kula.O re: “Haeba ho hlokeha, karolo efe kapa efe ya naha e ka kgutlisetswa mokgahlelong wa 4 kapa wa 5 haeba ho ata ha tshwaetso ho sa laolehe ho sa natswe thuso ya rona mme ho na le kgonahalo ya kotsi ya tshubuhlellano ditsing tsa rona tsa bophelo bo botle.” Lenane la dibaka tse nang le kotsi e kgolo ya tshwaetso le tla boela le lekolwa ka diveke tse ding le tse ding tse pedi ho ya ka tswelopele ya kokwanahloko ena.Ho bulwa ha dikgweboHo sebediswa ha mokgahlelo wa 3 ho qadileng qalong ya  kgwedi ya Phuptjane, ho kenyeleditse ho kgutla ha tshebetso ya dikarolo tse ngata tsa kgwebo, empa sena se tla etsuwa ka ho ikobela melao e 

thata ya bophelo bo botle esita le melawana ya ho sielana sebaka pakeng tsa batho. Basebetsi ba bang ba bangata haholwanyane le bona ba kgutletse mesebetsing ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Bophelo bo botle Mese-betsing esita le Boipaballo esita le ditaelo tsa Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le Botsamaisi, ka ho sebetsa hammoho le mafapha ohle a mmuso.
Melao le meralo ya sebaka sa tshebetsoHa e le mona dikarolo tse ngata tsa moruo di bulwa, mmuso o tla itshetleha ka dikamano tse tiileng tsa setjhaba le bankakarolo ba baholo e le ho sebetsana le dintlha tsa sehlooho tsa kgo-nahalo ya kotsi dibakeng tsa tshebetso esita le kamano pa-keng tsa basebetsi le setjhaba.O re: “Ka lebaka leo, re tla qetela melao e mengata ya mekga mme re tla batla hore khamphani ka nngwe e iketsetse moralo wa sebaka sa tshebetso pele e bula.”Ho ya ka meralo ena, dikhamphani di tla tshwane-la ho hlwekisa, ho sebedisa dinyanyatsi tsa thibelo esita le ho hlokomela ho arohana ha batho esita le disebediswa, ba tla be ba hlwele basebetsi ha ba fihla mosebetsing ka letsatsi le letsatsi, ba behelle thoko ba nahanelwang hore ba tshwaeditswe mme ba etse ditlhophiso tsa hore ba etswe diteko. Mopresidente o re: “Ba bile ba loketse ho thusa ka ho fuputsa le ho fumana batho ba ileng ba kopana le basebetsi ba bona haeba basebetsi bana ba fumanwa ba na le tshwaetso. Ka lebaka la bofokodi ba bona, batho ba nang le dilemo tse fetang 60 esita le bao ba nang le mafu a tshiretseng jwaloka malwetse a pelo, lefu la tswekere, malwetse a sa foleng kapele a phefumoloho esita le kankere, ba lokela hore ba hle ba mpe ba itulele lapeng.”Basebetsi ba ka sebeletsang lapeng ba lokela ho dumellwa ho etsa jwalo.Ho ya ka dipehelo tsena, ditshebeletso tsohle tsa tlhahiso, merafo, kaho, ditshebeletso tsa ditjhelete, tsa seprofeshenale esita le tsa kgwebo, theknoloji ya dintlha tsa tsebo, dikgokahano, ditshebeletso tsa mmuso esita le ditshebeletso tsa bophatlalatsi di boetse di butswe ka la 1 Phuptjane 2020. Ho qala ka nepo esita le ho qala ka mekgahlelo ya ditlhophiso ho tla lokela ho sebetsa bakeng sa sebaka se seng le se seng sa tshebetso.
O re:  “Mabenkele a ma-holo a phepelo le a thekiso a tla bulwa ka botlalo, ho kenyeletswa le mabenkele, mabenkele a manyenyane a di-spaza esita le baithekisetsi. Kgwebo ka dikgokahano tsa mehala e tla tswela pele e ntse e butswe. Mekga e meng e butsweng esale pele, jwaloka temo le meru, disebediswa, ditshebeletso tsa bongaka,  tlhahiso ya dijo esita le tlhahiso ya dihlahiswa tsa tlhokomelo ya bohlweki, di tla dula di butswe ka botlalo.”Mesebetsi ya kgwebo e nang le kgonahalo e phahameng ya kotsi ha e a dumellwaMesebetsi ya kgwebo e nang le kgonahalo e phahameng ya kotsi ha e a dumellwa. Mesebetsi ena e kenyeletsa:
• Mabenkele a dijo, dibara le ditamene, ntle le ha ho tlisitswe kapa ho ilo latwa dijo.• Bodulo le maeto a difofane tsa lehae, ka ntle le ho tsamaya ka mabaka a mo-sebetsi, e leng tse tla kena ka matsatsi a tla bolelwa.• Diboka, diketsahalo, mesebetsi ya boithabiso le dipapadi. • Ditshebeletso tsa boitlhokomelo, ho kenyeletswa ho loha moriri le ditshe-beletso tsa bointlafatso.
Metsamao ya batho le thekiso ya tahiBatho ba tla dumellwa ho etsa dihlakiso tsa mmele ka nako efe kapa efe nakong yohle ya letsatsi, haese ha di sa etswe ka dihlopha. Nako e itseng e baletsweng motsa-mao wa batho e tla fediswa.Mopresidente o re: “Tahi e ka rekiswa bakeng sa ho nwella feela lapeng ka tlasa maemo a ditaelo tse thata, ka matsatsi a itseng le ka dihora tse itseng. Ditsebiso tsa sena di tla etswa hang ha re se re qetile ka dipuisano le mokga mabapi le maemo ana a fapaneng.”Thekiso ya dihlahiswa tsa kwae e tla dula e thibetswe mokgahlelong ona wa 3, ka lebaka la kotsi ya ho tsuba mmeleng.O re: “Dikopano tsohle di tla dula di thibetswe, ntle le mapatong moo batho ba tlamehileng hore ba se ke ba feta palo ya 50 kapa diko-pano tsa mesebetsi mererong ya mosebetsi.”Lebella ho phahama ha ditshwaetsoMopresidente Ramaphosa o re, bakeng sa boitokisetso bakeng sa ho eketseha ho lebeletsweng ha ditshwaetso tsa COVID-19 ka hara naha, ekaba tsa dibethe tse 20 000 tsa dipetlele tse seng kapa tse ntseng di lokisetswa diketsahalo tsa tshwaetso ya COVID-19, le dipetlele tse hojana le moo batho ba du-lang teng tse 27 di se dintse di ahwa ho potoloha naha. “Palo e kgolo ya dipetlele tsena e se e loketse bakudi ba kokwanahloko ya corona.”Mopresidente o re mmuso o babatsa mosebetsi o ntseng o tswela pele ho etswa ke basebeletsi ba setjhaba, haholoholo bao ba leng mo-leng o ka pele twantshong ya COVID-19.“Polokeho ya basebetsi bohle, ho kenyeletswa le basebeletsi ba setjhaba, ke taba e re tshwenyang haholo. Re tla tswela pele ho etsa mekutu yohle bakeng sa ho fana ka thepa ya boitshire-letso ba motho e le ho etsa bonnete ba polokeho ya motho e mong le e mong ha a le mosebetsing.”O re: “Taba ya pele ya bohlokwa ho rona ke ho fokotsa menyetla bakeng sa ho fetisa kokwanahloko le ho theha tikoloho e bolokehileng bakeng sa motho e mong le e mong.”  

Dikeletso tseo o lokelang ho di latela e le ho qoba ho tshwaetswa ke bolwetse ba kokwanahloko ya corona »Dula lapeng haholo kamoo o ka kgonang ka teng. »Hopola ho arohana, ho ema thokwana le batho ba bang. »Ithwalle maske ya hao. »Hlatswa matsoho a hao ka sesepa ka botlalo. Hlatswa bokahodimo ba matsoho a hao, pakeng tsa menwana le ka tlasa manala. Kamehla hlatswa matsoho a hao ka sesepa pele o ja le kamora ho ba bathong. »Kwahela molomo wa hao ka thishu ha o kgohlela leha ho thimola. Qoba ho tshwara sefahleho sa hao ka matsoho a ditshila ka nako tsohle.  »Batla thuso ya bongaka ha o ikutlwa o sa phela hantle. Matshwao a tlwaelehileng a COVID-19  mmeleng a kenyeletsa ho kgohlela, nko e dutlang mamina, feberu le ho sokola ho phefumoloha. Haeba o na le a mang a matshwao ana, batla thuso ya bongaka ka potlako.
Bakeng sa dintlha tse ding tse ngatanyana letsetsa mohala o sebetsang bosiu le motshehare wa National Institute of Communicable Disease ho 0800 029 999 kapa o hokele ho www.health.gov.za le ho www.nicd.ac.za