Demokerasi ya rona e tla re thusa ho hlola  COVID -19

vukuzenzele unnamed

Hangata re nka de-mokerasi ya rona e hlwahlwa le e matla hanyane. Feela e batla e le se-sebediswa sa rona se seholo ka ho fetisisa mabapi le ntwa ya rona ya ho hlola sewa sa kokwanahloko ya corona.
Re na le baahi ba tsebang haholo ka dipolotiki lefatsheng. Diphuputso tse entsweng ke Setsi sa Diphuputso sa Pew ka 2018 se bontsha hore Maafrika Borwa a kgona ho nka kgato ya sepolotiki ka matla mabapi le dintlha tse ba ngongorehisang haholo, tse kang tlhokomelo ya kalafo, thuto, bolokolohi ba puo le bobodu.Diphuputso di thathiselletsa haholo ka seo re seng re se tseba ka rona. Re thabela ho buisana ka matla le mmuso wa rona le ka bo rona mabapi le ditaba tse tjhesang tsa letsatsi. Re na le setjhaba se itahlelang ka setotswana ditabeng tsa letsatsi ka leng, se dulang se ikemise-ditse ho sireletsa ditokoloho le ditokelo tsa rona tsa mantlha.E nngwe ya ditlholo tsa rona tsa demokerasi ke hore Moa-frika Borwa e mong le e mong o dumela hore Molaotheo o a mo sireletsa le hore makgotla a dinyewe a hloka leeme le ho ba moahlodi ya sa nkeng lehla-kore mabapi le dikgahlehelo tsa bona.Ke ile ka nahana ka ditaba tsena moraorao tjena ha ke ne ke etetse Kapa Botjhabela ho ya lekola boemo ba boitokisetso ba provense eo mabapi le kokwa-nahloko ya corona.Moqolotsi wa ditaba o ile a mpotsa haeba ke tshwenye-hile ka qoso e motjheng ya ho phephetsa dipehelo tse ding tsa Molao wa Taolo ya Dikoduwa. Molao ona ke motheo wa melawana yohle e phatlaladitsweng tlasa maemo a koduwa ya naha ao re a tsebahaditseng ho lwantsha kokwanahloko ya corona.Esale koduwa ena e qala, ba-tho ba bangata ba sebedisitse tokelo ya bona ya ho leba makgotleng a dinyewe. Melawana ya ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho e ile ya phephetswa be-keng ya pele feela ya ho kginwa ha ditshebeletso ke moahi wa Mpumalanga ya neng a batla ho kotelwa thibelong ya ho ya lepatong.Dibekeng tse supileng tse latelang, ho bile le diphephetso tsa semolao ho tswa bathong ba bangata, mekgatlong ya bodumedi, mekgeng ya dipolotiki, Mekgatlong eo e Seng ya Mmuso (di-NGO) le mekgatlong ya dikgwebo kgahlanong le tsela e le nngwe kapa ho feta ya dipehelo tsa ho kginwa ha ditshebeletso tse neng di sa ba thabisi. Ba bang ba atlehile diphephetsong tsa bona tsa semolao mme ba bang ha ba a atleha. Ba bang ba ile ba leba kgotla ka le reng mabaka a bona a potlakile mme diphephetso tsa mabaka a bona a potlakileng di ile tsa qhalwa mme ba bang ba ile ba fumana metjha e meng bakeng sa thuso eo ba neng ba e batla. Ba bang ba qetelletse ba hutse dikopo tsa bona ho latela dipuisano tsa bona le mmuso.Leha re ne re rata ho phema tlhokeho ya diqoso kgahlanong le mmuso, re lokela ho amohela hore baahi ba sa kgotsofalang ke mohato ofe kapa ofe oo mmuso o entseng qeto ya ho o kenya tshebetsong ba na le tokelo ya ho leba makgotleng bakeng sa thuso leha e le efe eo ba e batlang. Sena ke tokelo e tlwaelehileng ya demokerasi ya molaotheo mme ke tlwaelo e amohelehang ka ho phethahala naheng e thehilweng hodima tshebetso ya molao.Re na la ditsela tsa tekolo le tlhahlobo ya ho netefatsa hore ntlha leha e le efe ya puso e kgona ho emela ho shebisiswa ha molaotheo. Moo re nang le dikgaello, re tla lebellwa ho ikarabella makgotleng a rona a dinyewe mme, hodima tsohle, ke baahi ba rona. Ntle le makgotla a rona a dinyewe, Ditheo tse Tshehetsang Puso tsa rona di teng bakeng sa ho matlafatsa ditokelo tsa baahi, jwalo feela ka ha ho etswa ke makala a fuweng mosebetsi wa ho beha leihlo makala a qobello ya molao.Jwaloka ha ke ile ka jwetsa moqolotsi eo wa ditaba, Moa-frika Borwa e mong le e mong o na le tokelo ya ho leba makgotleng a dinyewe mme le nna, jwaloka Moporesidente, nkeke ka ema tseleng ya mang kapa mang ya sebedisang tokelo eo.Ho bile le, mme ho tla dula ho na le, ditlhaselo le ho se utlwane ho matla ka dintlha tse ngata tsa karabelo ya rona ya naha ho kokwanahloko ya corona, ho tloha ho dimotlolo le bolepi tsa tlhahisoleseding, ho ya ho ditlamorao tsa moruo tsa ho kginwa ha ditshebeletso le ho ya melawaneng. Re le mmuso ha re so ka re thibela hore ho be le ditlhaselo mme di sitiswe kapa di kgutsiswe.Ka nqae nngwe, tlhaselo, ha e le e ahang, e re thusa ho amohela le ho nka mehato ka potlako karabelong ya maemo a fetohang. E matlafatsa dingangisano tsa phatlalatsa le ho re neha kutlwisiso e batsi ya maemo a ditaba.Esale re ikema ka hore re tshe-petse hodima tlhahisoleseding ya saense, moruo le e tshware-hang ha re tla tabeng ya ho etsa diqeto le ho bopa melawana e mabapi le karabelo ho kokwa-nahloko ya corona. Re leka ka matla kahohle kamoo re ka kgonang tlasa diqholotso tsena tse boima, ho kena ditherisa-nong le dipuisanong. Re batla hore Maafrika Borwa kaofela e be karolo ya boiteko bona ba naha. Maikutlo a moahi e mong le e mong a lokela ho mamelwa nakong e hlokolosi jwaloka ena ho sa natswe maemo a hae.Sewa sa kokwanahloko ya corona le mehato eo re e nkileng ya ho e lwantsha se thefutse ba-tho ba bo rona haholo. Se bakile tshitiso le mathata a maholo. Leha re ka supa kgatelopele eo re e entseng mabapi le ho diehisa ho nama ha kokwa-nahloko ena, tsela ya rona e sa le telele. Dibeke le dikgwedi tse tlang e tla ba tse boima mme ho tla batleha hore batho ba bo rona ba sebetse haholo ho feta.Kahoo sewa sena se tla dula se behile kgatello hodima setjhaba le ditheo tsa bo rona.Leha re ntse re bula moruo butle-butle, kgahlamelo ya sona hodima maemo a ditlhoko tsa batho e tla ba e bohloko. Ha feela maemo a ntse a le tjena, kgonahalo ya diqhwebeshano, ho se utlwane le ho se kgotso-fale e tla ba dintho tsa kamehla.Ha re ntse re lwantshana le maqhubu ana a matla, Mo-laotheo wa rona ke ona mo-tataisi wa rona wa bohlokwa le tshireletso e babatsehang. Demokerasi ya rona e matla e fana ka matla le boitseko boo re bo hlokang bakeng sa ho hlola koduwa ena.Jwalo feela kaha mmuso o ananela hore bongata ba ba hlahlelang dinyewe kgotla ba etsa seo molemong wa bohle, le rona re lokela ho ananela hore diqeto tse nkuweng ke mmuso di entswe ka maikemisetso a matle mme di reretswe ho ntshetsapele, mme e seng ho thunthetsa, dikgahlehelo tsa Maafrika Borwa.Taba ya rona e ka sehlohlo-long ke ho baballa maphelo. Qeto ka nngwe ya rona e bakwa ke tlhokeho ya ho ntshetsapele ditokelo tsa bophelo le seriti jwaloka ha di tekilwe ka hara Molaotheo wa rona.Re tla tswella ho amohela mehopolo – leha e fapana – e mabapi le karabelo ya rona ya naha ho kokwanahloko ya corona. Mehopolo kaofela e re thusa ho sebetsa betere le ka bokgabane.Ho sebedisa ditokelo tsa mantlha tsa ho itseka, tsa boi-kamahanyo le puo ke sekala sa boitekanelo ba demokerasi ya rona. Feela ho feta moo, dito-kelo tsena di bohlokwa bakeng sa katleho ya ntwa ya rona ya naha le e kopanetsweng ya ho hlola kokwanahloko ya corona.