Tataiso e butlebutle ya ho sebedisa maske ya sefahleho 

vukuzenzele unnamed

Lefapha la Bophelo bo Botle la Naha le kgotha-letsa batho kaofela Afrika Borwa ho rwala maske wa lesela (o boelang o tsebahala e le maskeeseng wa bongaka) ha ba le hara batho.
  Bapalami ba sebedisang ditekesi le mefuta e meng ya dipalangwang tsa se-tjhaba, ha mmoho le batho bao e leng hore ba qeta boholo ba nako dibakeng tseo e leng hore ha ho bobebe ho ikgetholla, ba tlameha ho rwala dimaske tsa masela.
Molemo o ka sehlohong wa ho rwala maske ke ho fokotsa palo ya kokwana-hloko ya corona  (COV-ID-19) e ntseng e kgohle-lwa ke ba nang le tshwae-tso mme sena se fokotsa ho ata ha yona ka marothodi.
Ka ha batho ba bang ba nang le kokwanahloko ya corona  ha ba bontshe ma-tshwao a tshwaetso kapa eka nna ya ba ha ba tsebe hore ba na le tshwaetso, batho kaofela ba tlameha ho rwala maske.
Bohlokwa ba maske tsa lesela mabapi le ho phefumoloho moya o hlwekilengHo kgothaletswa tshebedi-so ya dimaske tsa masela jwalo ka karolo ya ho hlwekisa phefumoloho kapa boitshwaro bo kenye-letsang ho kgohlela le ho ithimulela ka hara setsu kapa thishung. Maske e tlameha ho kwahela nko le molomo ka botlalo. Maske ha wa tlameha ho hulelwa tlase ha o bua, o kgohlela kapa o ithimula.
Ho bohlokwahlokwa hore dimaske tsa masela di sebediswe hantle. Tshebe-diso e fosahetseng e ka baka hore basebedisi ba ipehe kotsing ya ho fetisa COVID-19 .
Le ha o rwetse maske o tlameha ho: • hlatswa matsoho a hao• ho ikgetholla ho ba ba thong ba bang• hopola ho thimulela
kapa ho kgohlella ka
setsung tsa hao• qoba ho itshwara
mahlo, nko kapa molo mo ka matsoho a sa hlwekang.
Setjhaba ha se a tlameha ho sebedisa dimaske tsa ho phefumoloha tse sebe  diswang ke dingaka kapa tse tsebahalang ka hore ke tsa N-95 hobane di boloke-tswe basebeletsi ba bophelo bo botle le baarabedi ba bo-ngaka ba ditshebeletso tsa tshohanyetso.  vMotsheanong 2020 Kgatiso 2Mokgwa wa ho sebedisa maske wa hao wa lesela  1.  Sebedisa feela maske o hlatsitsweng le ho terekwa. 2. Hlatswa matsoho a hao pele o rwala maske. 3. Rwala maske ka ho nepahala o shebise lehlakore le ka hare ka sefahlehong, mme o netefatse hore o kwahela nko le molomo wa hao ka botlalo.4. Tlama marapo ka mora hlooho, kapa haeba o sebedisa dire-kere, netefatsa hore di fela di tiile hantle.5. Netefatsa hore o ya o lekana. O tjekise ho netefatsa hore o fela o lekana hantle. Ho hang o seke wa tshwara karolo ya lesela.  6. Ha o se o rwetse maske, SE KA ITSHWARA SEFAHLEHO hape ho fihlela o rola.  7. Ha o rola, fasolla mafito, mme ka kelahloko, mena maske ho tloha ka hare ho ya kantle, o tshware ka marapo/rekere mme o tshele maske ka hara setshwelwa se behetsweng ho hlatswa maske wa lesela feela.8. Hlatswa matsoho a hao mme o a omise pele o etsa eng kapa eng. 9. Bonyane motho a le mong o tlameha ho ba le dimaske tsa masela tse pedi hore a tle a kgone ho ba le o hlwekileng o loketseng ho sebediswa ha o mong o hlatswitswe.  10. Dimaske di tlameha ho hlatswa ka sesepa le metsi a tjhesang, di tsokotswe hantle le ho terekwa.
Bohlokwa ba ho ikgetholla ho ba bathong ba bang  Ntweng e kgahlano le tshwaetso ya kokwanahloko ya COVID-19 , ho  ikgetholla ho ba bathong ba bang ho bohlokwa ho thusa ho fokotsa ho ata ha lefu lena naheng ka kakaretso.
Ho ikgetholla ho ba bathong ba bang ho bolela ho boloka bohole bo ka bang dimitara tse pedi dipakeng tsa hao le batho ba bang hore o tle o fokotse tshwaetso ya COVID-19 . Tlwaelo ena e bohlokwa haholo ha re ntse re le hara sewa sa kokwanahloko ya corona  moo kokwanahloko ena e atang ka mokgwa wa ho tloha ho motho e mong ho ya ho e mong ka marothodi a motho ya nang le tshwaetso ha a thimola, a kgohlela kapa a bua.Ho phethahatsa ho ikgetholla ho ba bathong ba bang le kgino ya motsamao Afrika Borwa ho bohlokwa haholo ho batalatsa sehlohlolo, ho tla bonahalang ka ho theoha ha dipalo tsa batho ba nang le tshwaetso.
Lesedi lena le fepetswe ke Lefapha la Bophelo bo Botle.