Thibelo ya sakerete e tla baballa maphelo


Ditsubi tse tshwerweng ke kokwa-nahloko ya corona (COVID-19) di kotsing ya ho ba le matshwao a mabe haholo.
COVID-19 ke kokwanahloko ya phefomoloho. Ka-hoo, ditsubi di ka ba le matshwao a menahaneng habedi a mabe haholo ho feta a batho ba so kang ba tsuba hohang, ho rialo Ngaka Catherine Egbe, rasaense ya ikgethang ho Yuniti ya Tahi, Kwae le Dithethefatsi tse Ding Lekgotleng la Diphuputso tsa Bongaka la Afrika Borwa.Ngaka Egbe o re ho tsuba ke sesosa se bakang boholo ba mahloko a amahanngwang le matshwao a mabe haholo a COVID-19. Ana a kenyeletsa:
• mefetshe • lefu la pelo le setorouku • asthma• lefu la tswekere.“Le haeba ho tsuba ho sa bake hore setsubi se bolawe ke COVID-19 ka ho otloloha, ho ka baka sena ka tsela e nngwe hobane ho na le kgo-nahalo e eketsehileng ya hore ditsubi di be le mahloko a mang a ka etsang hore motho a bolawe ke kokwanahloko ena,” o rialo.Hodima sena, ho tsuba sakerete ho lematsa setho se seng le se seng sa mmele mme ka kakaretso se fokotsa bokgoni ba mmele ba ho lwantsha mahloko. Ngaka Egbe o re ho tsuba kwae ho hlahisa dikhe-mikhale tse fetang 7 000; 250 ya dikhemikhale tsena di tiiseditswe hore di kotsi mmeleng wa motho. Hara dikhemikhale tsena tse 250, tse 69 di tsejwa ka ho baka mofetshe. Sena se fokotsa boitekanelo ba ditsubi hammoho le ba ka hahlamelwang ke mosi.O re ba nang le lefuba (TB) le asthma le bona ke bakudi ba kotsing e kgolo ha ho tluwa tabeng ya COVID-19. “Ho fihlela mona, ho na le bopaki bo bontshang hore ba nang le asthma ba kotsing ya ho ba le matshwao a mabe haholo kapa ba ka shwa haeba ba ka tshwarwa ke COVID-19. Ha ho diphuputso tse phatlaladitsweng tse bontshang ho ba kotsing ha bakudi ba TB empa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle o lemositse ka hore ha ho kgonahalo ya hore batho ba nang le TB ba tla ba le sephetho se tlase haeba ba ka tshwarwa ke COVID-19.”O re ho thibelwa ha thekiso ya sakerete tlasa maemo a hajwale a ho kginwa ha ditshebeletso ho molemong wa batho.Thekiso ya sakereteMoporesidente Cyril Ramaphosa qalong o ne a tsebisitse hore tlasa Mohato wa Bone, thekiso ya sakerete e tla dumellwa empa mmuso o ile wa hula qeto eo kamora hoba Lekgotla la Naha la Taolo ya Kokwanahloko ya Corona le rerisane le ditsebi tsa bongaka le bankakarolo ba fapafapaneng.Ngaka Egbe o re ntle le ditlamorao tse otlolohileng tsa bophelo bo botle tsa ho tsuba, sakerete hangata se ya arolelanwa hara metswalle e leng se ka lebisang tabeng ya ho tshwaetsana ho potlakileng ha COVID-19 hara badudi.“Hopola, batho ba jwetswa hore ba pheme ho thetsa melomo, dinko le mahlo a bona. Ha motho a tsuba, a keke a kgona ho latela ditlwaelo tseo tsa bohlweki,” ho rialo Ngaka Egbe.Ka hara naha eo ho nang le batho ba bangata ba nang le HIV/AIDS, TB, ba sebedisang hampe dithethefatsi le tahi, hara tse ding, Ngaka Egbe o dumela hore mmuso o nkile bohato bo nepahetseng.O re mmuso o sebedisa  tlhahisoleseding eo o nang le yona bakeng sa ho nka me-hato ya tlhokomelo mabapi le ho tswella ho sireletsa Afrika Borwa kgahlanong le se etsahetseng dinaheng tse kang Italy.“Ha se thibelo ya moshwelella; batho ba lokela ho hopola taba eo,” o rialo. Hajwale, Afrika Borwa e na le difehlamoya tsa palo e tlase mme ha ho ka etsahala hore palo ya ba hlokang difehlamoya e phahame nakong ya sewa sena, naha e ka iphumana e le kgotjhe-letsaneng mme e sa kgone ho thusa ba hlokang thuso.“Re na le difehlamoya tse ka bang hanyane ka hodima 3 000. Nahana feela haeba batho ba ka hodimo ho di-lemo tse 65 ba ditsubi, ba ka hloka difehlamoya. Re ka hloka difehlamoya tse fetang 10 000 bakeng sa sehlotshwana seo feela. Ke se seng sa dintho tsena tseo mmuso o lekang ho di phema. Re tshepa hore batho ba tla bona sena e le lebaka le letle la ho tlohela ho tsuba,” o rialo.
Na o ne o tseba?  O ka letsetsa Lekgotla la Naha le Kgahlanong le ho Tsuba ho 011 720 3145 ho o thusa ho tlohela ho tsuba. Mokgatlo wa Kankere wa Afrika Borwa o na le lena-neo la inthanete, le fanang ka tshehetso le tlhahisoleseding ho ditsubi tse batlang ho tlohela ho tsuba ho: http://www.ekickbutt.org.za.


