Ha re ipopeng ngatana ntweng ya rona kgahlanong le COVID-19

vukuzenzele unnamed

Lefatshe lohle le  kakatletswe ke sewa se hanang ho fela sa kokwanahloko ya corona , e atileng ka potlako. Ho ntse ho batlanwa le ente ya pheko. Ho phatlalla le le-fatshe, ke batho ba fetang 3.4 milione ba tsejwang ba tshwaeditswe mme ba fetang 240 000 ba hlokahetse. Ruri tsena ke dinako tsa tsitsipano. Ha ho ne ho tsebahatswa maemo a naha a koduwa dibekeng tse tsheletseng tse fetileng, Afrika Borwa e ne e na le ditlaleho tse tiiseditsweng tse 61 tsa tshwaetso ya kokwa-nahloko ya corona . Ho sa na-tswe palo e batlang e le tlase, mmono wa ditsebi le boiphi-hlelo ba matjhabeng di bo-ntshitse hore ditshwaetso di tla eketseha ka matla. Ke boletse hore mehato e potlakileng le e matla e tla nkuwa.Mehato eo – e neng e kenye-letsa ho kginwa ha ditshebe-letso le metsamao ya batho hammoho le ho kwalwa ha madiboho a rona – e bonahetse e beha ditholwana mabapi le ho fokotsa ho ata ha lefu lena. Sena se kgonahetse hobane boholo ba maAfrika Borwa bo ikobetse dipehelo tsa ho kginwa ha ditshebeletso le motsamao wa batho, ho sielana sebaka le ho kenya dimaske tsa sefahle-ho. Ke a le thoholetsa ka sena le ka maitelo ao le a entseng.Nakong ena ka hara kgate-lopele ya sewa sena, dinaha tse ngata di na le ditshwaetso tse fetang tsa rona. Ho fihlela hajwale – e leng matsatsi a 46 esale re rekota tlaleho ya rona ya bo-100 ya kokwanahloko ya corona  – re na le ditlaleho tse 6 783 tse tiiseditsweng. Italy, e nang le palo e lekanang le ya setjhaba sa bo rona, e bi le le ditlaleho tse 140 000 mme Amerika e bile le ditlaleho tse ka bang 700 000 tse tiisedi-tsweng letsatsing la bo-46.Feela sena ha se bolele hore kotsi e fetile. Nnete ke hore ha re so fihlelle sehlohlolo sa di-tshwaetso Afrika Borwa.
Dimotlolo tsohle tsa saense di bontsha hore sekgahla sa tshwaetso se tla tswella ho phahama ka lebelo le ka matla dikgweding tse mmalwa tse tlang.Leha ho le jwalo, lebelo leo kokwanahloko e atang ka lona le palo ya batho ba tla tshwae-tswa e itshetlehile hodima seo re se etsang hajwale. Ke kahoo ho theolwa ha ho kginwa ha ditshebeletso ho lokela hoetswa butle-butle le ka hloko.
Ke ka lebaka lena melawana e mengata e lokelang ho dula e ntse e sebetsa le hore hobaneng ho le bohlokwa hore batho ba ikobele yona. Ke a tseba hore ho boima hakae le ho utlwisisa matshwenyeho a boholo ba batho ba bo rona ba nang le ona a kamoo melawana ena e sitisang le ho ngotla ditokelo tsa bona. Feela sena kaofela se a hlokahala. Morero o moholo ke paballo ya bophelo.Ho sielana sebaka le bohlweki bo nepahetseng e sa le tsona tsa bohlokwahadi le boitshireletso ntweng ena. Sena ke lebaka le entseng hore re theohele ho mohato wa bone wa karabe-lo ya rona. Mabaka a rona a itshetlehile hodima bopaki bo tshwarehang, ba saense le lesedi la tsa moruo le ditlwaelo tse hlwahlwa ka ho fetisisa tsa matjhaba. Ka selemo sa 1995 kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo e ile ya e ba ho fedisa kahlolo ya lefu, Moahlodi Arthur Chaskalson o ile a ngola hore: “Tokelo ya ho phela le seriti ke tsa bohlo-kwahadi tsa ditokelo tsa botho le mohlodi wa ditokelo tse ding tsa motho. Ka boitlamo ba rona bakeng sa setjhaba se thehilweng hodima kananelo ya ditokelo tsa botho, re loketse ho nkela ditokelo tsena tse pedi hloohong ho feta tse ding.”Melawana eo re e behileng e thehilwe hodima boitlamo boo ba bophelo le seriti, mme e le se tiisetsang – maemong ana a sa tlwaelehang ka ho fetisisa – a ho thibelwa nakwana ha ditokelo tse ding, tse kang bolokolohi ba motsamao le ba boipapiso.Ka ho etsa sena, Afrika Borwa ha e ya fapana le boholo ba di-naha tse ding.Ho akanngwa hore nngwe bohlanong ya setjhaba sa lefa-tshe e ka tlasa ho kwallwa kapa ho kginwa ho phatlaletseng ha ditshebeletso, moo palo ena e holang ka potlako mabapi le karabelo ho ditshwaetso tse ntseng di phahama. Sena se kenyeletsa dinaha tse nang le setjhaba se sengata haholo ho feta sa bo rona, se kang sa India ka batho ba 1.5 bilione.Dinaha tse ngata tsa lefatshe di behile dithibelo tsa motsa-mao tse tshwanang le tse teng hajwale mona. Dithibelo tsa motsamao di teng dinaheng tse ngata. Engelane le motsemoho-lo wa Fora, Paris, ho ikwetlisa ha batho ho kginnwe bakeng sa dihora tse itseng le bakeng sa bohole bo itseng ho tloha lapeng la motho.Mehato ya ho kginwa le thibelo e tshwanang le ya rona e teng dinaheng tse ngata. Mohlala, thekiso ya tahi nakong ya ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho e thibetswe dibakeng tse ngata le ke mebuso ya lehae, ho kenyeletswa dikarolo tsa Mexico, Hong Kong le Green-land, tseo kgweding e fetileng di kentseng thibelo ya thekiso ya tahi nakong ya ho kginwa ha ditshebeletso ho fokotsa ditshwaetso empa hape le ‘ho thibela dikgoka kgahlanong le basadi le bana.’Ho bile le dipuo-puo ho tswa setjhabeng mabapi le qeto ya mmuso ya ho atolosa thibelo ya dihlahiswa tsa kwae ho ya ho mohato wa bone. Qeto e tshwanang le ena e tshwane-tse ho baka dikgang, empa ho fosahetse ho sisinya hore ho na le Matona a etsang le ho bua seo a se ratang tabeng ena kapa Moporesidente ya etsang jwalo.Ka la 23 Mmesa 2020, ke ile ka tsebisa hore thekiso ya sa-kerete e tla dumellwa nakong ya mohato wa bone. Sena se ne se itshetlehile hodima mo-hopolo wa Lekgotla la Naha la Taolo ya Kokwanahloko ya Corona  (NCCC), le o neng o le teng ka hara moralo o neng o phatlaladitsweng bakeng sa ditherisano.Kamora tshekatsheko e te-bileng le dipuisano, NCCC e ile ya sheba botjha qeto ya yona e mabapi le kwae. Ka lebaka leo, melao e ileng ya amohelwa ke Kabinete le Letona Nkosazana Dlamini-Zuma ka la 29 Mmesa e ile ya atolosa thibelo ena.Ena e bile qeto e kopane-tsweng mme dipehelo tsa setjhaba tsa ka bobedi nna le Letona di entswe lebitsong la, le ka thomo ya boetapele bo kopanetsweng.Molawana ka mong oo re o behileng o shebilwe ka hloko. Ka ho le leng ho bile le di-therisano le ditsebi tsa bongaka, bankakarolo ba fapafapaneng le diindaseteri tse fapaneng. Re tataisitswe ke mekgatlo ya ma-tjhaba le boiphihlelo ba dinaha tse ding.Nnete ke hore re iphumana re le ka hara ntho eo re qalang ho e bona. Ho sa na le ho hongata ho sa tsejweng ka nalane ya kokwanahloko ena. Ho betere ho etsa phoso o itlhokemetse ho e na le ho lemala ka lebaka la ho iphapanya kotsi kamoso. Leha ho e na le mehopolo e fapanang mabapi le diqeto tse ding tseo re di nkileng – mme mabakeng a mang mehopolo e ba e hananang – mmuso o etsa boiteko bohle ho sebetsa ka tsela e ntlafatsang tokelo ya ho phela le seriti sa batho ba bo rona kaofela.Ho mamela le ho utlwa dingongoreho tsa batho ba bo rona nakong ena e bile le leng la matshwao a ikgethang a kamoo rona jwaloka mmuso re kgo-nneng ho laola sewa sena. Re tswella ho mamela dingongore-ho tsa batho ba bo rona mme re ikemiseditse ho etsa ditokiso tse tsitsisang dingongoreho tsa bona tse mabapi le diphephetso tseo ba di tobileng mabapi le tlhokeho ya ho baballa ma-phelo.Nakong ena e boima, re lokela ho kopanela ho tsepamisa mai-kutlo tabeng ya ho netefatsa hore boitekanelo le bophelo di a baballwa, hore phano ya dijo, metsi, tlhokomelo ya ka-lafo, tshireletso ya setjhaba le tshehetso ya sona ha di sitisehe. Tlasa maemo ana a sa tlwaele-hang, re le mmuso, re le batho ka bo mong le setjhaba ka nako e nngwe re tla etsa diphoso. Ha tsena di etsahala, re tla di loki-sa. Feela re lokela ho hahamalla pele, re sa lahlehelwe ke tja-ntjello kapa maikemisetso a rona.Maemo ao re iphumanang ka hara ona a batla sebete le mamello. A batla botho le tshepo pakeng tsa hao, moahi, le mmuso wa hao, le hara rona re le batho.